YouVersion Logo
Search Icon

2 DIKGOSI 10

10
Ditloholo tsa Akabe di a bolawa
1Akabe o ne a ena le bara ba mashome a supileng motseng wa Samaria. Jehu a ngola mangolo, a a romela Samaria ho babusi ba motse, le ho baholo ba setjhaba, le ho bahodisi ba bana ba Akabe. Mangolong ao o ne a itse: 2“Bana ba monga lona ba ho lona moo; le bile le na le dikariki tsa ntwa, le dipere, le qhobosheane, le dihlomo tsa ntwa. Hanghang ha lengolo lena le fihla ho lona, 3le kgethe e mong wa bara ba monga lona, eo le bonang a lokela, a bile a tshwanela, le mmee teroneng ya ntatae, mme le lwanele ntlo ya monga lona.”
4Empa ba kenwa ke tshabo e kgolo, ba re: “Jehu o hlotse dikgosi tse pedi! Rona re ka mo etsang?”
5Mookamedi wa lelapa la kgosi, le mmusi wa motse, le baholo ba setjhaba, le bahodisi ba bana ba Akabe, ba romela molaetsa ho Jehu, ba re: “Re bahlanka ba hao, mme re tla etsa tsohle tseo o tla re laela tsona. Ha re ka ke ra bea kgosi e nngwe; wena etsa seo o bonang se lokile.”
6Jwale Jehu a ba ngolla lengolo la bobedi, a re: “Haeba le le ba ka, mme eba le tla mamela ditaelo tsa ka, hosasane, ka yona nako ena, le nke dihlooho tsa bara ba monga lona, le tle ho nna mona Jesereele.”
Bara ba kgosi ba ne ba le mashome a supileng, ba le matsohong a banna ba baholo ba motse, ba ba hodisitseng. 7Yare ha lengolo le fihla ho bona, ba tshwara bara ba kgosi ba mashome a supileng, ba ba bolaya, ba kenya dihlooho tsa bona ka dirotong, ba di romela Jesereele, ho Jehu.
8Moromuwa a fihla ho Jehu, a re: “Ba tlisitse dihlooho tsa bara ba kgosi Akabe.”
Yaba Jehu o re: “Di etseng diqubu tse pedi, le di bee kgorong ya motse ho fihlela hosasane, hoseng.”
9Ka la hosasane, e sa le hoseng, Jehu a tswa, a ya ema kgorong ya motse, a re ho setjhaba sohle se teng moo: “Lona ha le na molato. Ke nna ya ileng a rera monga ka, ka mmolaya. Empa baa bohle ba bolailwe ke mang? 10Jwale tsebang hore tsohle tseo Morena a di buileng ka lelapa la Akabe di tla phethahala, hobane Morena o entse seo a neng a se bue ka mohlanka wa hae Elia.” 11Ka baka leo, Jehu a bolaya bohle ba lelapa la Akabe ba neng ba setse Jesereele, le banna bohle bao e neng e le ditshiya tsa hae, le metswalle ya hae, le baprista ba hae, ho fihlela ho sa sala le ya mong.
Ho bolawa bang ka kgosi Akasiya
12Jwale Jehu a ema, a tloha Jesereele, a ya Samaria. Ha a ntse a tsamaya, a fihla sebakeng se bitswang Motebong, 13moo a ileng a teana le bana babo Akasiya, kgosi ya Juda, mme a re ho bona: “Le bo-mang?”
Ba mo araba, ba re: “Re bana babo Akasiya. Re theohela tlase kwana ho ya boka dikgomo ho bana ba kgosi le ho bana ba mofumahadi.”
14Jehu a re: “Ba tshwareng!” Ba ba tshwara, ba ba bolaela pela sediba se hona moo Motebong. E ne e le banna ba mashome a mane a metso e mmedi, mme ba se ke ba siya le ya mong.
Ho bolawa masalla a bang ka Akabe
15Hoba Jehu a tlohe moo Motebong, a kopana le Jehonadabe, mora wa Rekabe, a etla ho tla mo kgahlanyetsa. Jehu a mo dumedisa, mme a re ho yena: “Na o nthata jwalokaha ke o rata?”
Jehonadabe a araba, a re: “Ho jwalo!”
Jehu a re: “Haeba ho le jwalo, ntshware ka letsoho.” Jehonadabe a mo tshwara ka letsoho, mme Jehu a mo hlwesetsa ka kariking ya ntwa. 16Yaba Jehu o re: “Tloo, o tlo bona kamoo ke tjhesehelang Morena kateng.” Jwale ba palama kariki ya Jehu ya ntwa.
17Ha a fihla Samaria, a bolaya masalla wohle a ba lelapa la Akabe, a neng a le moo Samaria. A fedisa lelapa leo, ho ya kamoo Morena a neng a laele Elia kateng.
Ho bolawa ba rapelang Baale
18Jehu a kgobokanya setjhaba sohle, mme a re ho sona: “Akabe o ile a sebeletsa Baale hanyenyane, empa Jehu yena o tla sebeletsa Baale haholo. 19Ka baka lena, mpitsetseng baporofeta bohle ba Baale, le bahlanka bohle ba hae, le baprista bohle ba hae. Ho se be le ya mong ya tla ba siyo, hobane ke tla etsetsa Baale sehlabelo se seholo. Mang kapa mang ya tla ba siyo a ke ke a phela.” Feela Jehu o ne a etsa leqheka, ka morero wa hore a tle a bolaye ba rapelang Baale.
20Jehu a boela a re: “Phatlalatsang hore ho tla ba le phutheho a halalelang ya Baale!” Yaba ba a e phatlalatsa. 21Jehu a romela maqosa hohle naheng ya Iseraele. Bohle ba rapelang Baale ba tla, mme ha se ke ha eba le ya mong ya sa tleng. Ba fihla ba kena ka tempeleng ya Baale, mme ya tlala tswete! 22Jehu a re ho mohlokomedi wa kamore ya diaparo: “Tlisetsa bohle ba rapelang Baale diaparo!” Eo a ba tlisetsa tsona.
23Yaba bo-Jehu le Jehonadabe, mora wa Rekabe, ba kena ka tempeleng ya Baale. Jehu a re ho ba rapelang Baale: “Hlahlobisisang, le ikgodise hore hara lona mona ha ho le ya mong wa bahlanka ba Morena, haese ba rapelang Baale feela.” 24Ha ba kena ka tempeleng ho ya etsa mahlabelo le dinyehelo tsa setjheso, Jehu o ne a ile a bea banna ba mashome a robedi kantle, mme a re ho bona: “Haeba e mong wa banna bana bao ke ba beang matsohong a lona a ka phonyoha, ya tla mo tlohela hore a phonyohe o tla bolawa bakeng sa eo ya phonyohileng!”
25Hanghang hoba Jehu a qete ho etsa nyehelo ya setjheso, a re ho balebedi le ho balaodi: “Kenang, le ba bolaye! Ho se be le ya mong ya ka tswang!” Ba ba bolaya ka disabole. Balebedi le balaodi ba ba lahlela kantle, ba nto kena kaharehare ho tempele ya Baale. 26Ba ntsha sefika sa thupa se ka tempeleng ya Baale, ba se tjhesa. 27Ba thua sefika sa Baale, ba heletsa le tempele ya hae, ba e etsa mohlabana ho fihlela kajeno-ya-bokajeno. 28Ka mokgwa ona, Jehu o fedisa Baale naheng ya Iseraele.
29Leha ho le jwalo, dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba etse sebe, tsona ha a a ka a di tlohela, a nna a kgumamela namane ya kgauta e neng e le Bethele, le e neng e le Dane.
30Jwale Morena a re ho Jehu: “Kahobane a entse hantle ha o phethahatsa tseo mahlong a ka di lokileng, mme lelapa la Akabe o le entse tsohle tseo ke neng ke di rata, bana ba hao ba tla dula teroneng ya Iseraele ho isa molokong wa bone.” 31Empa Jehu a se ke a tsotella ho tsamaya ka molao wa Morena Modimo wa Iseraele, ka pelo ya hae yohle, hobane ha a a ka a tlohela dibe tsa Jeroboame, ya neng a etse hore Baiseraele ba etse sebe.
Lefu la Jehu
32Mehleng yona eo, Morena a qala ho ngotla naha ya Baiseraele. Hasaele a ba hlola ka nqeng tsohle tsa naha ea Iseraele; 33ho tloha ka botjhabela ho Jorodane, e leng naha yohle ya Gileade, le ya ba morabe wa Gade, le wa Rubene, le wa Manase, le ho tloha Arowere e pela noka ya Arenone, ho ya fihla Gileade le bashane.
34Diketso tse ding tsa Jehu, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le tsa bohlabani ba hae, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo ya Dikgosi tsa Iseraele.
35Jehu a shwa, mme a epelwa Samaria. Mora wa hae, Jehowakase, a mo hlahlama. 36Jehu o ne a ile a busa naha ya Iseraele ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e robedi.

Currently Selected:

2 DIKGOSI 10: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy