YouVersion Logo
Search Icon

DIPOLELO 29

29
1Ana ke wona mantswe a selekane seo Morena a neng a laele Moshe hore a se etse le bana ba Iseraele ha ba le naheng ya Moabe; e le se seng hape, ntle ho seo a neng a se etse le bona ha ba le thabeng ya Horebe.
Ntjhafatso ya selekane
2Moshe a bitsa Baiseraele bohle, a re ho bona: “Ka mahlo a lona le bone tsohle, tseo Morena a ileng a di etsa naheng ya Egepeta, ho Faro, le ho bahlanka ba hae bohle, le naheng ya hae yohle; 3e leng meleko e meholo eo le e boneng ka mahlo a lona, le dipontsho tse kgolo, le mehlolo e meholo. 4Empa ho fihlela le kajeno Morena ha a eso le nee dikelello tse utlwisisang, le mahlo a bonang, le ditsebe tse utlwang. 5Ka dilemo tse mashome a mane ke ile ka le etella pele lehwatateng, empa diaparo tsa lona ha di a ka tsa taboha, le dieta tsa lona ha di a ka tsa fela. 6Ha le a ka la ja bohobe, ha le a ka la nwa veine kapa jwala, e le hore le tle le tsebe hore ke nna Morena Modimo wa lona.
7“Ha le fihla sebakeng sena, Sihone, kgosi ya Heshebone, le Oge, kgosi ya Bashane, ba ile ba re futuhela, ba re lwantsha, empa ra ba hlola. 8Ra hapa naha ya bona, mme ra e nea ba morabe wa Rubene, le wa Gade, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, e le lefa.
9“Ka baka lena he, bolokang mantswe a selekane sena, le a phethe, e le hore le tle le atlehe ho tsohle tseo le di etsang.”
Selekane se tlama Baiseraele
10“Kajeno lena, bohle le eme kapele ho Morena Modimo wa lona: mahosana a merabe ya lona, baholo ba setjhaba sa lona, le balaodi ba lona, le banna bohle ba Iseraele, 11bana ba lona, basadi ba lona, le bajaki ba kahara diahelo tsa lona, ho tloha ka motho ya rwallang, ho isa ho ya kgang metsi. 12Le kena selekaneng sa Morena Modimo wa lona, le kanong ya hae, eo Morena Modimo wa lona a e etsang ho lona kajeno; 13hore a tle a le etse setjhaba sa hae, yena e be Modimo wa lona jwalokaha a ile a bua ho wena, le kamoo a ileng a hlapanyetsa bo-ntata lona Aborahama, Isaka, le Jakobo. 14Hase le lona feela a etsang selekane sena le kano ena, 15empa o di etsa le bohle ba nang le rona kajeno, kapele ho Morena Modimo wa rona, esita le bohle bao kajeno ba esong ho tswalwe.
16“Le tseba kamoo re neng re ahile kateng Egepeta, le kamoo re fetileng hara ditjhaba tseo re fetileng hara tsona. 17Le bone manyala a tsona, le medimo ya tsona ya bohata, ya lehong, le ya lejwe, le ya silefera, le ya kgauta, e neng e le hara tsona. 18Hara lona ho se be monna kapa mosadi, kapa ba lelapa, kapa ba morabe, bao kajeno dipelo tsa bona di ka furallang Morena Modimo wa rona, mme ba ya ho sebeletsa medimo ya ditjhaba tseo, esere mohlomong hara lona ha eba le mothapo o behang leshokgwa le lengana.
19“Ho se be eo ereng ha a utlwa mantswe a kano ena, a re: ‘Ke tla phela ka kgotso, leha nka latela boithatelo ba pelo ya ka, hobane ba kgopo le ba lokileng ba tla timela ka ho tshwana.’ 20Morena a ke ke a mo tshwarela, empa kgalefo ya Morena le lefufa la hae di tla tlokomela monna eo. Dithohako tsohle tse ngotsweng kahara buka ena, di tla mo wela hodima. Morena o tla fedisa lebitso la hae lefatsheng. 21Hara merabe yohle ya Iseraele, Morena o tla mo kgethollela hore a timetswe, ho ya ka dithohako tsohle tse ngotsweng Bukeng ya Molao.”
Kotlo ya ba sa tshepahaleng
22“Meloko e tlang, e leng ditloholo tsa lona tse tla tswalwa, le mojaki ya tswang naheng e hole, ba tla bona diwa tsa naha ena, le malwetse a yona, ao Morena a e otlang ka wona. 23Mobu o tla fetoha sebabole le letswai, naha yohle e be letswatlare le tjheleng, le sa jalwang, le sa beheng, le se nang jwang, jwalokaha ho ne ho timetswa Sodoma le Gomora, le Adema le Seboime, tseo Morena a neng a di timetse ha a halefile, a le bohalehale. 24Jwale ditjhaba tsohle di tla re: ‘Ke ka baka lang, ha Morena a entse naha ee tjee? Kgalefo e kaalekaale e bolelang?’
25“Batho ba tla re: ‘Ke hobane ba furaletse selekane sa Morena Modimo wa bo-ntata bona, seo a ileng a se etsa le bona ha a ne a ba ntsha naheng ya Egepeta. 26Ba ile ba ya sebeletsa medimo e meng, ba kgumamela medimo eo ba sa e tsebeng, eo a sa kang a ba nea yona. 27Ka baka leo, kgalefo ya Morena e ile ya tlokomela naha eo, a e tlisetsa dithohako tsohle tse ngotsweng kahara buka ena. 28Morena a halefa, a ba bohalehale, a ba phahla naheng ya bona, mme ka kgalefo e kgolo a ba lelekela naheng esele moo ba ntseng ba le hona teng le kajeno-ya-bokajeno.’
29“Diphiri tsohle ke tsa Morena Modimo wa rona, empa dintho tse senotsweng ke tsa rona, le tsa bana ba rona kamehla yohle, e le hore re phethe dipallo tsohle tsa Molao ona.”

Currently Selected:

DIPOLELO 29: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy