YouVersion Logo
Search Icon

DIPOLELO 30

30
Ditshepiso tsa ho hlohonolofatswa le ho buseletswa naha
1“Ha dintho tsena di se di etsahetse ho lona, e leng ditlhohonolofatso le dithohako tseo ke le baletseng tsona, mme le di nahana ha le le ditjhabeng tsohle tseo Morena Modimo wa lona, a le leleketseng ho tsona, 2lona le bana ba lona, le tla kgutlela ho Morena Modimo wa lona, mme le tla mamela lentswe la hae ka dipelo tsa lona tsohle, le ka maikutlo a lona wohle, ho latela tsohle tseo ke le laetseng tsona kajeno. 3Morena Modimo wa lona, o tla le kgutlisa bothopuweng, a le hauhele, mme a boele a le phuthe ditjhabeng tsohle tseo Morena Modimo wa lona, a le qhalanyeditseng hara tsona. 4Leha eba ba bang ba lona ba ka lelekelwa dibakeng tse holehole tsa lefatshe, Morena Modimo wa lona, o tla ba phutha hona moo, mme a ba late hona teng. 5Morena Modimo wa lona o tla le kgutlisetsa naheng eo e neng e le ya bo-ntata lona, e be ya lona. Morena o tla le atlehisa, a le ngatafatse ho feta bo-ntata lona. 6Morena Modimo wa lona, o tla bolotsa dipelo tsa lona, le dipelo tsa bana ba lona hore le rate Morena Modimo wa lona, ka dipelo tsa lona tsohle, le ka maikutlo a lona wohle, e le hore le tle le phele. 7Morena Modimo wa lona, o tla otla dira tsa lona, le ba le hloileng, le ba le hlorisang, ka dithohako tsena tsohle. 8Le tla kgutla, le mamele lentswe la Morena, mme le phethe melao yohle ya hae, eo ke le laelang yona kajeno. 9Morena o tla le atlehisa mesebetsing yohle eo le e etsang, a atise bana ba lona, le tswala ya diphoofolo tsa lona, le ditholwana tsa masimo a lona haholo. Morena o tla boela a thabela ho le atlehisa haholo, jwalokaha a ile a thabela ho atlehisa bo-ntata lona. 10Feela le mamele lentswe la Morena Modimo wa lona, le boloke melao le ditaelo tsa hae, tse ngotsweng Bukeng ena ya Molao, mme le kgutlele ho Morena Modimo wa lona, ka dipelo tsa lona tsohle, le ka maikutlo a lona wohle.
11“Molao ona oo ke le laelang wona kajeno, ha o a pateha, mme ha o hole le lona. 12Ha o lehodimong, hoo le ka reng: ‘Ke mang ya tla re ela lehodimong, a re tlisetse wona, mme a re rute wona, re tle re o phethe?’ 13Ha o ka nqane ho lewatle, hoo le ka reng: ‘Ke mang ya tla re tshelela lewatle, a re tlisetse wona, mme a re rute wona, re tle re o phethe?’ 14Molao ona o haufi haholo le lona, o malemeng a lona, o ka dipelong tsa lona; ho salang feela ke hore le o phethe.
15“Bonang, kajeno ke beile kapele ho lona bophelo, le lehlohonolo, le lefu le bomadimabe. 16Kajeno ke le laetse hore le rate Morena Modimo wa lona, le tsamaye ditseleng tsa hae, le boloke melao ya hae, le ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, e le hore le tle le phele, mme le ate. Morena Modimo wa lona, o tla le hlohonolofatsa naheng eo le yang ho yona, hore e tle e be ya lona.
17“Empa haeba dipelo tsa lona di mphuralla, le sa mamele, le kgumamela medimo e meng, le e sebeletsa; 18kajeno ke le bolella hore ruri le tla timela. Le ke ke la phela halelele naheng eo le tshelang Jorodane le eya ho yona, hore e be ya lona.
19“Kajeno lehodimo le lefatshe ke dipaki tsa ka tsa hore ke beile kapele ho lona bophelo le lefu, tlhohonolofatso le thohako; ka baka leo, ikgetheleng bophelo, e le hore lona, le bana ba lona, le tle le phele. 20Le rate Morena Modimo wa lona, le mamele lentswe la hae, le mo kgomarele, hobane ke yena ya le phedisang, ya lelefatsang matsatsi a ho phela ha lona, e le hore le tle le ahe naheng eo Morena a hlapanyeditseng bo-ntata lona Aborahama, Isaka, le Jakobo, hore o tla le nea yona.”

Currently Selected:

DIPOLELO 30: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy