YouVersion Logo
Search Icon

DIPOLELO 5

5
Selekane sa Horebe
1Moshe a bitsa Baiseraele bohle, mme a re ho bona: “Lona Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le bolellang tsona kajeno, e le hore le tle le ithute tsona, le hore le tle le hlokomele ho di phetha.
2“Morena Modimo wa rona, o ile a etsa selekane le rona ha re le thabeng ya Horebe. 3Morena ha a a ka a etsa selekane sena le bo-ntata rona empa o se entse le rona; rona bohle ba ntseng ba phela kajeno. 4Morena o ile a bua le rona difahleho di tadimane, a le hodima thaba, a bua a le kahara mollo. 5Ka yona nako eo, ke ile ka ema pakeng tsa lona le Morena, ho le bolella dipolelo tsa Morena. Ka lebaka la mollo lona le ne le tshaba, mme ha le a ka la hlwella thabeng.”
Melao e leshome
(Phal. 20:1-17)
“Yaba Morena o re:
6“ ‘Ke nna Morena Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng.
7“ ‘O se ke wa ba le medimo e meng kantle ho nna.
8“ ‘O se ke wa iketsetsa setshwantsho se betlilweng, leha e le setshwantsho sefe kapa sefe sa ntho e hodimo, lehodimong, kapa e tlase, lefatsheng kapa e metsing, katlase ho lefatshe. 9O se ke wa di kgumamela, mme o se ke wa di sebeletsa, hobane nna, Morena Modimo wa hao, ke Modimo ya boulelang, ya otlang bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba nltlhoileng. 10Empa ba nthatang, ba bolokang melao ya ka, ke ba hauhela ho isa melokong e sekete.
11“ ‘O se ke wa tlaela ka lebitso la Morena Modimo wa hao, hobane Morena a ke ke a tlohela ho otla ya tlaelang ka lebitso lahae.
12“ ‘Hlokomela letsatsi la Sabatha, o le halaletse, jwalokaha Morena Modimo wa hao, a o laetse. 13O ka sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, mme wa etsa mesebetsi ya hao kaofela, 14empa letsatsi la bosupa ke la phomolo ya Morena Modimo wa hao. Ka letsatsi lena o se ke wa etsa mosebetsi ofe kapa ofe, wena, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mohlanka wa hao, kapa lekgabunyane la hao, kapa pholo ya hao, kapa tonki ya hao, kapa diphoofolo tsa hao tsohle, kapa majaki ya ha hao, e le hore wena, le mohlanka wa hao, le lekgabunyane la hao, lona le tle le phomole. 15Hopola hore le ne le le bahlanka naheng ya Egepeta. Morena Modimo wa lona, o ile a le ntsha moo ka matla, le ka letsoho la hae le otlolohileng. Ka lebaka lena, Morena Modimo wa lona, o le laetse ho boloka letsatsi la Sabatha.
16“ ‘Hlompha ntatao le mmao, jwalokaha Morena Modimo wa hao, a o laetse, e le hore o tle o phele halelele, o atlehe, naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona.
17“ ‘O se ke wa bolaya.
18“ ‘O se ke wa feba.
19“ ‘O se ke wa utswa.
20“ ‘O se ke wa etseletsa motho e mong.
21“ ‘O se ke wa lakatsa mosadi wa motho e mong. O se ke wa lakatsa hore ntlo ya motho e mong e be ya hao; leha e le tshimo ya hae, kapa mohlanka wa hae, kapa lekgabunyane la hae, kapa pholo ya hae, kapa tonki ya hae, kapa ntho e nngwe le e nngwe eo e leng ya motho e mong.’
22“Tsena ke dipolelo tseo Morena a ileng a di bolella setjhaba sohle sa lona, a le hodima thaba, kahara mollo, le kahara leru, le kahara lefifi la bokantjana, a bua ka lentswe le matla. Yaba o kgaotsa ho bua, o di ngola hodima matlapa a mabedi, o nnea tsona.”
Setjhaba se kenellwa ke letswalo
(Phal. 20:18-21)
23“Yare ha le utlwa lentswe le tswang hara lefifi, ha thaba yona e ntse e tuka mollo, yaba lona, le dihlooho tsohle tsa merabe le baholo ba lona, le atamela haufi le nna, 24le re: ‘Bonang, Morena Modimo wa rona, o re senoletse tlotla ya hae, le boholo ba hae; le lentswe la hae re le utlwile le etswa kahara mollo. Kajeno lena re bone hore Modimo o hle a bue le motho, ebe motho eo o ntse a phela. 25Jwale ke hobaneng re tshwanelang ho shwa? Kganare ena ya mollo e tla re timetsa! Ha re ka nna ra utlwa lentswe la Morena Modimo wa rona, ruri re tla shwa! 26Ke motho ofe ya kileng a utlwa lentswe la Modimo ya phelang, le bua le etswa hara mollo, jwalokaha rona re le utlwile, mme a nna a phela? 27Wena, Moshe, atamela, o mamele tsohle tseo Morena Modimo wa rona, a tla di bua; ebe wena o re bolella tsohle tseo Morena Modimo wa rona, a tla di bua ho wena. Rona re tla di mamela, mme re di phethe.’
28“Morena a utlwa dipolelo tsa lona, ha le bua le nna. Yaba Morena o re ho nna: ‘Ke utlwile dipolelo tsa setjhaba sena, tseo se di buileng ho wena. Tsohle tseo se di buileng, se di buile ka nepo. 29Oho, e se eka dipelo tsa sona di ka ba tjena kamehla, sa ntshaba, sa boloka melao yohle ya ka, e le hore sona, le bana ba sona, se tle se atlehe kamehla yohle! 30Eya, o re ho sona: Kgutlelang ditenteng tsa lona. 31Empa wena o eme mona pela ka, mme ke tla o bolella melao yohle, le ditaelo, le ditemoso, tseo o tla se ruta tsona, e le hore se tle se di phethe, naheng eo ke se neang yona, hore e be ya sona.’
32“Ka baka leo, hlokomelang ho etsa jwalokaha Morena a le laetse. Le se ke la kgelohela ka letsohong le letona kapa ka ho le letshehadi. 33Le tsamaye ka tsela eo Morena Modimo wa lona, a le laetseng hore le tsamaye ka yona, e le hore le tle le phele, le atlehe, mme le phele halelele naheng eo e tla ba ya lona.”

Currently Selected:

DIPOLELO 5: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy