YouVersion Logo
Search Icon

2 DIKETSAHALO 20

20
Jehoshafate o hlola Bamoabe le Baamone
1Kamora tsena, Bamoabe, le Baamone, le Bameune ba bang, ba futuhela Jehoshafate.
2Batho ba bang ba fihla, ba bolella Jehoshafate, ba re: “Lebotho le leholohadi, le tswang Edomo, ka nqane ho lewatle, le a tla, le tlilo o futuhela. Le se le le Hasesone-Tamare, e leng Ene-Gedi.” 3Jehoshafate a tshoha, mme a ipiletsa ho Morena. A phatlalatsa hore naheng yohle ya Juda ho itingwe dijo. 4Setjhaba sa Juda sa kgobokana ho tla ipiletsa ho Morena. Se ne se etswa metseng yohle ya Juda, ho tla ipiletsa ho Morena.
5Jehoshafate a ema kahara setjhaba sa Juda le sa Jerusalema, a le Tempeleng ya Morena, kapele ho seotlwana se setjha. 6A re: “Oho, Morena Modimo wa bo-ntata rona, na hase wena Modimo ya lehodimong? Na hase wena ya busang mebuso yohle ya baditjhaba? Letsoho la hao le matla hoo ho seng ya ka emang kapele ho wena. 7Na hase wena Modimo wa rona, ya ileng a leleka baahi ba naha ee kapele ho setjhaba sa hao sa Iseraele, wa ba wa e nea ditloholo tsa Aborahama, motswalle wa hao, kamehla yohle? 8Setjhaba sa hao se ile sa aha naheng ena, sa o hahela sehalalelo ho yona, hore o tle o kgumamellwe teng, mme sa ba sa re: 9‘Haeba bobe bo ka re wela hodimo, eba re ka bolawa ka sabole, kapa ra ahlolwa, kapa ra welwa ke lefu la sewa, kapa sekoboto, re tla ema kapele ho Tempele ena, le kapele ho wena, hobane ke moo o kgumamellwang teng. Tsietsing ya rona re tla ipiletsa ho wena, mme o tla re utlwa, o re pholose.’
10“Ha bana ba Iseraele ba ne ba etswa Egepeta, o ne o ba laele hore ba se ke ba futuhela Baamone, le Bamoabe, le ditjhaba tse tswang thabeng ya Seire, mme ba fela ba ba kwekwetla, ba se ke ba ba timetsa. 11Empa jwale ako bone: Ba re putsa ka ho tla re leleka naheng ena ya hao, eo o neng o re nee yona hore e be lefa la rona. 12Oho, Modimo wa rona, ako ba ahlole! Re hloka matla a ho lwantsha lebothohadi lena le re futuhetseng. Ha re tsebe le seo re ka se etsang, empa rona re tshepile wena.”
13Setjhaba sohle sa Juda se ne se eme kapele ho Morena, se ena le masea a sona, le basadi ba sona, le bana ba sona.
14Jwale Moya wa Morena wa theohela hodima Jahaseele, mora wa Sekariya, setloholo sa Benaya, setloholwana sa Jeiele, setlohotloholwana sa Mataneya, eo e neng e le Molevi wa leloko la Asafo. Wa theohela hodima hae a ntse a le kahara setjhaba.
15Yaba Jahaseele o re: “Lona bohle ba setjhaba sa Juda, le lona baahi ba Jerusalema, le wena kgosi Jehoshafate, mamelang! Morena o bua tjena ho lona: ‘Le se ke la tshaba, leha e le ho nyahama dipelo, ka baka la letshwelehadi lena, hobane ntwa ena hase ya lona, empa ke ya Modimo. 16Hosasane le ba futuhele. Ba tla tla ka tsela e nyolohang ka moepeng wa Sisa, mme le tla ba fumana moo kgohlo e fellang teng, kapele ho lehwatata la Jeruele. 17Ha ho na ho hlokahala hore le lwane; le ikemele feela, le tle le bone ha Morena a pholosa setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema. Le se ke la tshaba, kapa la tshoha; hosasane le ba futuhele, hobane Morena o tla ba le lona.’ ”
18Jwale Jehoshafate a obamela fatshe ka sefahleho. Baahi bohle ba naha ya Juda le baahi bohle ba Jerusalema, ba itihela fatshe kapele ho Morena, ba mo kgumamela. 19Balevi ba morabe wa Kohate, le Balevi ba morabe wa Kora, ba ema, ba rorisa Morena Modimo, ka mantswe a phahameng.
20Ba tsoha e sa le ka madungwadungwana, ba ya lehwatateng la Tekowa. Ha ba ntse ba tsamaya, Jehoshafate a ema, a re: “Lona baahi ba Juda, le lona baahi ba Jerusalema, mmameleng! Tshepang Morena Modimo wa lona, mme le ke ke la sisinyeha. Tshepang baporofeta ba hae, mme le tla atleha.” 21Hoba Jehoshafate a rerisane le setjhaba, a kgethela Morena dibini tse neng di tla rorisa Morena di kgabile ka tse halalelang, ha di ntse di eteletsa lebotho pele. Di ne di bina, di re:
“Rorisang Morena,
hobane mohau wa hae
ke wa kamehla yohle.”
22Eitse ha dibini di qala ho bina, Morena a etsa hore Baamone, le Bamoabe, le ba tswang thabeng ya Seire, ba neng ba futuhetse naha ya Juda, ba lallwe, mme ba hlolwe. 23Baamone, le Bamoabe, ba fetohela baahi ba tswang thabeng ya Seire, ba ba bolaya, ba ba timetsa ho hang. Hoba ba timetse baahi ba Seire, Baamone le Bamoabe ba bolayana ka bobona.
24Eitse ha ba lebotho la setjhaba sa Juda ba fihla toreng e lehwatateng, mme ba tadima, ba bona letshwelehadi e se e le ditopo tse rapaletseng fatshe, ho se le ya mong ya phonyohileng. 25Ha Jehoshafate le setjhaba sa hae ba ilo hapa, ba fumana maruo a mangata, le diaparo, le dintho tsa bohlokwa. Yaba ba inkela matlotlo ao, mme a eba mangata hoo ba bileng ba sitwa ho a nka kaofela. Kgapo e ne e le ngata hoo ba ileng ba nka matsatsi a mararo ba ntse ba e bokella.
26Ka letsatsi la bone ba kgobokana ka kgohlong ya Beraka, ba rorisa Morena. Ka baka leo, sebaka seo sa rewa lebitso la Kgohlo ya Beraka, mme ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno se ntse se bitswa jwalo. 27Jwale bohle ba setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema, ba kgutlela Jerusalema ka thabo, ba eteletswe pele ke Jehoshafate. Ba ne ba thabile, hobane Morena a ne a ile a etsa hore ba hlole dira tsa bona. 28Ba kena motseng wa Jerusalema, ka Tempeleng ya Morena, ba ntse ba letsa dikatara, le diharepa, le diterompeta.
29Mebuso yohle ya dinaha tseo ya tshaba Modimo, ha e utlwa hore Morena o hlotse dira tsa Iseraele. 30Mmuso wa Jehoshafate wa eba le kgotso, hobane Modimo wa hae a ne a mo neile boiketlo kahohle.
Jehoshafate o qetella ho busa
(1 Dikg. 22:41-50)
31Jehoshafate a busa ba naha ya Juda. Ha a qala ho busa o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo a metso e mehlano. A busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Asuba, moradi wa Shilehi. 32Jehoshafate a tsamaya mehlaleng ya ntatae Asa, a se ke a kgeloha, a mpa a kgahlisa Morena. 33Leha ho le jwalo, dibaka tsa borapedi tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ha di a ka tsa fediswa, hobane setjhaba se ne se eso ka se ikemisetsa ho sebeletsa Modimo wa bo-ntata sona.
34Diketso tse ding tsa Jehoshafate, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Jehu, mora wa Hanani, eo ditaba tsa hae di ngotsweng Bukeng ya Dikgosi tsa Iseraele.
35Kamora tsena, Jehoshafate, kgosi ya Juda, a etsa selekane le Akasiya, kgosi ya Iseraele, ya neng a le kgopokgopo. 36Jehoshafate a etsa tumellano le Akasiya hore ba hahe dikepe tse tla ya Tarashishe. Dikepe tseo tsa hahelwa motseng wa Esione-Gebere. 37Jwale Eleesere, mora wa Dodawa, ya tswang Maresha, a porofetela Jehoshafate bobe bo tla mo hlahela, a re: “Kahobane o entse selekane le Akasiya, Morena o sentse mosebetsi wa hao.” Kahoo dikepe tsa hae tsa pshatleha, tsa sitwa ho ya Tarashishe.

Currently Selected:

2 DIKETSAHALO 20: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy