YouVersion Logo
Search Icon

2 DIKGOSI 16

16
Puso ya Akase, kgosi ya Juda
(2 Dik. 28:1-27)
1Ka selemo sa leshome le metso e supileng sa puso ya Peka, mora wa Remaleya, Akase, mora wa Jotame, kgosi ya Juda, a qala ho busa. 2Akase o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng a le Jerusalema. Ha a a ka a kgahlisa Morena Modimo wa hae, jwalokaha Davida, ntataemoholo, yena a ile a kgahlisa Morena. 3O ile a tsamaya mehlaleng ya dikgosi tsa Iseraele. Ka ho etsa nyehelo ya setjheso ka mora wa hae, a etsa manyala a kang a neng a etswa ke ditjhaba tseo Morena a neng a di leleke kapele ho bana ba Iseraele. 4Hape a etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, le tse hodima dithaba, le tse katlasa difate tsohle tse talana, mme a tjhesetsa mokubetso hona teng.
5Jwale Resine, kgosi ya Arame, le Peka, mora wa Remaleya, kgosi ya Iseraele, ba futuhela Jerusalema. Ba etsetsa Akase thibella, empa ba se ke ba mo hlola. 6Ka yona nako eo Resine, kgosi ya Arame, a boela a hapa motse wa Elate, mme a leleka Bajuda moo Elate. Baarame ba fihla Elate, mme le kajeno-ya-bokajeno ba sa ahile moo.
7Akase a romela maqosa ho Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria, a re: “Nna ke mohlanka wa hao, le mora wa hao. Tloo, o tlo nnamolela matsohong a kgosi tsa Arame le Iseraele, tse mphutuhetseng.” 8Akase a hahara silefera le kgauta ka Tempeleng ya Morena, le ka matloleng a ntlo ya kgosi, mme a di romela ho kgosi ya Asiria, e le mpho. 9Kgosi ya Asiria ya ananela kopo ya Akase; ya futuhela Damaseka, ya e hapa, ya thopa le batho ba teng, ya ba isa Kire, mme ya bolaya Resine.
10Kgosi Akase a ya Damaseka ho ya kopana le Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria. Ha a le moo, a bona aletare. Kgosi ya romella setshwantsho sa aletare eo, le diqaqiso tsa yona ho moprista Uriya. 11Moprista Uriya a haha aletare eo ho ya ka diqaqiso tsohle tseo kgosi Akase a ileng a di romela a le Damaseka. Yaba o haha aletare eo kgosi Akase a eso kgutle Damaseka. 12Ha kgosi e fihla ho tswa Damaseka, ya bona aletare, ya atamela ho yona, ya hlwella mehatong ya yona. 13Kgosi ya tjhesetsa nyehelo ya yona ya setjheso, le nyehelo ya dijo hodima aletare eo, ya tshela le nyehelo ya yona ya dino hodima yona; ya foka hodima aletare ka madi a tse hlabetsweng ho etsa nyehelo ya teboho. 14Kgosi Akase a tlosa aletare ya Morena, e entsweng ka lethose, e neng e le kapele ho Tempele, pakeng tsa aletare e ntjha le Tempele ya Morena, a e bea ka leboya ho aletare e ntjha.
15Jwale kgosi Akase a laela moprista Uriya, a re: “Hodima aletare e kgolo o tjhesetse nyehelo ya setjheso ya hoseng, le nyehelo ya kgosi ya dijo, mmoho le nyehelo ya setjheso ya setjhaba sohle sa naha eo, le nyehelo ya sona ya dijo, le nyehelo ya sona ya dino. Hodima yona o foke ka madi wohle a tse hlabetsweng nyehelo ya setjheso, le ka madi wohle a tse hlabetsweng ho etsa sehlabelo. Aletare ya lethose yona, ke eo ke tla botsa Morena ke le ho yona.” 16Moprista Uriya a etsa tsohle, ho ya ka taelo ya kgosi Akase.
17Kgosi Akase a qhaqholla dikariki tsa lethose tse neng di le ka Tempeleng, a tlosa dikotlolo tse hodima tsona. A tlosa tanka eo baprista ba tollang, ka ho yona e hodima mekokotlo ya dipholo tsa lethose, a e bea lebaleng la majwe. 18Kahobane kgosi Akase a ne a rata ho kgahlisa kgosi ya Asiria, a fedisa tselana e ruletsweng, eo a neng a tsamaya ka yona ka Sabatha, a kwala le monyako o kantle, oo a neng a kena ka wona ka Tempeleng ya Morena.
19Diketso tse ding tsa Akase di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda. 20Akase a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Mora wa hae, Hesekiya, a mo hlahlama.

Currently Selected:

2 DIKGOSI 16: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy