YouVersion Logo
Search Icon

2 DIKETSAHALO 18

18
Mmikiya o eletsa Akabe
(1 Dikg. 22:1-28)
1Jehoshafate e ne e le morui e moholo, ya tlotlehang haholo, mme a nyallana le Akabe. 2Hoba ho fete dilengwana, a theohela Samaria ho Akabe. Akabe a hlabela Jehoshafate le batho ba neng ba ena le yena dinku tse ngata, le dikgomo tse ngata, a ba a mo hlohleletsa hore a futuhele Rama e Gileade. 3Akabe, kgosi ya Iseraele, a re ho Jehoshafate, kgosi ya Juda: “Na o tla ya le nna, re futuhele Rama e Gileade?”
Jehoshafate a araba, a re ho yena: “Rona le wena re ntho e le nngwe. Setjhaba sa ka ke setjhaba sa hao. Re tla futuha le wena.”
4Jehoshafate a boela a re ho kgosi ya Iseraele: “Ke a o kopa: Ako botse Morena pele.”
5Kgosi ya kgobokanya baporofeta ba ka bang makgolo a mane, ya re ho bona: “Na re ka futuhela Rama e Gileade, kapa tjhe?”
Ba re ho kgosi: “Futuha, hobane Morena o tla neelana ka Rama e Gileade matsohong a kgosi.”
6Empa Jehoshafate a re: “Na ekaba moo ha ho sa na moporofeta e mong wa Morena, eo re ka mmotsang?”
7Kgosi ya Iseraele ya araba Jehoshafate, ya re ho yena: “Ho sa na le monna e mong hape eo re ka reng a re botsetse ho Morena, empa nna ke mo hloile, hobane ha a ke be a mporofetele tse molemo, o mporofetela tse mpe. Ke Mmikiya, mora wa Jimela.”
Jehoshafate a re ho kgosi: “Kgosi e se ke ya bua jwalo.”
8Jwale kgosi ya Iseraele ya bitsa le leng la matona, ya re ho lona: “Potlaka, o yo mpitsetsa Mmikiya, mora wa Jimela!”
9Kgosi ya Iseraele, le Jehoshafate, kgosi ya Juda, ba ne ba apere diaparo tsa bona tsa bokgosi, ba dutse diteroneng tsa bona, seotlong se kantle ho kgoro ya motse wa Samaria, mme baporofeta bohle ba porofeta ba le kapele ho bona. 10Sedekia, mora wa Kenaneya, o ne a iketseditse dinaka tsa tshepe, mme a re: “Morena o bua tjena: ‘Ka dinaka tsena o tla sututsa Baarame ho fihlela o ba timetsa.’ ”
11Baporofeta bohle ba porofeta jwalo, ba re: “Futuhela Rama e Gileade, o tla atleha, hobane Morena o tla neelana ka yona matsohong a kgosi.”
Mmikiya o porofeta ho hlolwa ha Akabe
12Moromuwa ya neng a ilo bitsa Mmikiya a bua ho yena, a re: “Ako bone, baporofeta bana ba ntsweleng ha ba bolella kgosi taba tse molemo. Le wena ako bue jwaloka bona, o bolele tse molemo.”
13Empa Mmikiya a re: “Ka Morena ya phelang, ke tla bua feela tseo Morena a mpolellang tsona!”
14Ha Mmikiya a fihla ho kgosi, kgosi ya re ho yena: “Mmikiya, na re ka futuhela Rama e Gileade, kapa tjhe?”
Mmikiya a mo araba, a re: “E futuheleng, mme le tla atleha, hobane ho tla neelanwa ka baahi ba teng matsohong a hao.”
15Empa kgosi ya re ho yena: “Eka kgona ke o laele hakae hore o se mpolelle letho, haese nnete feela, ka lebitso la Morena?”
16Mmikiya a re:
“Ke bona Baiseraele bohle
ba qhalakane hodima dithaba,
jwaloka dinku tse se nang modisa,
mme Morena o re:
‘Bana ha ba na monga bona:
Motho ka mong
a ipoelle ha hae ka kgotso!’ ”
17Yaba kgosi ya Iseraele e re ho Jehoshafate: “Na ha ke a ka ka o bolella hore a ke ke a mporofetela tse molemo, ha e se tse mpe feela?”
18Mmikiya a tswela pele, a re: “Ka baka leo he, utlwa lentswe la Morena: Ke bone Morena a dutse teroneng ya hae, mme mabotho wohle a lehodimo a eme pela hae ka letsohong la hae le letona, le ka letsohong la hae le letshehadi. 19Morena a re: ‘Ke mang ya tla qhekanyetsa Akabe hore a futuhe, a tle a yo bolaelwa Rama e Gileade?’
“E mong a bua tjena, e mong a bua tjena. 20Jwale moya o mong wa tswa hara lebotho la Morena, wa bua, wa re: ‘Ke nna ya tla mo qhekanyetsa!’
“Morena a re ho wona: ‘Jwang?’
21“Wa araba, wa re: ‘Ke tla ya, ke etse hore baporofeta bohle ba hae ba bue leshano.’
“Morena a re: ‘O tla mo qhekanyetsa, o be o atlehe. Tsamaya, o yo etsa jwalo!’
22“Ka baka leo he, ako bone kamoo Morena a entseng hore baporofeta bana ba hao bohle ba bue leshano! Empa Morena yena o se a boletse koduwa e tla o wela hodimo.”
23Jwale Sedekiya, mora wa Kenaneya, a atamela ho Mmikiya, a mo wahlela lerameng mona, a re: “Moya wa Morena o ile wa tswa jwang ka ho nna, ho ya bua le wena?”
24Mmikiya a re: “Mohla o kenang ka kamoreng e kaharehare ho ya ipata teng, ke mohla o tla tseba.”
25Kgosi ya Iseraele ya re: “Tshwarang Mmikiya, le mo kgutlisetse ho Amona, mmusi wa motse ona, le ho kgosana Jowashe, mora wa kgosi, 26le re: ‘Kgosi e bua tjena: Hlahlelang monna enwa tjhankaneng, le mo sotle ka ho mo phedisa ka bohobenyana le ka metsinyana feela, ho fihlela ke kgutla ka kgotso.’ ”
27Mmikiya a re: “Haeba o ka kgutla ka kgotso, e tla ba hase Morena ya buileng ka molomo wa ka.” Yaba o re: “Ebe le utlwile, lona bohle!”
Lefu la Akabe
(1 Dikg. 22:29-35)
28Kgosi ya Iseraele, le Jehoshafate, kgosi ya Juda, ba nyoloha, ba futuhela Rama e Gileade. 29Kgosi ya Iseraele ya re ho Jehoshafate: “Ke tla ikgakanya, ke itahlele ntweng, empa wena o apare diaparo tsa hao tsa bokgosi.” Kgosi ya Iseraele ya ya ntweng e ikgakantse.
30Kgosi ya Arame ya laela balaodi ba yona ba dikariki tsa ntwa, ba neng ba ena le yona, ya re: “Le se ke la lwantsha motho ofe kapa ofe, haese kgosi ya Iseraele feela.”
31Ha balaodi ba dikariki tsa ntwa ba bona Jehoshafate, ba re: “Enwa ke yena kgosi ya Iseraele!” Ba mo etsetsa sakana-la-nkope, ba mo lwantsha. Jehoshafate a hlaba mokgosi, mme Morena a mo thusa, a etsa hore ba kgaotse ho mo lwantsha. 32Ha balaodi ba dikariki ba hlokomela hore hase yena kgosi ya Iseraele, ba kgaotsa ho mo phaladisa.
33Mohlabani e mong a betsa motsu feela, a sa o lebisa ho motho, mme a hlaba kgosi ya Iseraele moo seaparo sa yona sa ntwa se kopanang teng. Yaba kgosi e re ho moqhobi wa kariki ya ntwa: “Sokolla kariki ya hao, o nntshe hara lebotho, hobane ke tswile kotsi.” 34Mohlang oo ntwa ya nna ya eketsa ho befa. Kgosi ya Iseraele ya itshetleha ka kariking ya yona ya ntwa, e ntse e tadimile ka ho Baarame, ho fihlela mantsiboya, mme ka phirimana ya eshwa.

Currently Selected:

2 DIKETSAHALO 18: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy