YouVersion Logo
Search Icon

DIPOLELO 2

2
Dilemo tseo re bileng lehwatateng ka tsona
1“Jwale ra thinya, ra nka leeto le lebang lehwatateng, ra ya ka tsela ya Lewatle la Lehlaka, jwalokaha Morena a ne a buile ho nna. Ra qeta matsatsi a mangata re ntse re potoloha thaba ya Seire.
2“Morena a bua ho nna, a re: 3‘Le potolohile thaba ena halelele, ho lekane. Thinyetsang leboya. 4Laela setjhaba, o re: Le lekgatheng la ho feta meeding ya bana babo lona, bana ba Esau, ba ahileng Seire. Ba tla le tshoha; ka baka leo, itlhokomeleng. 5Le se ke la ba lwantsha. Nke ke ka le nea naha ya bona, leha e le ho ka lekanang bohato ba leoto feela, hobane thaba ya Seire ke e neile Esau hore e be ya hae. 6Dijo tseo le tla di ja le di reke ho bona ka tjhelete; le metsi ao le tla a nwa le a reke ho bona ka tjhelete.’
7“Morena Modimo wa lona, o le hlohonolofaditse mesebetsing yohle eo le e etsang. O ile a le hlokomela leetong la lona hara lehwatata lena le leholo. Ka dilemo tsena tse mashome a mane, Morena Modimo wa lona, o bile le lona, mme ha le a ka la hloka letho.
8“Jwale ra feta ho bana babo rona, bana ba Esau, ba neng ba ahile Seire, ra ya ka tsela e tsamayang phuleng, e tswang Elate le Esione-Gebere. Ra thinya, mme ra nka tsela ya lehwatata la Moabe.
9“Yaba Morena o re ho nna: ‘Le se ke la futuhela Moabe, le se ke la mo qholotsa hore a lwane. Nke ke ka le nea naha ya hae, hore e be ya lona, hobane Are ke e neile bana ba Lota hore e be ya bona.’ ”
10Ka nako ena e fetileng, Baemime ba ne ba ahile moo. E ne e le setjhaba se seholo, se sengata, sa banna ba balelele jwaloka Baanake. 11Le bona, jwaloka Baanake, ba ne ba bitswa Barefaime, empa Bamoabe ba ne ba ba bitsa Baemime. 12Ka nako e fetileng, Bahore le bona ba ne ba ahile Seire, empa bana ba Esau ba ba leleka, ba ba fiela kapele ho bona, mme bao ba aha naheng ya bona, jwalokaha Baiseraele ba entse naheng eo Morena a ba neileng yona.
13“Jwale emang, le tshele nokana ya Serede.” Yaba re tshela nokana ya Serede.
Ho fihlwa mose ho Jorodane
14“Dilemo tseo re di nkileng ho tloha Kadeshe-Barenea, ho fihlela re tshela nokana ya Serede, e bile mashome a mararo a metso e robedi. Bahlabani bohle ba moloko oo, ba ne ba se ba shwele, jwalokaha Morena a ne a ile a ba hlapanyetsa. 15Letsoho la Morena le ile la nna la ba lwantsha, mme la ba timetsa ba le diahelong tsa bona, ho fihlela ba fela.
16“Ha bahlabani bohle ba hara setjhaba ba se ba timetse, 17Morena a bua ho nna, a re: 18‘Kajeno le tla feta meeding ya Moabe, ka tsela ya Are. 19Ha le fihla haufi le bana ba Amone, le se ke la ba futuhela, le se ke la ba qholotsa hore ba lwane. Nke ke ka le nea naha ya Baamone, hobane ke e neile bana ba Lota hore e be ya bona.’ ”
20Naha ena e ne e bitswa ya Refaime, hobane ka nako e fetileng Barefaime ba ne ba ahile ho yona, empa Baamone bona ba ne ba ba ba bitsa Basamasume. 21Baamone e ne e le setjhaba se seholo, se sengata, sa batho ba balelele, jwaloka Baanake, empa Morena o ile a fiela Baanake kapele ho Baamone, mme Baamone ba nka naha ya bona, ba aha ho yona. 22Morena o ile a etsa jwalo le ho bana ba Esau, ba neng ba ahile Seire. O ile a fiela Bahore kapele ho bona, bana ba Esau ba ba leleka, mme ba aha naheng ya bona, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno. 23Le Baafa ba neng ba ahile metsaneng e ilo fihla Gasa, ba ile ba timetswa ke Bakafatore ba neng ba etswa Kafatore, mme ba aha naheng ya bona.
24“Emang, le tswele pele leetong la lona, le tshele molatswana wa Arenone. Bonang, Sihone wa Moamore, kgosi ya Heshebone, yena le naha ya hae, ke neelane ka yena matsohong a lona. Mo futuheleng, naha ya hae e be ya lona. 25Ho tloha kajeno ke tla etsa hore ditjhaba tsohle tse katlasa lehodimo di be le letswalo, di le tshabe. Bohle ba tla thothomela, ba phakgasele kapele ho lona, ha ba utlwa lebitso la lona.”
Iseraele o hlola kgosi Sihone
(Dipa. 21:21-30)
26“Ha ke le lehwatateng la Kedemote ka romela maqosa ho Sihone, kgosi ya Heshebone, ho isa molaetsa wa kgotso, ka re: 27‘Re dumelle re fete hara naha ya hao. Re tla itsamaela feela ka mmila o moholo; ha re na ho kgelohela ka letsohong le letona kapa ka ho le letshehadi. 28Dijo tseo re tla di ja, o tla re rekisetsa tsona ka tjhelete; le metsi ao re tla a nwa, o tla re rekisetsa wona ka tjhelete. Re ikopela ho feta ka tsela feela. 29Jwalokaha bana ba Esau ba ahileng Seire, le Bamoabe ba ahileng Are, ba ile ba re dumella ho feta, re dumelle re fete, re be re yo tshela Jorodane, re kene naheng eo Morena Modimo wa rona, a re neang yona.’
30“Empa Sihone, kgosi ya Heshebone, a se ke a re dumella ho feta naheng ya hae, hobane Morena Modimo wa rona, o ne a ile a thatafatsa moya wa hae, a etsa hore pelo ya hae e be manganga, e le hore a tle a neelane ka yena matsohong a lona, jwalokaha ho etsahetse kajeno.
31“Yaba Morena o re ho nna: ‘Bona, ke qadile ho neelana ka Sihone le naha ya hae ho lona; qalellang ho e hapa, e tle e be lefa la lona.’
32“Sihone a tswa a ena le setjhaba sa hae sohle, a re futuhela, a re lwantshetsa pela Jahase. 33Morena Modimo wa rona, a neelana ka yena ho rona. Ra mo hlola hammoho le bara ba hae, le setjhaba sa hae sohle. 34Ka yona nako eo ra hapa metse ya hae yohle, mme motse o mong le o mong o nang le baahi ra o ripitla ho hang, ra bolaya banna, le basadi, le bana, ra se ke ra siya le ya mong. 35Ra inkela dikgomo feela, mmoho le kgapo ya metse eo re e hapileng. 36Ho tloha Arowere e pela kgohlo ya Arenone, le ho tloha motseng o kahara kgohlo eo, ho ya fihla Gileade, ha ho a ka ha eba le motse o ileng wa re hlola, hobane Morena Modimo wa rona, o ne a neelane ka yona yohle ho rona. 37Ke naheng ya Baamone feela, moo le sa kang la atamela teng; le sebakeng sohle se ka mahlakoreng a nokana ya Jaboko, le metseng e naheng e maralla, le hohlehohle moo Morena a ileng a re hanela ho ya teng.”

Currently Selected:

DIPOLELO 2: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy