YouVersion Logo
Search Icon

DIPOLELO 26

26
Moetlo wa dilopotsiya
1“Ha le se le fihlile naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona e le lefa, hore e be ya lona; le se le ahile ho yona, 2o tla nka dilopotsiya tsa ditholwana tsohle tse tswang mobung wa naha eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona. O di kenye ka serotong, ebe o ya sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha hore a dule ho sona. 3O tla ya ho eo e leng moprista ka nako eo, o re ho yena: ‘Kajeno ke bolela ho Morena Modimo wa ka, hore ke fihlile naheng eo Morena a neng a hlapanyetse bo-ntata rona hore o tla re nea yona.’
4“Moprista o tla nka seroto matsohong a hao, a se bee fatshe kapele ho aletare ya Morena Modimo wa hao. 5Jwale wena o tla bua o le kapele ho Morena Modimo wa hao, o re: ‘Ntate e ne e le Moarame wa moleleri, a theohela Egepeta, a jaka teng le batho ba mmalwana. Empa ha a se a le moo ya eba setjhaba se seholo, se matla, se sengata. 6Baegepeta ba re tshwara hampe, ba re hlorisa, ba re sebedisa ka thata. 7Yaba re llela Morena Modimo wa bo-ntata rona, mme Morena a utlwa sello sa rona, a bona matshwenyeho a rona, le mosebetsi wa rona o boima, le kgatello ya rona. 8Morena a re ntsha naheng ya Egepeta ka matla a hae a maholo, le ka letsoho le otlolohileng, le ka ditshoso tse kgolo, le ka dipontsho, le ka mehlolo. 9A re tlisa sebakeng sena, a re nea naha ena, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi. 10Jwale bona, ke tlisitse dilopotsiya tse tswang mobung oo o nneileng wona, Morena.’ O tla di bea fatshe, kapele ho Morena Modimo wa hao, o mo kgumamele. 11Wena, le ba lelapa la hao, le Molevi, le mojaki ya teng hara lona, le tla ithabisa ka tsena tsohle tse molemo, tseo Morena Modimo wa hao, a o neileng tsona.
12“Ka selemo sa boraro, e leng selemo sa ho ntsha karolo e le nngwe ho tse leshome, ha o qetile ho ntsha dikarolo tseo tsohle tsa tse leshome tsa kotulo ya hao, o di nee Molevi, le mojaki, le kgutsana, le mohlolohadi, hore le bona ba tle ba je, ba kgore, ba le setjhabeng sa heno. 13O tla bua o le kapele ho Morena Modimo wa hao, o re: ‘Ke ntshitse dintho tse halalelang ka tlung, ke bile ke di neile Molevi, le mojaki, le kgutsana, le mohlolohadi, ho ya ka molao wohle wa hao, oo o ntaetseng wona. Ha ke a kgeloha melao ya hao, mme ha ke a e lebala. 14Ha ke a ja letho la tsona ha ke ntse ke le bofifing; kapa ka tlosa letho la tsona ha ke ntse ke le sesila; kapa ka nyehella bafu ka tsona. Ke mametse lentswe la Morena Modimo wa ka. Ke entse tsohle ho ya kamoo o ntaetseng kateng. 15Tadima tlase, o le leahong la hao le halalelang, le lehodimong, o hlohonolofatse Iseraele, setjhaba sa hao, le mobu oo o re neileng wona, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi, jwalokaha o ne o hlapanyetse bo-ntata rona.’ ”
Setjhaba se halalelang sa Morena
16“Ka letsatsi lena, Morena Modimo wa hao, o o laela hore o phethe melao ena, le ditaelo tsena. Ka baka leo, o tla di boloka, o di phethe ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle. 17Kajeno o ikanetse hore Morena e tla ba Modimo wa hao, le hore o tla tsamaya ditseleng tsa hae, o boloke ditaelo tsa hae, le melao ya hae, le ditemoso tsa hae, mme o mamele lentswe la hae. 18Kajeno Morena o le amohetse hore le be setjhaba seo e leng sa hae, jwalokaha a le tshepisitse; le hore le boloke melao yohle ya hae. 19Ka thoriso, le ka botumo, le ka hlompho, o tla le phahamisetsa kahodimo ho ditjhaba tsohle tseo a di bopileng, e le hore le tle le be setjhaba se halalelang sa Morena Modimo wa hao, jwalokaha a tshepisitse.”

Currently Selected:

DIPOLELO 26: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy