YouVersion Logo
Search Icon

DIPOLELO 3

3
Iseraele o hlola kgosi Oge
(Dipa. 21:33-35)
1“Jwale ra thinya, ra nyoloha ka tsela e yang Bashane. Oge, kgosi ya Bashane, a tswa a ena le setjhaba sa hae sohle, a re futuhela, a re lwantshetsa pela Ederei. 2Morena a re ho nna: ‘Le se ke la tshaba, hobane Oge, mmoho le setjhaba sa hae sohle, le naha ya hae, ke neelane ka yena matsohong a lona. O tla mo etsa seo o neng o se etse Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a ahile Heshebone.’
3“Le yena Oge, kgosi ya Bashane, le setjhaba sa hae sohle, Morena Modimo wa rona, a neelana ka yena matsohong a rona, ra mo hlola ho fihlela ho se le ya mong ya setseng. 4Ka yona nako eo, ra hapa metse ya hae yohle, mme ha ho motse le o mong oo re sa kang ra o hapa ho bona. E ne e le metse e mashome a tsheletseng, seterekeng sohle sa Aregobe, mmusong wa Oge, naheng ya Bashane. 5Metse ena yohle e ne e sireleditswe ka marako a phahameng; e ena le dikgoro, le mekwallo, ntle ho metse e meng e mengata e neng e hloka marako. 6Ra e ripitla ho hang, jwalokaha re ile ra etsa ho Sihone, kgosi ya Heshebone, moo re ileng ra ripitla metse e nang le baahi, ra bolaya banna, le basadi, le bana. 7Empa diphoofolo tsohle, le kgapo ya motse, ra ikgapela tsona.
8“Ka yona nako eo ra hapa naha ya dikgosi tse pedi tsa Baamore, tse neng di le ka kwano ho Jorodane, ho tloha kgohlong ya Arenone, ho ya fihla thabeng ya Heremone. 9Basidone ba reile Heremone lebitso la Sireone, athe Baamore bona ba e reile lebitso la Senire. 10Ra hapa metse yohle e phuleng, le Gileade yohle, le Bashane yohle, ho ya fihla Saleka, le Ederei, e leng metse ya mmuso wa Oge, e naheng ya Bashane.”
11Ke Oge feela, kgosi ya Bashane, eo e leng lesalla la Barefaime. Lekese la hae la bafu e ne e le la tshepe, bolelele ba lona e le dimethara tse nne, bophara e le dimethara tse pedi, ho latela ho lekanya ho tlwaelehileng ha mehla eo. Lekese leo le sa le teng le kajeno motseng wa Baamone, wa Raba.
Merabe e ileng ya aha ka botjhabela ho Jorodane
(Dipa. 32:1-42)
12“Ka nako eo re neng re hapa naha eo ka yona, ke ile ka abela ba morabe wa Rubene le wa Gade naha, ho tloha Arowere e pela kgohlo ya Arenone, le karolo ya thaba ya Gileade, le metse ya yona. 13Karolo e nngwe ya morabe wa Manase ka e abela karolo e setseng ya Gileade, le Bashane yohle, e leng mmuso wa Oge, setereke sohle sa Aregobe, mmoho le Bashane yohle, e leng naha e bitswang Refaime. 14Jaire, mora wa Manase, a nka setereke sohle sa Aregobe, ho ya fihla moeding wa Bageshure, le wa Bamaaka. Sebaka sena, esita le sa Bashane, a se reella ka yena, a re ke Metse ya Jaire, mme le kajeno-ya-bokajeno se sa ntse se bitswa jwalo.
15“Makiri yena ka mo abela Gileade. 16Ba morabe wa Rubene le wa Gade ka ba abela ho tloha Gileade, ho ya fihla kgohlong ya Arenone; ke hore bohareng ba kgohlo le moedi wa yona; le ho ya fihla nokaneng ya Jaboko, moeding wa bana ba Amone. 17Ka ba abela le phula, le Jorodane, mmoho le naha e mathokong a yona, ho tloha Kinerete, ho ya fihla lewatleng le phuleng, e leng Lewatle la Letswai, tlasa mosiko wa Pisega, ka botjhabela.”
Ditaelo tsa Moshe tsa ho qetela
18“Ka yona nako eo, ke ile ka le laela, ka re: ‘Morena Modimo wa lona, o le neile naha ena hore e be ya lona. Bahlabani bohle ba lona ba tla tshelela mose ba hlometse, ba eteletse bana babo lona, bana ba Iseraele, pele. 19Empa ha e le basadi ba lona, le bana ba lona, le diphoofolo tsa lona, ke a tseba hore le na le diphoofolo tse ngata, tsena di tla sala metseng eo ke le neileng yona. 20Ha Morena a se a ahisitse bana babo lona, jwaloka lona, mme le bona ba ena le naha eo Morena Modimo wa lona, a ba neileng yona kamose wane ho Jorodane, ke hona he, e mong le e mong a ka kgutlelang naheng eo ke le neileng yona.’
21“Jwale ke ile ka laela Joshua ka yona nako eo, ka re: ‘Ka mahlo a hao o ile wa bona tsohle tseo Morena Modimo wa hao a di entseng ho dikgosi tsena tse pedi; Morena o tla etsa jwalo ho mebuso yohle eo le tla feta ho yona. 22Le se ke la e tshaba, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena ya le lwanelang.’ ”
Moshe o hanelwa ho kena Kanana
23“Yaba ke rapela Morena ka yona nako eo, ke re: 24‘Oho, Morena Modimo, o qadile ho bontsha mohlanka wa hao boholo ba hao, le matla a hao. Ke modimo ofe lehodimong kapa lefatsheng, ya ka etsang mesebetsi e tshwanang le ya hao, le diketso tse matla, tse tshwanang le tsa hao?
25“ ‘Ako ntumelle ke tshelele mose, ke bone naha e ntle, e kamose wane ho Jorodane, le naha ena e ntle ya maralla, le Lebanone.’
26“Empa Morena o ile a nkgalefela ka baka la lona, mme ha a a ka a mmamela. Yaba Morena o re ho nna: ‘Ho lekane! O se hlole o bua ho nna ka taba ena! 27Hlwella tlhorong ya Pisega, o akgele mahlo a hao ka bophirimela, le ka leboya, le ka borwa, le ka botjhabela, mme o bone ka mahlo a hao, hobane ha o ka ke wa tshela Jorodane ena. 28Empa laela Joshua, o mo matlafatse, o be o mo kgothatse, hobane yena o tla tshela a eteletse setjhaba sena pele, mme a etse hore naha eo o tla e bona e be ya sona.’
29“Ra dula kgohlong e mabapa le Bete-Peore.”

Currently Selected:

DIPOLELO 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy