YouVersion Logo
Search Icon

AMOSE 7

7
Amose o bontshwa ditsie
1Sena ke seo Morena Modimo a ileng a mpontsha sona: Ha ho se ho hetswe karolo ya jwang, eo e leng ya kgosi, jwang bo qala ho hloma hape, Morena a hlahisa boiyane ba ditsie. 2Ha ditsie di kokonne naha yohle, ke ile ka howeletsa, ka re: “Morena Modimo, hauhela Jakobo hle! A ka phonyoha jwang? O sa le monyenyane haholo!”
3Yaba Morena o a hauha, o re:
“Sena se ke ke sa etsahala,”
ho rialo Morena.
Amose o bontshwa mollo
4Sena ke seo Morena a ileng a boela a mpontsha sona: Morena Modimo o ne a itokisetsa ho tla ahlola ka mollo, mme mollo o ile wa pshesa madiba a mawatle, wa tjhesa naha. 5Ke ha ke tla howeletsa, ke re: “Oho, Morena Modimo, ako kgaotse hle! Jakobo a ka phonyoha jwang? O sa le monyenyane haholo!”
6Yaba Morena Modimo o a hauha, o re:
“Le sena se ke ke sa etsahala,”
ho rialo Morena Modimo.
Amose o bontshwa kgwele e lekanyang
7Morena a boela a mpontsha sena: Morena o ne a eme pela lerako le hahilweng hantle, le otlolohileng jwaloka kgwele e lekanyang, e neng e le letsohong la hae. 8Morena a mpotsa, a re: “Amose, o bonang?”
Ka araba, ka re: “Ke bona kgwele e lekanyang.”
Morena a re: “Bona! Ke tlilo bea kgwele e lekanyang hara setjhaba sa ka sa Iseraele; ha nka ke ka hlola ke se hauhela.
9“Dibaka tsa borapedi tsa Isaka,
di tla heletswa,
le dihalalelo tsa Iseraele
di fetolwe masupi;
ke tla futuhela ntlo ya Jeroboame,
ke e futuhele ka sabole ya ka.”
Amose le Amasiya
10Yaba Amasiya, moprista wa Bethele, o romela ho Jeroboame, kgosi ya Iseraele, o re: “Amose o ntse a o rerela bora hona mona hara bana ba Iseraele. Naha ha e ka ke ya mamella puo tsena tsa hae. 11Amose o bua tjena:
“ ‘Jeroboame o tla bolawa,
a bolawe ka sabole,
ruri Baiseraele ba tla thopuwa,
ba thopelwe hole,
hole le naha ya habo bona.’ ”
12Yaba Amasiya o bua ho Amose, o re: “Tloha mona, senohe towe! Kgutlela naheng ya Juda kwana! Tsamaya o yo porofetela teng, ba tle ba o ngwathele! 13O se hlole o porofetela mona Bethele, hobane sena ke sehalalelo sa kgosi le tempele ya mmuso.”
14Amose a araba Amasiya, a re: “Ke ne ke se moporofeta kapa mora wa moporofeta, empa ke ne ke le modisana, ke bile ke hlokomela difate tsa feiye. 15Jwale Morena a mpitsa ke ntse ke alositse, a re ho nna: ‘Eya, o yo porofetela setjhaba sa ka sa Iseraele.’ 16Jwale he, utlwa seo Morena a se bolelang. Wena o re:
“ ‘O se ke wa porofetela Iseraele,
thutong ya hao
o se ke wa nyatsa ntlo ya Isaka.’ ”
17“Ka baka leo, Morena o bua tjena:
“ ‘Mohatsa hao
otla fetoha seotswa hara motse,
bara le baradi ba hao
ba bolawe ka sabole.
Naha ya heno e tla arolelwa basele,
wena o yo shwela naheng,
naheng e silafetseng.
Ruri Baiseraele ba tla thopuwa,
ba thopelwe hole,
hole le naha ya habo bona.’ ”

Currently Selected:

AMOSE 7: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy