YouVersion Logo
Search Icon

AMOSE 9

9
Morena o ahlola Baiseraele
1Ka bona Morena a eme pela aletare, a re:
“Pshatla hlooho tsa ditshiya,
dikosene di sisinyehe,
mathule a pshatlehele
hodima hlooho tsa bohle,
masalla wona
ke tla a bolaya ka sabole;
ha ho le ya mong ya tla baleha,
ha ho le ya mong ya tla phonyoha.
2Leha ba ka phunyeletsa
ho ya fihla Nqalong ya Bafu,
tsoho la ka le tla ba ntsha hona moo.
Leha ba ka nyolohela hodimo,
hodimo mahodimong,
le hona moo ke tla ba theola.
3Leha ba ka ipata
tlhorong ya Karamele,
ke tla ba tsoma,
ke ba tshware hona moo.
Leha ba ka ipatela nna
ka mpeng ya lewatle,
ke tla laela kganyapa
e ba lomele hona moo.
4Leha dira tsa bona di ka ba thopa,
ke tla laela hore ba bolaelwe moo,
ba bolaelwe hona moo ka sabole.
Ke rerile hore ke ba timetse,
e seng hore ke ba thusetse.”
5Morena Modimo wa mabotho
o ama lefatshe,
a ame lefatshe, ebe le a qhibidiha,
bohle ba phelang ho lona
ebe ba a lla.
Naha yohle
e tla kokomoha jwaloka Nile,
e nto bohlela
jwaloka noka ya Egepeta.
6Yena eo leaho la hae
le leng mahodimong,
metheo ya lona
o e hlomme hodima lefatshe;
yena ya bokellang metsi a lewatle,
a a bokelle,
a a tshollele hodima lefatshe;
lebitso la hae ke Morena.
7“Na lona Baiseraele,
ho nna ha le ke Bakushe?”
ho rialo Morena.
“Na hase nna ya ileng
a le ntsha naheng ya Egepeta,
Bafilesita le bona
ka ba ntsha Kafatore,
Baarame bona
ka ba ntsha naheng ya Kire?
8“Ruri Morena wa mabotho
o tadimile mmuso ona o kgopo.
Ke tla o timetsa
hodima lefatshe lohle,
empa ntlo ya Juda
nke ke ka e timetsa kaofela,”
ho rialo Morena.
9“Nna ke tla fela ke etse taelo,
ntlo ya Iseraele ke e hlokole,
ke e hlokole hara ditjhaba tsohle,
ke e hlokole
sa koro e hlokolwa ka sefe,
empa ho se thollo le e nngwe
e welang fatshe.
10Baetsadibe bohle ba setjhaba sa ka
ba tla bolawa, ba bolawe ka sabole,
ho bolawe le bohlebohle ba reng:
‘Koduwa e ke ke be ya re kgaoletsa,
e ke ke be ya re wela hodimo.’ ”
Baiseraele ba tla kgutlela naheng ya bona
11“Mohlang oo
ke tla tsosa ntlo ya Davida,
ntlo e seng e wele.
Dikgeo tsa marako a yona
ke tla di thiba,
dithako tsa yona
le tsona ke di tsose,
ke e hahe,
e ntjhafale sa mohla monene;
12e le hore ba tle ba rue
masalla a Edomo,
le baditjhaba bohle
ba bitswang ka lebitso la ka,”
ho rialo Morena, yena ya tla etsa tsena.
13“Matsatsi a a tla,”
ho rialo Morena,
“ao ka wona ya kotulang a tla siuwa,
ya kotulang a siuwe ke ya lemang;
ya jalang le yena o tla siuwa,
a siuwe ke ya tlhotlang morara.
Veine e ntjha e tla kolla dithabeng,
e phalle e kopotsa maralleng wohle.
14Ke tla kgutlisa
tjhaba sa ka sa Iseraele,
ke kgutlise
tjhaba sa ka bothopuweng;
se tla tsosa metse e se e le masupi,
se e tsose, se phele ho yona.
Se tla lema dirapa tsa morara,
se di leme, se nwe veine ya wona;
se tla lema dirapa,
se je tholwana tsa tsona.
15Ke tla tsitsisa Baiseraele
naheng ya bona,
ke ba tsitsise,
ba se hlole ba tloswa,
naheng eo ke ba abetseng yona,”
ho rialo Morena Modimo wa lona.

Currently Selected:

AMOSE 9: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy