YouVersion Logo
Search Icon

AMOSE 8

8
Amose o bontshwa seroto se tletseng ditholwana
1Hape Morena Modimo a mpontsha sena: E ne e le seroto se tshetseng ditholwana tse butswitseng. 2A mpotsa, a re: “Amose, o bonang?”
Ka mo araba, ka re: “Ke bona seroto se tshetseng ditholwana tse butswitseng.”
Yaba Morena o re ho nna: “Nako ya ho fela ha setjhaba sa ka sa Iseraele e fihlile, mme ha nka ke ka hlola ke se hauhela. 3Mohlang oo,” ho rialo Morena Modimo, “dipina tse binwang ka tlung ya bokgosi di tla fetoha diboko. Ditopo tse ngatangata di tla rapalla kahohle, ho kgutsitse tuu!”
Ho timetswa ha Baiseraele
4Lona ba hatakelang bahloki,
utlwang mona!
Lona ba timetsang mafutsana,
mafutsana a naha ena.
5Le ntse le re:
“Kgwedi e ntjha
e tla ya neneng fifing,
re tswe re rekisa mabele a rona?
Tsatsi la Sabatha le tla feta neneng,
re tswe re bapatsa ka koro ya rona?
Re ntse re fokotsa tekanyo
re nyolla theko,
re qhekella bareki
ka dikala tsa rona tse sa nepahalang?
6Re reka mafutsana ka silefera,
re ananya mohloki ka meqathatso,
re rekisa koro le ditlhoka tsa yona?”
7Morena, yena eo Jakobo a ithorisang ka yena, o ikanne, a re: “Ha nka ke ka lebala le e nngwe ya diketso tsa bona.
8“Na naha yohle
ha e na ho thothomela,
le bohle ba ahileng ho yona
ba bokolle?
Naha yohle e tla kokomoha,
e kokomohe jwaloka Nile,
e be e nne e hlokolehe,
e nto bohlela
jwaloka noka ya Egepeta.
9“Mohlang oo,”
ho rialo Morena Modimo,
“Ke tla diketsa letsatsi
hara mpa motsheare,
fifi le kwahele lefatshe
motsheare o moholo.
10Mekete ya lona e kgethehileng
ke tla e fetola,
ke e fetole, ke e etse ya bofifi,
le dipina tsa lona tsohle
e be kodi-ya-malla.
Bohle ke tla ba apesa,
ke ba apese tse mahwashe,
ke ba kute, ke ba beole lekorana.
Nako eo e tla ka ya ho lla,
ho llela mora ya inotshi,
qetello ya yona
e ke tsatsi la mahlomola.
11“Matsatsi a a tla,”
ho rialo Morena Modimo,
“ao ka wona ke tla dihela
naha ena sekoboto,
e seng sekoboto
sa ho hloka dijo feela,
leha e le lenyora
la ho nyorelwa metsi;
e tla ba sa ho hlolohelwa
lentswe la Morena,
empa lentswe leo
ha ba ka ke ba le utlwa.
12Batho ba tla lelera
le mawatle wohle,
ba phaqole
ho tloha leboya ho ya botjhabela,
ba ntse ba batla lentswe la Morena,
empa ha ba ka ke ba le fumana.
13“Mohla tsatsi leo,
pabala tsa barwetsana
le tsa bahlankana,
di tla akgeha, di akgehiswe ke lenyora.
14Ba hlapanyang
ka medingwana ya Samaria,
kapa ba reng:
‘Ka modimo wa hao, ya phelang,
wena Dane,’
kapa ba reng:
‘Ka modimo ya phelang,
modimo wa Beeresheba,’
ba tla wa, ba sa tlohlola ba tsoha.”

Currently Selected:

AMOSE 8: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy