YouVersion Logo
Search Icon

DIKETSO 5

5
Ananiase le Safira
1Monna e mong ya bitswang Ananiase, le mosadi wa hae Safira, ba rekisa tshimo. 2Ka tumellano le mosadi wa hae a itshiela karolo ya tjhelete ya thekiso, mme a isa e nngwe, a e bea maotong a baapostola.
3Yaba Petrose o re: “Ananiase, ke ka baka lang Satane a keneng pelong ya hao hore o thetse Moya o Halalelang, mme o itshiele karolo ya tjhelete ya thekiso ya tshimo? 4Ha e eso rekiswe, na e ne e se ya hao na? Ha e se e rekisitswe, na tjhelete e ne e se matleng a hao na? Ke ka baka lang o ileng wa rera ka pelong ya hao ho etsa ketso ee? Ha o a thetsa batho, empa o thetsitse Modimo.”
5Yare ha Ananiase a utlwa mantswe ana, a re fatshe sihla! yaba o a shwa. Bohle ba utlwileng ba tlelwa ke tshabo. 6Bahlankana ba ema, ba mo phutha, ba mo nkela kantle, ba mo epela.
7Ha feta dihora tse ka bang tharo, mosadi wa hae a kena, a sa tsebe se etsahetseng. 8Petrose a re ho yena: “Ako mpolelle, na le fela le rekisitse tshimo hakaalo?”
Yena a re: “E, hakaalo.”
9Petrose a re ho yena: “Ke ka baka lang le dumellaneng ho leka Moya wa Morena? Utlwa diqi tsa ba tswa epela monna wa hao di monyako, le wena ba tla o nkela kantle.”
10Hanghang mosadi a wela maotong a hae, a shwa. Bahlankana ha ba kena ba fumana a shwele; ba mo nkela kantle, ba ya mo epela pela monna wa hae. 11Kereke yohle le bohle ba utlwileng tsena ba tshoha haholo.
Baapostola ba etsa mehlolo le dimakatso tse ngata
12Ka matsoho a baapostola ha etswa mehlolo le dimakatso tse ngata hara setjhaba. Badumedi bohle ba phuthehela lethuleng la Solomone ba le maikutlo a le mang. 13Empa ha e le ho ba bang, ho ne ho se le ya mong ya betang pelo ho ikopanya le bona, leha setjhaba se ne se ba rorisa. 14Leha ho le jwalo, ba dumelang ho Morena ba nna ba eketseha, e le palo e kgolo ya banna le basadi. 15Batho ba ne ba tlisa bakudi ditseleng, ba ba beile dibetheng, le diphateng, e le hore ha Petrose a feta, seriti sa hae bonyane se mpe se sire ba bang ba bona. 16Le bongata bo tswang metseng e kathoko ho Jerusalema ba kgobokana, ba tlisa bakudi le ba tshwenngwang ke meya e ditshila, mme bohle ba fodiswa.
Baapostola ba a hloriswa
17Moprista e Moholo le ba nang le yena, ba mokga wa Basaduke, ba ema lepaketla, ba tlala mohono, 18ba tshwara baapostola, ba ba hlahlela tjhankaneng ya setjhaba. 19Empa bosiu lengeloi la Morena la bula menyako ya tjhankana, la ba ntsha, la re: 20“Eyang, le eme ka Tempeleng, mme le bolelle setjhaba ditaba tsohle tsa bophelo bona.”
21Ha ba utlwile, ba kena ka Tempeleng e sa le hoseng, mme ba ruta.
Ha Moprista e Moholo le ba nang le yena ba fihla, ba bitsa lekgotla le baholo bohle ba bana ba Iseraele, mme ha romelwa tjhankaneng hore ho yo latwa baapostola. 22Empa bahlanka ha ba fihla, ba fumana ba le siyo ka tjhankaneng. Ha ba kgutlile ba bolela, 23ba re: “Re fumane tjhankana e ntse e kwetswe ka thata, le balebedi ba eme menyako, empa ha re bula ra fumana ho se motho kahare.” 24Ha molaodi wa Tempele, le baprista ba baholo ba utlwa mantswe ana, ba ipotsa hore na ntho ena ya baapostola e tla fella kae.
25Eaba e mong o fihla a re ho bona: “Helang! Banna bao le neng le ba kentse tjhankaneng, ba eme ka Tempeleng, ba ruta setjhaba.” 26Yaba molaodi o ya le bahlanka, mme ba ba tlisa, feela e se ka dikgoka, hobane ba ne ba tshaba setjhaba, esere sa ba tlepetsa ka majwe.
27Ha ba ba tlisitse, ba ba emisa ka kgotla, mme Moprista e Moholo a ba botsa, 28a re: “Re le laetse ka thata hore le se ke la ruta ka lebitso lena, empa bonang, le tlatsitse thuto ya lona Jerusalema, mme le batla ho re jarisa molato wa ho bolaya motho eo!”
29Yaba Petrose le baapostola ba a araba, ba re: “Eka kgona ho mamelwe Modimo ho ena le batho. 30Modimo wa bo-ntata rona o tsositse Jesu bafung, eo le mmolaileng ka ho mo thakgisa sefapanong. 31Monna enwa Modimo o mo phahamisitse ka letsoho la hae le letona hore e be Mmusi le Mopholosi, ya tla nea Iseraele pako le tshwarelo ya dibe. 32Rona le Moya o Halalelang, oo Modimo a o neileng ba mo mamelang, re dipaki tsa ditaba tsena.”
33Ha lekgotla le utlwa, la hlabeha haholo, mme la rera ho ba bolaya. 34Empa Mofarisi e mong ya bitswang Gamaleele, eo e neng e le moruti wa Molao, ya hlonetjhwang ke setjhaba sohle, a ema hara lekgotla, a laela hore banna bao ba ntshetswe kantle ho se hokae. 35A nto re ho lekgotla: “Banna ba Iseraele, hlokomelang seo le hopotseng ho se etsa ho banna bana. 36Pele ho matsatsi ana ho ile ha hlaha Theudase ya neng a re yena ke mangmang. Palo ya banna ba mo latelang e ne e ka ba makgolo a mane. A bolawa, mme bohle ba neng ba dumetse ho yena ba qhalana, ba fetoha lefeela. 37Kamorao ho mona ha hlaha Judase, Mogalelea, mehleng ya ha ho ne ho balwa batho, mme a kgelosa batho, ba mo latela. Le yena monna eo a timela, mme bohle ba neng ba dumetse ho yena ba qhalana. 38Jwale ke re ho lona: Kgaohanang le banna bana, le ba lese. Hobane haeba morero ona kapa mosebetsi ona ke wa batho, o tla senyeha, 39empa haeba ke wa Modimo, ha le ka ke la ba fedisa, esere la fumanwa le le ba lwantshang Modimo.” Yaba ba a mo mamela.
40Hoba ba bitse baapostola, ba ba shapa, ba ba laya hore ba se hlole ba bua ka lebitso la Jesu, ba nto ba lokolla.
41Ha e le baapostola, ba tloha kgotla ba nyakaletse, hobane ba fumanwe ba lokelwa ke ho tlontlollwa ka baka la lebitso la Jesu. 42Ka tsatsi le leng le le leng ha ba a ka ba phetsa ho ruta le ho kgothatsa ka Jesu Kreste, ka Tempeleng, le ka malapeng ka bonngwe.

Currently Selected:

DIKETSO 5: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy