YouVersion Logo
Search Icon

2 DIKETSAHALO 24

24
Puso ya Jowashe, kgosi ya Juda
(2 Dikg. 12:1-16)
1Jowashe o ne a ena le dilemo tse supileng ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mane, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Sebiya, eo ha habo e neng e le Beeresheba. 2Jowashe a kgahlisa Morena ka nako yohle ya ho phela ha moprista Jehoyada. 3Jehoyada a mo nyadisa basadi ba babedi, mme a tswala bara le baradi.
4Kamora nako e itseng, Jowashe a rera ho lokisa Tempele ya Morena. 5A bitsa baprista le Balevi, a re ho bona: “Tsamayang, le ye metseng ya Juda, mme le ntshise Baiseraele bohle tjhelete ya lekgetho ya selemo se seng le se seng, e tla lokisa Tempele ya Morena, mme taba ena le e potlakise.” Leha ho le jwalo, Balevi ba se ke ba e potlakisa.
6Yaba kgosi e bitsa Moprista e Moholo, Jehoyada, mme ya re ho yena: “Ke ka baka lang o sa kang wa qhoqha Balevi hore ba tlise tjhelete ya lekgetho eo Moshe, mohlanka wa Morena, mmoho le setjhaba sa Iseraele, a ileng a laela hore setjhaba sa Juda le baahi ba Jerusalema ba e ntshetse Tente ya Morena?”
7Bara ba Ataleya, mosadi yane ya kgopo, ba ne ba ile ba thua Tempele ya Modimo, le dimpho tsohle tse halalelang tsa Tempele ya Morena, ba di abela tshebeletso ya bo-Baale.
8Ka taelo ya kgosi ba etsa letlole, mme ba le bea monyako wa Tempele ya Morena. 9Ba phatlalatsa hara naha yohle ya Juda le Jerusalema, hore ho tlisetswe Morena tjhelete ya lekgetho, eo Moshe, mohlanka wa Modimo, a ileng a re Baiseraele ba tle ba e ntshe, ha a ne a le lehwatateng. 10Mahosana wohle le setjhaba sohle sa nyakalla, mme sa tlisa dimpho tsa sona ka letloleng, ho fihlela le tlala. 11Ha Balevi ba ne ba tlisa letlole lena ka tlung ya kgosi, mme ba fumana le ena le tjhelete e ngata, mongodi wa kgosi, le mohlanka wa Moprista e Moholo, ba ne ba ye ba ntshe tjhelete ka letloleng, mme ba le busetse hape sebakeng sa lona. Ka letsatsi le leng le le leng ba ne ba etsa jwalo, mme ba bokella tjhelete e ngata.
12Bo-kgosi le Jehoyada ba ne ba ye ba e nee ba lokisang Tempele ya Morena, bao ba hire dibetli tsa majwe, le dibetli tsa mapolanka, ho lokisa Tempele ya Morena; ba hire le ba sebetsang ka tshepe, le ka lethose, ho thiba dikgeo tse Tempeleng ya Morena.
13Basebetsi ba sebetsa ka thata, ba phetha mosebetsi, mme ba kgutlisetsa Tempele ya Morena sebopehong sa yona, ba e matlafatsa. 14Ha ba se ba e qetile, ba tlisa tjhelete e setseng ho kgosi le ho Jehoyada, mme ka yona ha etswa thepa ya Tempele ya Morena, le dintho tse sebeletsang, le tsa ho etsa dinyehelo, le dikgaba, le dintho tse entsweng ka kgauta, le ka silefera. Ka matsatsi wohle a ho phela ha Jehoyada, ba nna ba etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso ka Tempeleng ya Morena.
15Ha Jehoyada a se a tsofetse, e se e le mobu, a hlokahala a ena le dilemo tse lekgolo le mashome a mararo. 16A epelwa Motseng wa Davida, le dikgosi tse ding, hobane o ne a sebeleditse Iseraele, le Modimo, le Tempele ya Modimo hantle.
Bokgopo ba Jowashe
17Hoba Jehoyada a shwe, mahosana a Juda a tla boka dikgomo ho kgosi, mme kgosi ya a mamela. 18Mahosana a furalla Tempele ya Morena Modimo wa bo-ntata wona, a sebeletsa ditshwantsho tsa Ashera le medimo ya bohata. Ka baka la tshito ena ya wona, kgalefo ya Morena ya tlokomela setjhaba sa Juda le baahi ba Jerusalema. 19Le hoja Morena a ile a ba a romela baporofeta ho kgutlisetsa setjhaba ho yena, ha se a ka sa mamela.
20Moya wa Modimo wa theohela hodima Sekariya, mora wa moprista Jehoyada, mme yena a ema hara setjhaba, a re: “Modimo o bua tjena: ‘Ke ka baka lang le tlolang ditaelo tsa Morena, le bile le sa atlehe? Ke kahobane le furaletse Morena, mme le yena o le furaletse.’ ”
21Ka taelo ya kgosi ba mo rera, ba mmolaya, ba mo tlepetsa ka majwe a le lebaleng la Tempele ya Morena. 22Jowashe a se ke a ba a hopola molemo oo Jehoyada, ntata Sekariya, a ileng a mo etsetsa wona, yaba o bolaya mora wa Jehoyada. Ha Sekariya a eshwa, a re: “Morena a ke a le bone, mme a le otle!”
Qetello ya puso ya Jowashe
23Ha selemo se ilo fela, mabotho a Baarame a futuhela Jowashe. Mabotho ao a fihla naheng ya setjhaba sa Juda le Jerusalema, a bolaya mahosana wohle a setjhaba, mme tsohle tseo a di hapileng, a di isa ho kgosi ya maseka. 24Lebotho la Arame e ne e le sehlotshwana sa bahlabani, empa Morena a neelana ka lebotho le leholo la Baiseraele matsohong a Baarame, hobane Baiseraele ba ne ba furaletse Morena Modimo wa bo-ntata bona. Ka mokgwa ona ba ahlola Jowashe. 25Baarame ba mo siya ba mo ntshitse dikotsi tse tshabehang. Bahlanka ba hae ba mo rera, hobane o ne a ile a bolaya bara ba moprista Jehoyada. Ba mmolaela diphateng tsa hae, mme a shwa. Ba mo epela Motseng wa Davida, empa e seng mabitleng a dikgosi.
26Ba ileng ba mo rera ke bana: Sabada, mora wa Shimate, eo e neng e le mosadi wa Moamone, le Jehosabada, mora wa Shimerite, eo e neng e le mosadi wa Bamoabe. 27Ha e le taba tsa bara ba hae, le tsohle tseo a ileng a di porofetelwa, le tsa ho lokisa Tempele ya Modimo, tsena di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi. Amasiya, mora wa hae, a mo hlahlama.

Currently Selected:

2 DIKETSAHALO 24: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy