YouVersion Logo
Search Icon

2 DIKGOSI 24

24
1Ha Jehoyakime a ntse a busa, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a mo futuhela, mme a mo hlola; Jehoyakime ya eba mohlanka wa hae ka dilemo tse tharo. Hamorao Jehoyakime a fetohela Nebukadenesare. 2Jwale Morena a neella Jehoyakime ka mabothwana a Bakalatiya, le a Baarame, le a Bamoabe, le a Baamone; a a romela Juda, ho ya e timetsa, mme ha phethahala polelo ya Morena, eo a neng a e bue ka bahlanka ba hae, baporofeta. 3Tsena tsa etsahala ho Bajuda ka taelo ya Morena, hore a tle a ba hleke kapele ho mahlo a hae, ka baka la dibe tsohle tseo Manase a neng a di etse. 4Hape e ne e le ka baka la madi a se nang molato, ao Manase a neng a a tsholle, a etsa hore madi a se nang molato a phalle kahohle Jerusalema; kahoo Morena a sitwa ho mo tshwarela.
5Diketso tse ding tsa Jehoyakime, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda. 6Yaba Jehoyakime o a shwa, mme Jehoyakine, mora wa hae, a mo hlahlama.
7Kgosi ya Egepeta ya se ke ya hlola e futuha, hobane kgosi ya Babilona e ne e hapile tsohle tseo e neng e le tsa kgosi ya Egepeta, ho tloha molatswaneng wa Egepeta, ho ya fihla nokeng ya Euferatese.
Puso ya Jehoyakine, kgosi ya Juda
(2 Dik. 36:9,10)
8Jehoyakine o ne a ena le dilemo tse leshome le metso e robedi ha a qala ho busa, mme a busa ka dikgwedi tse tharo, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Nehusheta, moradi wa Elenathane, eo hahabo e neng e le Jerusalema. 9Jehoyakine a etsa bobe mahlong a Morena, a latela tsohle tseo ntatae a neng a ile a di etsa.
10Ka yona nako eo, balaodi ba mabotho a Nebukadenesare ba futuhela motse wa Jerusalema, ba o etsetsa thibella. 11Ha balaodi bao ba mabotho a hae ba ntse ba etseditse motse oo thibella, Nebukadenesare a itlisa ka nama. 12Jehoyakine, kgosi ya Juda, a tswa motseng, a ya ineela ho kgosi ya Babilona, a ena le mmae, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le bahlanka ba hae ba mahaole.
Kgosi ya Babilona ya mo thopa ka selemo sa borobedi sa puso ya yona. 13Jwalokaha Morena a ne a ile a bolela, Nebukadenesare a hahara matlotlo wohle a Tempele ya Morena, le matlotlo a ntlo ya kgosi. A pshatla dintho tsohle tsa kgauta, tseo Solomone, kgosi ya Iseraele, a neng a di etseditse Tempele ya Morena. 14A thopa baahi bohle ba Jerusalema, le mahosana wohle, le bahlabani bohle, kaofela e le bathopuwa ba dikete tse leshome. A thopa le ditsebi tsohle tsa mesebetsi ya matsoho, le malala wohle, ha se ke ha sala le ya mong, haese mafutsana a naha eo.
15A thopa le Jehoyakine, le mmae, le basadi ba kgosi, le bahlanka ba yona ba mahaole, le bahlabani ba naha eo, a ba tlosa Jerusalema, a ba isa bothopuweng Babilona. 16Bahlabani bohle ba dikete tse supileng, le ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho, le malala a sekete, le bohle ba dinatla, ba matsholathebe, le bona kgosi Nebukadenesare a ba tlosa Jerusalema, a ba isa bothopuweng Babilona.
Puso ya Sedekiya, kgosi ya Juda
(2 Dik. 36:11,12; Jer. 52:1-3)
17Kgosi ya Babilona ya bea Mataneya, rangwana Jehoyakine, hore e be kgosi ya Juda, mme ya fetola lebitso la hae, ya mo rea la Sedekiya.
18Sedekiya o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a motso o mong ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Hamutale, moradi wa Jeremia eo hahabo e neng e le Lebena. 19Sedekiya a etsa bobe mahlong a Morena, a latela tsohle tseo Jehoyakime a neng a ile a di etsa. 20Morena a halefela baahi ba Jerusalema le ba Juda, hoo a qeteletseng a ba lelekile kapele ho sefahleho sa hae.
Yaba Sedekiya o fetohela kgosi ya Babilona.

Currently Selected:

2 DIKGOSI 24: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy