YouVersion Logo
Search Icon

2 SAMUELE 14

14
Joabe o lokisetsa ho kgutla ha Abosalome
1Joabe, mora wa Seruya, a bona hore pelo ya kgosi e ngongorehela Abosalome. 2Yaba Joabe o roma leqosa Tekowa, ho ya lata mosadi ya bohlale hona teng, mme a re ho mosadi eo: “Ke a o kopa: Iketsise, eke o motho ya llelang mofu, o apare seaparo sa bofifi, mme o se ke wa itlotsa ka ole; o be jwaloka mosadi ya qetileng matsatsi a mangata a llela mofu. 3Jwale o ye ho kgosi, o yo bua le yona ka mokgwa ona.” Yaba o bolella mosadi eo seo a tla se bua.
4Mosadi enwa wa Tekowa a ya bua le kgosi. Ha a fihla a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho, a re: “Oho, kgosi, nthuse!”
5Kgosi ya re ho yena: “O jewa keng?”
Mosadi a araba, a re: “Nna ke mosadi wa mohlolohadi. Monna wa ka o shwele. 6Lekgabunyane la hao le ne le ena le bara ba babedi. Bara bao ba ile ba lwana kwana hara naha, moo ho neng ho se motho ya ka ba namolang. E mong a bata e mong, mme a mmolaya. 7Jwale lelapa lohle le tsohetse lekgabunyane la hao matla, mme le re: ‘Neelana ka ya bolaileng ngwanabo, re mmolaye, hobane o bolaile ngwanabo; re be re bolaye le yena mojalefa wa hae.’ Ka mokgwa ona ba tla mpolaela ngwana ya seng a ntshaletse, ebe lebitso la monna wa ka le a fela lefatsheng.”
8Kgosi ya re ho mosadi enwa: “Kgutlela ha hao, mme ke tla fana ka taelo mabapa le wena.”
9Yaba mosadi enwa wa Tekowa o boela a re ho kgosi: “Oho, monga ka, kgosi, molato ona e be wa ka, le wa lelapa leso; wena, kgosi, le lelapa la hao, le hloke molato.”
10Kgosi ya re: “Mang kapa mang ya ka o buisang letho, o mo tlise ho nna, mme a ke ke a hlola a o ama.”
11Yaba mosadi o re: “Ke a o rapela: E se eka kgosi e ka rapela Morena Modimo wa yona, a thibela mophetetsi wa madi a tsholotsweng, hore a se ke a timetsa mora wa ka.”
Kgosi ya re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, leha e le qoba e le nngwe feela ya moriri wa mora wa hao, e ke ke ya wela fatshe!”
12Jwale mosadi a re: “Ke a o rapela: Dumella lekgabunyane la hao le ke le bue lentswenyana ho monga ka, kgosi.”
Kgosi ya re: “Bua!”
13Mosadi enwa a re: “Ke ka lebaka lang ha o hopolela setjhaba sa Modimo ntho e tjee? Leha kgosi e bua mantswe ana, kgosi e a itswa, hobane ha e eso ka e lata mora wa yona ya phaphathehileng. 14Bohle re tlameha ho shwa. Re jwaloka metsi a qhaletsweng fatshe, a ke keng a hlola a bokellwa. Le yena Modimo ha a furalle batho, empa o etsa matsapa a hore ya lelekilweng ke batho a se ke a lahlwa ke Modimo.
15“Jwale ha e le mona ke tlile ho bua ka taba ena le kgosi, monga ka, ke hobane ke tshositswe ke setjhaba, mme lekgabunyane la hao le ile la re: ‘Ke tla bua le kgosi, mme mohlomong kgosi e ka phethahatsa kopo ya lekgabunyane la yona. 16Ka re kgosi e tla mmamela, e namolele lekgabunyane la yona matsohong a motho ya tla re o a le timetsa, a timetse le mora wa lona, naheng eo Modimo a e neileng setjhaba sa hae.’
17“Jwale lekgabunyane la hao le re: ‘Ke a o kopa: Lentswe la monga ka, kgosi, le ke le ntshedise. Monga ka, kgosi, o tseba ho hlalohanya bobe le botle, jwaloka lengeloi la Modimo. Morena Modimo wa hao, a ke a be le wena.’ ”
18Kgosi ya araba, ya re ho mosadi eo: “O se ke wa ba wa mpatela ntho efe kapa efe eo ke tla o botsa yona.”
Mosadi a re: “Monga ka, kgosi, ha a ke a bue.”
19Kgosi ya re: “Na Joabe o teng morerong oo?”
Mosadi a araba, a re: “Ke hlapanya ka monga ka, ka kgosi e phelang, ha ho kamoo nka latolang kateng seo monga ka, kgosi, a se buileng. Mohlanka wa hao Joabe o ile a ntaela, a re ke tle ke bue mantswe ana wohle. 20Mohlanka wa hao Joabe o entse hona hore a tle a tle tabeng ena ka lekeke. Empa monga ka o bohlale jwaloka lengeloi la Modimo, mme o tseba tsohle tse etsahalang lefatsheng.”
21Yaba kgosi e re ho Joabe: “Ho lokile; tsamaya o yo lata mohlankana, Abosalome.”
22Joabe a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho, a lakaletsa kgosi mahlohonolo, mme a re: “Oho, monga ka, kgosi ya ka, kajeno mohlanka wa hao o a tseba hore o mo hauhetse, hobane kgosi e phethahaditse kopo ya mohlanka wa yona.”
23Joabe a tloha, a ya Geshure, mme a tla le Abosalome, Jerusalema.
24Yaba kgosi e re: “Ere Abosalome a ye tlung ha hae, feela a se ke a ba a mpona.” Kahoo Abosalome a ya tlung ha hae, mme a se ke a ba a bona kgosi.
Abosalome o boelana le Davida
25Naheng yohle ya Iseraele ho ne ho se monna e motle, ya babatsehang jwaloka Abosalome. O ne a hloka sepha ho tloha bohatong ba leoto ho ya fihla hloohong. 26Ha a qeta ho kuta moriri wa hae, o ne a ye a o bee sekaleng, mme o etse boima bo ka bang dikilo tse pedi tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ke mmuso. O ne a ye a o kute qetellong ya selemo, o se o entse sehlothohadi, o mo imela.
27Abosalome a ba le bara ba bararo, le moradi a le mong, ya neng a bitswa Tamare. E ne e le Seilatsatsi.
28Abosalome a aha Jerusalema ka dilemo tse pedi, empa a se ke a bona kgosi. 29Yaba Abosalome o bitsa Joabe hore o tlo mo roma ho kgosi, empa Joabe a se ke a tla. A boela a mmitsa lekgetlo la bobedi, empa a nna a hana ho tla. 30Ka baka leo, Abosalome a re ho bahlanka ba hae: “Le a tseba hore tshimo ya Joabe e pela ya ka, mme o e jetse harese; tsamayang le yo e tjhesa!” Bahlanka ba Absalome ba tjhesa tshimo eo.
31Joabe a tloha, a ya ho Abosalome, lapeng ha hae, a fihla a re ho yena: “Ke hobaneng ha bahlanka ba hao ba tjhesitse tshimo ya ka?”
32Abosalome a re ho Joabe: “Bona mona, ke ile ka o bitsa, ka re o tle kwano, ke tlo o roma ho kgosi, o yo re ho yona: ‘Ke hobaneng ke latilweng Geshure? Ho ka be ho le molemo hoja ke ntse ke le moo.’ Jwale a nke ke bone kgosi; haeba ke ena le molato, e mpolaye!”
33Yaba Joabe o fihla ho kgosi, o e bolella tsena. Kgosi ya bitsa Abosalome, mme ha a fihla ho kgosi a itihela fatshe ka sefahleho, kapele ho kgosi, mme kgosi ya mo aka.

Currently Selected:

2 SAMUELE 14: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy