YouVersion Logo
Search Icon

2 DIKETSAHALO 23

23
Setjhaba se fetohela Ataleya
(2 Dikg. 11:4-16)
1Ka selemo sa bosupa Jehoyada a imatlafatsa. A etsa tumellano le balaodi ba bahlabani ba lekgolo, e leng Asariya, mora wa Jehorame, le Ishemaele, mora wa Jehohanane, le Asariya, mora wa Obede; le Maasiya, mora wa Adaya, le Eleshafade, mora wa Sikeri. 2Ba potoloha le naha ya Juda, ba phutha Balevi ba tswang metseng yohle ya Juda, le dihlooho tsa malapa a Iseraele, ba nto kgutlela Jerusalema. 3Setjhaba sohle sa etsa tumellano le kgosi ka Tempeleng ya Modimo.
Jehoyada a re ho setjhaba: “Mora wa kgosi o tla busa jwalokaha Morena a ile a tshepisa ditloholo tsa Davida. 4Seo le tla se etsa ke sena: Sehlopha sa pele, sa dihlopha tse tharo, se kenang mosebetsing ka Sabatha, e leng sa baprista le Balevi, se tla lebela menyako. 5Sehlopha sa bobedi se tla lebela ntlo ya kgosi, sa boraro sona se lebele kgoro e bitswang Kgoro ya Motheo. Setjhaba sohle se tla ba ka lebaleng la Tempele ya Morena. 6Ho se be ya kenang ka Tempeleng ya Morena, haese baprista feela, le Balevi ba sebeletsang. Ke bona feela ba tla kena, hobane ba a halalela. Empa setjhaba sohle sona se tla ela hloko ditaelo tsa Morena. 7Balevi bohle ba tla teela kgosi hare, motho le motho a tshwere dihlomo tsa hae. Mang kapa mang ya tla kena ka Tempeleng a bolawe. Le be le kgosi hohle moo e yang teng.”
8Balevi, le setjhaba sohle sa Juda, ba phetha kahohle kamoo moprista Jehoyada a neng a ba laetse kateng. Molaodi ka mong a tla le balebedi ba hae ba kenang mosebetsing ka Sabatha; a ba kopanya le ba neng ba tshwanela ho phomola ka Sabatha, ka ha moprista Jehoyada a ne a sa ba lokolla mosebetsing ka Sabatha. 9Moprista Jehoyada a nea balaodi ba bahlabani ba lekgolo marumo a kgosi Davida, le dithebe tsa hae, le dithejana tsa hae, tse neng di le ka Tempeleng ya Modimo. 10A hlophisa setjhaba sohle, monna ka mong a tshwere dihlomo tsa hae. Theko ya bona ya tloha ntlheng e ka letsohong le letona la Tempele, ho isa ntlheng e ka letsohong le letshehadi, ho potapota Tempele, le aletare, ba teetse kgosi hare. 11Jwale Jehoyada a hlahisa mora wa kgosi, ba mo rwesa mofapahlooho, ba mo nea le Buka ya Molao, mme ba mo etsa kgosi. Jehoyada le bara ba hae ba mo tlotsa, mme ba re: “Kgosi e ke e re phelele!”
Lefu la Ataleya
12Ha Ataleya a utlwa ditlatse tsa setjhaba, ha se ntse se matha, mme se phafa kgosi, a tla ho sona ka Tempeleng ya Morena. 13A tadima, mme a bona kgosi e eme pela tshiya a pela monyako, mahosana le baletsi ba diterompeta ba le pela kgosi. Setjhaba sohle sa nyakalla, sa letsa diterompeta, le dibini, ka diletsa tsa tsona tsa etella mmino pele. Ataleya a hahola diaparo tsa hae, a re: “Bohlabaphiyo! Bohlabaphiyo!”
14Moprista Jehoyada a laela balaodi ba bahlabani ba lekgolo, e leng baokamedi ba mabotho, a re ho bona: “Mo ntsheng kahara mokgopi! Motho ya tla mo sala morao a bolawe ka sabole!” Moprista Jehoyada o ne a ile a re: “Ha a tshwanele ho bolaelwa ka Tempeleng ya Morena.” 15Ba mo tshwara, mme ya re ha a fihla Monyakong wa Dipere, pela ntlo ya kgosi, ba mmolaya.
Jehoyada o etsa diphetoho
(2 Dikg. 11:17-20)
16Jwale Jehoyada a etsa selekane pakeng tsa hae le setjhaba, le kgosi, hore e be setjhaba sa Morena. 17Setjhaba sohle sa kena ka tempeleng ya Baale, sa e heletsa, sa thuakanya dialetare le ditshwantsho tsa Baale, sa bolaela Matane, moprista wa Baale, kapele ho dialetare tseo.
18Jehoyada a bea baprista, e leng Balevi, hore ba hlokomele Tempele ya Morena. Ke bao Davida a neng a ba abetse hore ba sebeletse ka Tempeleng ya Morena, ba etsetse Morena dinyehelo tsa setjheso, jwalokaha ho ngotswe Bukeng ya Molao wa Moshe. Ba etsa hona ba nyakaletse, ba bina jwalokaha Davida a ile a ba laela. 19A bea balebedi menyakong ya Tempele ya Morena, e le hore mang kapa mang ya sesila a se ke a kena ka ho yona.
20Jehoyada, a ena le balaodi ba bahlabani ba lekgolo, le mahosana, le babusi ba setjhaba, le setjhaba sohle, ba ntsha kgosi ka Tempeleng ya Morena. Ba kena ka tlung ya kgosi ka Monyako o Kahodimo, mme ba e bea hodima terone ya puso. 21Setjhaba sohle sa naha eo sa nyakalla, motse wa eba le kgotso, kamora hoba Ataleya a bolawe ka sabole.

Currently Selected:

2 DIKETSAHALO 23: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy