YouVersion Logo
Search Icon

DIKETSO 19

19
Paulosi motseng wa Efese
1Ha Apolosi a ntse a le Korinthe, Paulosi yena a tsamaya hodima dihlaba, a ya fihla Efese, mme a fumana barutuwa ba bang hona teng. 2A re ho bona: “Na le ne le amohele Moya o Halalelang mohla le dumelang na?”
Ba araba, ba re: “Ha re eso ka re utlwa hore ho na le Moya o Halalelang.”
3A re: “Ha ho le jwalo le kolobeditswe ka kolobetso efe?”
Ba re: “Ka kolobetso ya Johanne.”
4Yaba Paulosi o re: “Johanne o ile a kolobetsa ka kolobetsa ya pako, a ntse a bolella batho hore ba dumele ho ya tlang kamorao ho yena, e leng ho Jesu.” 5Ha ba utlwa hona, ba kolobetswa ka lebitso la Jesu. 6Ha Paulosi a ba bea matsoho, Moya o Halalelang wa theohela hodima bona, ba bua dipuopuo, mme ba porofeta. 7Banna bao kaofela ba ne ba ka ba leshome le metso e mmedi.
8Ka dikgwedi tse tharo Paulosi a nna a kena ka tlung ya thapelo ya Bajuda. A bua ka sebete, a arabisana le bona, mme a ba kgodisa ka tsa Mmuso wa Modimo. 9Empa ha ba bang ba ithatafatsa dipelo, ba hana ho dumela, mme ba bua hampe ka Tsela ya Morena kapele ho badumedi bohle, a tloha ho bona a tsamaya le barutuwa ba hae. A buisana le batho ka tsatsi le leng le le leng sekolong sa Tiranose. 10Hona ha etsahala ka lemo tse pedi, hoo bohle ba ahileng Asia, Bajuda le Bagerike, ba ileng ba utlwa lentswe la Morena.
Bara ba Sekefa
11Modimo a etsa diketso tse matla, tse sa tlwaelehang, ka matsoho a Paulosi, 12hoo ha dituku kapa diforesekoto tse amileng mmele wa hae di ne di bewa hodima bakudi, malwetse a ne a ye a fole, le meya e mebe e tswe ho bona.
13Bajuda ba bang ba baleleri, ba lelekang meya e mebe, le bona ba leka ho bitsa lebitso la Morena Jesu hodima ba nang le meya e mebe, ba re: “Ke le laela ka lebitso la Jesu ya bolelwang ke Paulosi.” 14Ba etsang hona e ne e le bara ba supileng ba Moprista e Moholo wa Mojuda ya bitswang Sekefa. 15Empa moya o mobe wa araba, wa re ho bona: “Jesu ke a mo tseba, esita le yena Paulosi ke a mo tseba, empa lona le bo-mang?” 16Yaba monna ya nang le moya o mobe o a ba tlolella, mme a ba hlola bohle ka matla, ba ba ba baleha tlung eo ba tsotse, ba le maqeba.
17Bohle ba phelang Efese, Bajuda le Bagerike, ha ba utlwa taba ena, kaofela ba tshoha, mme lebitso la Morena Jesu la tumiswa. 18Ba bangata ba badumedi ba tla, ba bolela diketso tsa bona tsa boloi pepeneneng. 19Ba bangata ba neng ba loya ba bokella dibuka, ba di tjhesa pontsheng ya bohle. Ha ba kopanya theko ya dibuka, ba fumana e le dikete tse mashome a mahlano tsa silefera. 20Ka mokgwa oo lentswe la Morena la ata, mme la matlafala.
Moferefere motseng wa Efese
21Hoba tsena di phethahale, Paulosi a rera ka pelong ya hae ho feta Masedonia le Akaya ho ya Jerusalema, a re: “Ha ke se ke fihlile teng, eka kgona ke etele le Roma.” 22Kahoo a roma batlatsi ba hae ba babedi, e leng Timothea le Erasetose, ho ya Masedonia; yena a ka a sala Asia nakwana.
23Ka nako eo ha tsoha moferefere o moholo Efese ka baka la Tsela ya Morena. 24Monna e mong wa setei sa silefera, ya bitswang Demetriose, o ne a etsa ditempelana tsa Aretemise ka silefera, mme a fumantsha basebetsi mouno o mongata. 25A ba phutha mmoho le basebetsi ba tse jwalo, a re: “Banna, le a tseba hore katleho ya rona e tswa kgwebong ena. 26Le a bona, mme le a utlwa hore Paulosi enwa o re medimo e entsweng ke batho hase medimo, mme o kgelositse letshwelehadi, e seng mona Efese feela, empa e batla e le Asia yohle. 27Hase kgwebo ena ya rona feela e kotsing ya ho nyediseha, empa le yona tempele ya mofumahadi Aretemise, modimo o moholo, e lekgatheng la ho tadingwa e le lefeela, le boholo ba hae bo nyenyefatswe, yena eo naha yohle ya Asia le lefatshe lohle le mo hlomphang.”
28Ha ba utlwa tsena, ba halefa haholo, ba howa, ba re: “O moholo Aretemise wa Baefese!” 29Motse wa tlala pherekano, mme batho ba phallela lebaleng la dipapadi mmoho, ba tshwere banna ba babedi, Gaiose le Arisetarekose, ba tswang Masedonia, ba neng ba feleheditse Paulosi leetong. 30Yare ha Paulosi a rata ho kena mokgoping oo, barutuwa ba mo hanela. 31Ba bang ba ka sehloohong pusong ya Asia, bao e neng e le metswalle ya hae, le bona ba mo romela molaetsa, ba mo rapela hore a se ke a ya itlhahisa lebaleng la dipapadi.
32Jwale ba bang ba howa dintho tse fapaneng, hobane phutheho e ne e ferekane, mme bongata bo sa tsebe hore na bo phuthehetseng. 33Ba bang ba letshwele ba re Alekesandere a bue, ha Bajuda ba ntse ba mo sutumeletsa kapele. Alekesandere a phoka ka letsoho, a rata ho ikarabella ho letshwele. 34Empa ha ba lemoha hore ke Mojuda, bohle ba howa ka ntswe le le leng, dihora tse ka bang pedi, ba re: “O moholo Aretemise wa Baefese!”
35Yare hoba mongodi wa motse a kgutsise letshwele, a re: “Banna ba Efese, ekaba ke motho ofe ya sa tsebeng kamoo motse wa Efese e leng mmaballi wa tempele ya mofumahadi Aretemise e moholo, le wa setshwantsho se weleng lehodimong kateng? 36Ha ho ya ka hanyetsang tsena; ka baka leo, eka kgona le kgutse, le se ke la etsa letho ka potlako. 37Le tlisitse banna bana, bao e seng mashodu a tse ka tempeleng, kapa banyefodi ba modimo wa rona. 38Haeba Demetriose le basebetsi bao a nang le bona ba na le hoo ba ka qosang motho ka hona, lekgotla le butswe, mme ho na le baahlodi; a ba ke ba qosane teng. 39Empa haeba le batla ho hong hape, hoo ho ka hlahlojwa pitsong ya molao. 40Etswe re kotsing ya ho qoswa ka moferefere wa kajeno, le hoja ho se seo re ka se arabelang lereberebeng lena.” 41Hoba a rialo, a qhala mokgopi.

Currently Selected:

DIKETSO 19: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy