YouVersion Logo
Search Icon

2 DIKETSAHALO 19

19
Moporofeta o kgalemela Jehoshafate
1Jehoshafate, kgosi ya Juda, a kgutlela tlung ya hae Jerusalema, ka kgotso. 2Jehu, mora wa Hanani wa moporofeta, a ya mo kgahlanyetsa, mme a re ho kgosi Jehoshafate: “Na ke hantle ho thusa batho ba kgopo, le ho rata ba hloileng Morena? Ka baka leo, Morena o o halefetse. 3Leha ho le jwalo, o entse ho hong ho lokileng: O tlositse ditshwantsho tsa Ashera naheng ena, mme o itokiseditse ho sebeletsa Modimo.”
Jehoshafate o etsa diphetoho
4Jehoshafate o ne a ahile Jerusalema, empa o ne a ye a tsamaye hara setjhaba, ho tloha Beeresheba ho ya fihla naheng e maralla ya Efraime, a ntse a bolella setjhaba hore se kgutlele ho Morena Modimo wa bo-ntata sona. 5Naheng yohle ya Juda a bea moahlodi motseng o mong le o mong o haheleditsweng. 6A re ho baahlodi bana: “Hlokomelang seo le se etsang, hobane ha le ahlolele motho, empa le ahlolela Morena, ya leng teng ha le ahlola. 7Ka baka leo, tshabang Morena. Elang hloko, mme le sebetse jwalo. Modimo wa rona ha a sothe toka, ha a ye ka tshobotsi, ha a batle tjotjo.”
8Le motseng wa Jerusalema Jehoshafate a kgetha baahlodi hara Balevi, le hara baprista, le hara dihlooho tsa malapa a Iseraele, hore ba ahlolele Morena, mme ba fedise diqabang. Ba ne ba ahile Jerusalema. 9A ba laela, a re: “Le tshabe Morena, le mo sebeletse ka botshepehi, le ka dipelo tse se nang mano. 10Ra ditaba di ka ba teng pakeng tsa bana babo lona ba phelang metseng, ebang ke tsa tshollo ya madi, kapa tse amanang le molao, kapa ditaelo, kapa ditemoso, kapa melawana, le ba hlokomedise hore ba se ke ba sitelwa Morena, mme lona, le bana babo lona, Morena a ke ke a le halefela. Etsang jwalo, mme le ke ke la ba le molato.
11“Moprista e Moholo Amariya, ke yena ya tla le okamela ditabeng tsohle tsa Morena. Sebadiya, mora wa Ishemaele, mmusi wa setjhaba sa Juda, o tla le okamela ditabeng tsohle tsa kgosi, mme Balevi e tla ba basebeletsi ba lona. Sebetsang ka sebete, mme Morena a ke a thuse ba lokileng.”

Currently Selected:

2 DIKETSAHALO 19: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy