YouVersion Logo
Search Icon

DIPOLELO 25

25
1“Ha ho ena le tsekisano pakeng tsa banna, ba tla tla lekgotleng la boahlodi, mme baahlodi ba ba ahlolele. Ba tla lokolla ya se nang molato, ba ahlole ya molato. 2Haeba ya molato a lokela ho shapuwa, moahlodi o tla mo paqamisa, mme mo moahlodi a ntseng a bona, motho eo a shapuwe dithupa tse lekanang molato wa hae. 3Moahlodi a ka mo ahlolela dithupa tse mashome a mane, e seng ho feta moo, esere haeba di ka feta moo, a shapuwa dithupa tse ngata ho feta tsena, ngwaneno a tlontlolleha mahlong a hao.
4“E polang o se ke wa e tlama molomo.”
Ho kenela
5“Ha bana ba motho ba ahile mmoho, mme e mong wa bona a eshwa a se na mora, mosadi wa mofu a se ke a nyalwa ke eo e seng wa lelapa. Ngwanabo monna wa hae o tla mo kenela, a mo nke, e be mosadi wa hae, a phethe tshwanelo ya ngwanabo monna. 6Mora wa matsibolo eo a tla mmeleha, o tla reellwa ka mofu, e le hore lebitso la hae le se ke la timela hara Baiseraele.
7“Haeba monna eo a sa rate ho kenela mohatsa ngwanabo, mosadi eo wa ngwanabo o tla ya kgorong ya motse, ho baholo, mme a re: ‘Ngwanabo monna ka o hana ho tsosa lebitso la ngwanabo setjhabeng sa Iseraele; ha a batle ho phetha tshwanelo ya hae ho nna.’ 8Jwale baholo ba motse wa habo ba tla mmitsa, ba bue le yena. Haeba a ngangella, a re: ‘Ha ke rate ho mo kenela,’ 9mohatsa ngwanabo o tla atamela ho yena, moo baholo ba ntseng ba bona, a mo rodise seeta leotong, a mo tshwele ka mathe sefahlehong, a arabele, a re: ‘Ho etswa tjena ka monna ya hanang ho tsosa ntlo ya ngwanabo!’ 10Setjhabeng sa Iseraele o tla rewa lebitso la ‘Lelapa la monna ya rodisitsweng seeta.’ ”
Melawana ya mefutafuta
11“Ha banna ba babedi ba lwana, mme mosadi wa e mong a kena dipakeng ho namolela monna wa hae, ha a ntse a tetekwa ke ya lwanang le yena, eba o otlolla letsoho la hae, o mo tshwara ka makwalata, 12o tla kgaola letsoho la mosadi eo, o se na mohau.
13“Ka mokotleng wa hao o se ke wa ba le mefuta e fapaneng ya majwe a lekanyang boima, ke ho re le leholo le le lenyenyane. 14Ka tlung ya hao o se ke wa ba le mefuta e fapaneng ya mafiswana a methang, ke ho re le leholo le le lenyenyane. 15O be le lejwe le bontshang boima, le nepahetseng, le sa hanyapetseng; o be le lefiswana le methang, le nepahetseng, le sa hanyapetseng, e le hore o tle o phele halelele naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona. 16E mong le e mong ya etsang dintho tse tjena, le e mong le e mong ya etsang ho sa lokang, ke manyala ho Morena Modimo wa hao.”
Taelo ya hore ho bolawe Baamaleke
17“Hopolang seo Baamaleke ba neng ba le etse sona, ha le le tseleng, le etswa naheng ya Egepeta, 18kamoo ba neng ba le futuhela tseleng kateng, ba bolaya ba neng ba saletse morao, ba bolaya le bohle ba neng ba fokola, ba le kamorao ho lona, ha lona le lapile, le kgathetse; ba ba bolaya ba sa tshabe Modimo. 19Etlare ha Morena Modimo wa lona, a se a le phomoditse direng tsohle tsa lona tse le potapotileng, naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona e le lefa, hore e be ya lona, le fedise lebitso la Baamaleke lefatsheng. Le se ke la ba la lebala!”

Currently Selected:

DIPOLELO 25: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy