YouVersion Logo
Search Icon

DIKETSO 18

18
Paulosi motseng wa Korinthe
1Kamora tsena, Paulosi a tloha Athene, a ya Korinthe. 2Teng a fumana Mojuda e mong ya bitswang Akulase, ya tswaletsweng Ponto, ya neng a sa tswa fihla, a etswa Italia le mosadi wa hae Prisilla, hobane Tlelaudiose o ne a laetse hore Bajuda bohle ba tlohe Roma. Paulosi a ya ho bona, 3mme kaha e ne e le batho ba mosebetsi o le mong, a hlola le bona, mme ba sebetsa mmoho. Mosebetsi wa bona e ne e le wa ho etsa ditente. 4A buisana le batho ka tlung ya thapelo ka Sabatha se seng le se seng, a leka ho kgodisa Bajuda le Bagerike.
5Yare ha Silase le Timothea ba fihla ba etswa Masedonia, Paulosi a hapeha ke lentswe la Modimo ka ho tlala, a paka ho Bajuda hore Jesu ke Mesia. 6Empa yare ha ba mo hanyetsa, ba mo nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: “Madi a lona a be hodima dihlooho tsa lona; nna ha ke na molato. Ho tloha jwale ke tla ya ho baditjhaba.”
7Yaba o tloha teng, o ya ha motho ya bitswang Tite Jusetose, ya hlomphang Modimo, eo ntlo ya hae e neng e bapile le ntlo ya thapelo. 8Jwale Kerisepose, mookamedi wa ntlo ya thapelo, a dumela ho Morena, yena le lelapa la hae lohle. Le ba bangata ba Bakorinthe ha ba utlwa, ba dumela, mme ba kolobetswa.
9Jwale Morena a bua le Paulosi ka pono, bosiu, a re: “O se ke wa tshaba, empa o nne o bue, o se ke wa kgutsa. 10Ke na le wena, mme ha ho ya tla o lwantsha, le ho o etsa hampe, hobane ke na le batho ba bangata motseng ona.” 11A dula moo selemo le kgwedi tse tsheletseng a ntsa ruta lentswe la Modimo hara bona.
12Ha Galeo e le mmusisi wa Akaya, Bajuda ba tsohela Paulosi matla ka maikutlo a le mang, mme ba mo isa kgotla, 13ba re: “Monna enwa o kgothaletsa batho hore ba hlomphe Modimo ka mokgwa o hananang le Molao.”
14Yare ha Paulosi a re o tla bua, Galeo a re ho Bajuda: “Bajuda ting, haeba ho ne ho hlile ho ena le molato o itseng kapa bolotsana bo bobe, ho ka be ho lokela hore ke le mamelle, 15empa haeba ke kgang ya mantswe, ya mabitso le ya Molao wa lona, le ka bona e le lona; ha nka ke ka ba moahlodi wa tsena.” 16Yaba o ba leleka kgotla. 17Jwale bohle ba tshwara Sosethenese, mookamedi wa ntlo ya thapelo, ba mo teteka kapela lekgotla, empa Galeo a se ke a tsotella letho la ditaba tsena.
Paulosi o kgutlela Antiokia
18Paulosi ha a se a hlotse Korinthe matsatsi a mangata, a dumedisa badumedi, a kena ka sekepeng ho tshelela Siria, a ena le Prisilla le Akulase. Ha a le Kenkeria a ikuta lekorana, hobane o ne a entse kano. 19Jwale ba theohela Efese, moo a ileng a ba siya teng. Empa yena a kena ka tlung ya thapelo, mme a buisana le Bajuda. 20Bona ba mo kopa hore a hlole nako e teletsana, empa a se ke a dumela, 21a mpa a ba dumedisa, a re: “Ke tla boela ho lona ha Modimo a rata.” A tloha Efese ka sekepe. 22Ha a fihla Sesaria, a nyolohela Jerusalema ho ya dumedisa kereke, a nto theohela Antiokia.
23Hoba a hlole teng nako e itseng a tloha, a tsamaya hohle naheng ya Galatia le Firigia ka ho latelana, a ntse a matlafatsa barutuwa bohle.
Apolosi o ruta batho ba Efese
24Moo Efese ha fihla Mojuda e mong ya bitswang Apolosi, ya tswaletsweng Alekesanderia, e le monna wa kgeleke, ya neng a hlalefetse Mangolo ka ho tlala. 25O ne a rutilwe Tsela ya Morena. A bua ka ho tjheseha moyeng, a ruta ditaba tse amanang le Jesu ka hloko, le hoja a ne a tseba kolobetso ya Johanne feela. 26A qala ho bua ka sebete ka tlung ya thapelo, mme ha Prisilla le Akulase ba mo utlwile ba mo isa ha bona, ba mo hlalosetsa Tsela ya Modimo ka hloko e fetang.
27Yare ha a rera ho ya Akaya, badumedi ba mo kgothaletsa, mme ba ngolla barutuwa hore ba mo amohele. Ha a se a fihlile, a ba le thuso e kgolo ho bao e bileng badumedi ka mohau wa Modimo, 28hobane o ne a hlola Bajuda pontsheng, ka matla a maholo, a supa ka Mangolo hore Jesu ke Mesia.

Currently Selected:

DIKETSO 18: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy