YouVersion Logo
Search Icon

2 TIMOTHEA 4

4
1Pela Modimo le Kreste Jesu, yena ya tla ahlola ba phelang le ba shweleng, le ka baka la boiponahatso ba hae le ka Mmuso wa hae, ke ipiletsa ho wena, ke re: 2Phatlalatsa lentswe, o pheelle ho le bolela, ebang le a amohelwa kapa ha le amohelwe; nyatsa, kgalemela, kgothatsa, o ntse o ruta ka mamello yohle. 3Nako e a tla eo ka yona ba sa tlong ho mamella thuto ya nnete, empa ho ya ka ditakatso tsa bona ba tla ipokellela baruti ba bangata, ba tlang ho ba bolella tse natefelang ditsebe tsa bona. 4Ba tla ithiba ditsebe hore ba se ke ba mamela nnete, ba mamele ditshomo. 5Empa wena o itshware dinthong tsohle, u tiisetse matshwenyeho, o etse mosebetsi wa ho phatlalatsa molaetsa o molemo, o phethe tshebetso ya hao hantle.
6Ha e le nna ke se ke le lekgatheng la ho etswa sehlabelo, mme nako ya ho shwa ha ka e fihlile. 7Ke lwanetse tsa Modimo senna, ke qetile thota ya peiso, ke bolokile tumelo. 8Jwale ke se ke beetswe mofapahlooho wa ho loka, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tlang ho mputsa ka wona ka Letsatsi lela; e seng nna feela, empa le bohle ba lebeletseng boiponahatso ba hae.
Ditaelo tse newang Timothea
9Potlakela ho tla ho nna kapele, 10hobane Demase o ntahlile ka ho rata lefatshe lena, mme o iketse Thesalonika; Keresekese o ile Galatia; Tite o ile Dalamatia. 11Ke Luka feela ya setseng le nna. Tloo le Mareka, hobane o nthusa haholo mosebetsing. 12Tikikose yena ke mo romile Efese. 13Ha o etla o ntlele le kobo eo ke e siileng Terowase, ha Karapose; le dibuka, haholoholo tsa matlalo.
14Aleksandere, eo e leng lelala la lethose, o nkentse hampe haholo. Morena o tla mo nea moputso o lokelang diketso tsa hae. 15Le wena o itlhokomele, hobane o ile a hanyetsa dipolelo tsa rona ka matla.
16Ha ke ne ke qala ho ikarabella kgotla, ha ho ya kileng a nkemela, empa bohle ba ile ba ntshabella. E se e ka ba ke ke ba ahlolelwa hoo. 17Empa Morena o ile a ba le nna, a mmatlafatsa, hore ke tle ke phatlalatse molaetsa o molemo ka ho tlala, baditjhaba bohle ba tle ba o utlwe. Ka lopollwa tleneng tsa tau. 18Morena o tla nne a ntopolle mesebetsing yohle e kgopo, a mpholose, a nkise Mmusong wa hae wa lehodimo. Tlotla e ke e be ho yena kamehla le mehla. A ho be jwalo!
Ditumediso tsa ho qetela
19Dumedisa Priseka le Akulase, le ba lelapa la Onesiforose. 20Erasetuse o ile a sala Korinthe, athe Terofimose yena ke mo siile Mileta a kula. 21Potlakela ho tla e eso be mariha. Eubulose, le Pudese, le Lenose, le Tlelaudia le bana babo rona bohle ba a o dumedisa.
22Morena a ke a be le moya wa hao. Mohau o ke o be le lona.

Currently Selected:

2 TIMOTHEA 4: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy