YouVersion Logo
Search Icon

DANIELE 9

9
Daniele o rapella setjhaba sa habo
1Ka selemo sa pele sa puso ya Dariuse, mora wa Ahashuerushe, wa morabe wa Bamede, ya ileng a etswa kgosi ya naha ya Bakalatiya, 2nna Daniele ka ithuta Mangolong a Halalelang, ka tseba hore ho ya ka lentswe la Morena, le neng le fihle ho moporofeta Jeremia, ho tla feta dilemo tse mashome a supileng Jerusalema e ntse e le lesupi. 3Yaba ke tadima ho Morena Modimo, ke ipiletsa ho yena ka thapelo, le ka dikopo, le ka ho itima dijo, le ka ho apara tse mahwashe, le ka ho itshela ka molora.
4Ka rapela Morena Modimo wa ka, ka etsa boipolelo bona, ka re: “Oho, Morena, wena Modimo e moholo, ya tshabehang, o baballa selekane sa hao sa lerato ka botshepehi ho ba o ratang, ba bolokang melao ya hao. 5Re entse sebe, ra etsa tse kgopo le tse mpe. Re o fetohetse, ra kgeloha melao ya hao le ditaelo tsa hao. 6Ha re a ka ra mamela bahlanka ba hao, baporofeta, ba buileng ka lebitso la hao ho dikgosi tsa rona, le ho mahosana a rona, le ho bo-ntata rona, le ho setjhaba sohle sa naha ena.
7“Oho, Morena, o lokile, empa rona re hlajwa ke dihlong kajeno, rona banna ba Juda, le baahi ba Jerusalema le Baiseraele bohle ba haufi le ba hole, ba dinaheng tsohle tseo o ba qhalanyeditseng ho tsona ka baka la ho o hlokela botshepehi. 8Oho, Morena, rona le dikgosi tsa rona, le mahosana a rona, le bo-ntata rona, re hlajwa ke dihlong, hobane re entse sebe. 9Morena Modimo wa rona yena o mohau, o a tshwarela, leha rona re mo fetohetse. 10Ha re a ka ra mamela lentswe la Morena Modimo wa rona, ra tsamaya ka melao ya hae, eo a re beetseng yona ka bahlanka ba hae, baporofeta. 11Baiseraele bohle ba tlotse molao wa hao, ba o kgeloha, ba se ke ba o mamela.
“Ka baka leo, dithohako le dikahlolo tse hlapanyeditsweng, tse ngotsweng Molaong wa Moshe, mohlanka wa Modimo, di re wetse hodimo, hobane re o sitetswe. 12O phethahaditse dipolelo tsa hao, tseo o neng o di bue ho rona le ho babusi ba rona, ka ho re dihela koduwa ena e tshabehang. Lefatsheng lohle ha ho eso ka ho etswa se kang sena se entsweng mona Jerusalema. 13Jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Moshe, koduwa ena yohle e re wetse hodimo. Empa le jwale ha re eso ka re rapela Morena Modimo wa rona ka ho furalla bokgopo ba rona, le ka ho latela nnete ya hae. 14Ka baka leo, Morena o nnile a thisisa koduwa ena, empa jwale o e dihetse hodima rona. Morena Modimo wa rona o etsa tsohle ka ho loka, empa rona ha re a ka ra mamela lentswe la hae.
15“Jwale, Morena Modimo wa rona, wena ya neng a ntshe setjhaba sa hao naheng ya Egepeta ka letsoho la hao le matla, mme wa tumisa lebitso la hao ho fihlela kajeno, re entse sebe, re entse bokgopo. 16Oho, Morena, ka ho ya ka ho loka hohle ha hao, ke a o rapela: Bohale ba hao le kgalefo ya hao a di ke di faposwe motse wa hao wa Jerusalema, thaba ya hao e halalelang. Ka baka la dibe tsa rona le makgopo a bo-ntata rona, Jerusalema mmoho le setjhaba sa hao, e fetohile sesomo ho bohle ba re potapotileng.
17“Jwale, ka lebaka la hao, wena Modimo wa rona, ako mamele dithapelo le dithapedi tsa mohlanka wa hao, o hauhele Sehalalelo sena sa hao se senyehileng. 18Oho, Modimo wa ka, ako sekehe tsebe, o mamele; ako tadime, o bone tshenyeho ya rona le ya motse ona o bitswang ka lebitso la hao. Dithapelo tsa rona ha re di lebise ho wena hobane re lokile, empa ke ka baka la ho tshepa mohau wa hao o moholo. 19Oho, Morena, ako re mamele! Oho, Morena, ako re tshwarele! Oho, Morena, ako re utlwe, mme o phethe jwalo! Ka baka la hao feela, wena Modimo wa ka, o se ke wa dieha, hobane motse wa hao o bitswa ka lebitso la hao, le setjhaba sa hao se bitswa ka lebitso la hao.”
Gabariele o hlalosa boporofeta
20Ka nna ka bua jwalo, ka rapela, ka ipolela sebe sa ka le sa setjhaba sa heso sa Iseraele, mme ka lebisa thapedi ya ka ho Morena Modimo wa ka, ka baka la thaba e halalelang ya Modimo wa ka. 21Ha ke ntse ke rapela jwalo, Gabariele, monna eo ke neng ke mmone ponong ya ka ya pele, a tla ho nna ka nako ya sehlabelo sa mantsiboya, a potlakile. 22A bua le nna, a ntlhalosetsa, a re: “Daniele, jwale ke tlile ho wena ho tla o nea tsebo le kutlwisiso. 23Hanghang ha o qala ho rapela, ke ile ka newa taelo; jwale ke tlilo o tsebisa yona, hobane o ya ratwang haholo. Ka baka leo, mamedisisa, mme o utlwisise pono ena.
24“Lemo tse mashome a supileng,
a supileng hasupa,
di baletswe tjhaba sa heno
le motse o halalelang,
hore ditshito tsohle di tle di fediswe,
dibe le tsona le ke le di fedise,
ho etswe poelano
bakeng sa ho etsa bokgopo,
ho loka ha kamehla
ho tle ho be teng,
ho phethahatswe dipono,
le bona boporofeta,
Ya Halalelang haholo
le yena a tlotswe.
25“Ka baka lena tseba, o utlwisise:
Ho tloha mohla
ho phatlalatswang taelo,
taelo ya hore Jerusalema e tsoswe,
ho fihlela ha mmusi a fihla,
mmusi ya tlotsitsweng,
lemo tse supileng hasupa di tla feta.
Jerusalema e tla tsoswa, e hahwe,
ho betlwe diterata
le marako a tsoswe;
e tsitse dilemo
lemo tse mashome a tsheletseng
a metso e mmedi hasupa,
empa mehla ena
e tla be le ya ditsietsi!
26Hoba ho fete dilemo,
lemo tse mashome a tsheletseng
a metso e mmedi hasupa,
motlotsuwa wa Modimo
o tla bolawa a se molato.
Mabotho a kgosana e nngwe
e tlang ho tla,
a tla timetsa motse
le Sehalalelo sa wona.
Pheletso ya tsena e tla tla sa morallo,
ntwa e hlabane
ho fihlela e ba e lala,
nanaola e rerilweng ke Modimo
yona e sale.
27Kgosana e tla etsa selekane,
e se etse le ba bangata,
selekane seo e be sa dilemo di supile;
bohareng ba nako ena ya selekane,
e tla fedisa mahlabelo,
e fedise le dinyehelo.
Kgosana ena e bakileng nanaola
e tla bea Manyala
hodima tlhoro ya Tempele,
ho fihlela pheletso
e rerilweng ke Modimo e fihla,
e wela hodima ya beileng Manyala,
a a bea hodima tlhoro.”

Currently Selected:

DANIELE 9: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy