1
MORUTI 3:1
BIBELE
Dintho tsohle di beetswe dinako tsa tsona, nako tsa ho etsa tsohle mona lefatsheng
Compare
Explore MORUTI 3:1
2
MORUTI 3:2-3
Ke nako ya ho tswalwa le nako ya ho shwa, nako ya ho hloma le nako ya ho hlomola; nako ya ho bolaya le nako ya ho fodisa, nako ya ho heletsa le nako ya ho haha
Explore MORUTI 3:2-3
3
MORUTI 3:4-5
nako ya ho lla le nako ya ho tsheha, nako ya maswabi le nako ya mohobelo; nako ya ho lahla majwe le nako ya ho a phutha, nako ya ho akana le nako ya ho se akane
Explore MORUTI 3:4-5
4
MORUTI 3:7-8
nako ya ho tabola le nako ya ho roka, nako ya ho kgutsa le nako ya ho bua; nako ya ho rata le nako ya ho hloya, nako ya ntwa le nako ya kgotso.
Explore MORUTI 3:7-8
5
MORUTI 3:6
nako ya ho batla le nako ya ho tela, nako ya ho boloka le nako ya ho lahla
Explore MORUTI 3:6
6
MORUTI 3:14
Ke tseba le hore tsohle tseo Modimo a di etsang di tla hlola kamehla yohle. Ha ho letho leo motho a ka le eketsang kapa a le fokotsa ho tsona. Modimo o etsa tsena hore batho ba tle ba mo tshabe.
Explore MORUTI 3:14
7
MORUTI 3:17
Yaba ke bua ka pelo, ke re: “Modimo o tla ahlola ya lokileng le ya kgopo; ntho ka nngwe e na le nako ya yona, ketso ka nngwe e na le nako ya yona.”
Explore MORUTI 3:17
YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy
Home
Bible
Plans
Videos