YouVersion Logo
Search Icon

2 DIKGOSI 25

25
Ho hapuwa Jerusalema
(2 Dik. 36:13-21; Jer. 52:3-11)
1Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya leshome, ka selemo sa borobong sa puso ya Sedekiya, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a futuhela Jerusalema ka mabotho a hae wohle, a fihla a hloma pela motse. Ba haha diqhobosheane ho o potapota. 2Motse oo wa etsetswa thibella ho fihlela ka selemo sa leshome le motso o mong sa puso ya kgosi Sedekiya. 3Ka letsatsi la borobong la kgwedi ya bone selemong sona seo, tlala e ne e se e le kgolo hara motse, hoo setjhaba sa naha eo se neng se se se hloka le thathana ya bohobe feela.
4Baahi ba motse oo ba phunya dikgeo marakong, bahlabani bohle ba baleha bosiu, ba tswa ka kgoro e pakeng tsa marako a mabedi, e pela tshimo ya kgosi. Bakalatiya ba ne ba ntse ba potapotile motse oo. Kgosi ya nka tsela e lebang phuleng. 5Bahlabani ba Bakalatiya ba phaladisa kgosi, ba e tshwara ha e le diphuleng tsa Jeriko. Bahlabani bohle ba kgosi ba e qhalanela, ya sala e le inotshi. 6Yaba Bakalatiya ba tshwara kgosi Sedekiya, ba mo isa ho kgosi ya Babilona, yona e le Ribela, moo ba ileng ba mo ahlolela hona teng. 7Ba bolaya bara ba Sedekiya moo a ntseng a ba shebile, yena ba mo honya mahlo, ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, ba mo isa Babilona.
Ho tjheswa Tempele
(Jer. 52:12-33)
8Ka letsatsi la bosupa la kgwedi ya bohlano, e leng ka selemo sa leshome le metso e robong sa puso ya Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, e leng mohlanka wa kgosi ya Babilona, a tla Jerusalema. 9Nebusaradane a tjhesa Tempele ya Morena, le ntlo ya kgosi, le matlo wohle a Jerusalema, le matlo wohle a banna ba mabitso. 10Bahlabani bohle ba Bakalatiya, ba neng ba ena le molaodi wa balebedi, ba heletsa marako a potapotileng Jerusalema. 11Jwale Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa batho ba neng ba setse motseng, le baphaphathehi ba ileng ba ineela ho kgosi ya Babilona, le masalla a ditsebi tsa mosebetsi wa matsoho. 12Empa molaodi wa balebedi a siya mafutsana a naha eo hore a leme masimo a morara le masimo a dijo.
13Ditshiya tsa lethose, le ditshehetso tsa tsona, le tanka ya lethose eo baprista ba tollang ka ho yona, tsena di ne di le ka Tempeleng ya Morena, mme Bakalatiya ba di pshatla, ba nka lethose la tsona, ba le isa Babilona. 14Dipitsa, le dikgarafu, le ditimamabone, le dikgaba, le dintho tsohle tse entsweng ka lethose, tseo ho neng ho sebeletswa ka tsona, ba di nka. 15Molaodi wa balebedi a nka le dipane, le dikotlolo, le dintho tse ding tse entsweng ka kgauta, le tse entsweng ka silefera.
16Boima ba lethose lohle le entseng ditshiya tse pedi, le tanka, le ditshehetso tseo Solomone a neng a di etseditse Tempele ya Morena, bo ne bo ke ke ba lekanngwa. 17Bophahamo ba tshiya e le nngwe e ne e le dimethara tse robedi. Kahodima yona ho ne ho ena le kotola ya lethose, bophahamo ba yona e ka ba methara le halofo. Moqhaka wa yona, le dikgarenate tse potapotileng kotola, kaofela di ne di entswe ka lethose. Le tshiya ya bobedi e ne e tshwana le ena ya pele ka mokgabiso.
Setjhaba sa Bajuda se iswa Babilona
(Jer. 52:24-27)
18Molaodi wa balebedi a thopa Seraya, Moprista e Moholo, le Sofonea, letsoho la Moprista e Moholo, le balebedi ba bararo ba monyako wa Tempele. 19Hona motseng moo a ba a thopa molaodi ya neng a okametse bahlabani, le banna ba bahlano, ba bao e neng e le baeletsi ba kgosi, bao a fumaneng ba ntse ba le moo motseng. A thopa le mongodi e moholo wa molaodi wa mabotho, ya neng a hlabela setjhaba sa naha eo mokgosi, le banna ba mashome a tsheletseng ba baahi ba naha eo, ba neng ba le teng moo motseng. 20Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa batho bana, a ba isa Ribela, ho kgosi ya Babilona. 21Kgosi ya Babilona ya ba kgakgatha, ya ba bolaela hona moo Ribela, naheng ya Hamate.
Yaba ka mokgwa o jwalo Bajuda ba ntshwa naheng ya bona.
Gedaleya, mmusi wa Juda
(Jer. 40:7-9; 41:1-3)
22Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a kgetha Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, hore e be yena mmusi wa Bajuda ba ileng ba sala moo. 23Ha balaodi bohle ba mabotho, mmoho le bahlabani ba bona, ba utlwa hore kgosi ya Babilona e kgethile Gedaleya hore e be mmusi, batho bana ba ya ho Gedaleya, a le Misepa: Ishemaele, mora wa Netaniya, le Johanane, mora wa Karea, le Seraya, mora wa Tanehumete wa Monetofa, le Jaasanea, mora wa monna ya ahileng Maaka; ba ya le bahlabani ba bona. 24Gedaleya a ba hlapanyetsa, mmoho le bahlabani ba bona, a re: “Le tla iphelela hantle. Le se ke la tshaba ho ba bahlanka ba Bakalatiya. Ahang naheng ena, le sebeletse kgosi ya Babilona.”
25Empa ka kgwedi ya bosupa Ishemaele, mora wa Netaniya, setloholo sa Eleshama wa leloko la kgosi, a tla a ena le banna ba leshome, a fihla a bolaya Gedaleya, a bolaya le Bajuda le Bakalatiya ba neng ba ena le yena moo Misepa. 26Setjhaba sohle sa ba baholo le ba banyenyane, le balaodi ba mabotho, sa balehela Egepeta, hobane se ne se tshaba Bakalatiya.
Jehoyakine o lokollwa tjhankaneng
(Jer. 52:31-34)
27Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e supileng, ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi, selemong sa mashome a mararo a metso e supileng sa ho kenngwa tjhankaneng ha Jehoyakine, kgosi ya Juda, Efile-Merodake, kgosi ya Babilona, a qala ho busa. A hauhela Jehoyakine, kgosi ya Juda, a mo lokolla tjhankaneng. 28Efile-Merodake a mo tshwara hantle, a mo nea hlompho e fetang eo a neng a e nea dikgosi tse ding tseo a di thopileng. 29Jehoyakine a hlobola diaparo tseo a neng a di apara ha a le tjhankaneng, mme a jela tafoleng e le nngwe le kgosi ka matsatsi wohle a ho phela ha hae. 30Ka letsatsi le leng le le leng, kgosi ya Babilona ya mo nea tjhelete ya ho iphedisa, ho fihlela a eshwa.

Currently Selected:

2 DIKGOSI 25: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy