YouVersion Logo
Search Icon

1 TIMOTHEA 3

3
Tse batlehang ho baokamedi ba kereke
1Lentswe lena ke la nnete: Ha motho a lakatsa bookamedi ba kereke, o lakatsa mosebetsi o motle. 2Mookamedi wa kereke eka kgona a hloke kodi; e be monna ya nang le mosadi a le mong, a be le boitshwaro dinong, a be sedi, a be le seriti, a thabele baeti, mme a tsebe ho ruta. 3E se ke ya eba letahwa kapa ya leqhoko, empa e be motho ya bonolo, ya sa rateng ntwa, le ya sa rateng tjhelete. 4A tsebe ho busa lelapa la hae hantle, mme a etse hore bana ba hae ba mo mamele ka hlompho yohle. 5Haeba motho a sa tsebe ho busa lelapa la hae, a ka tseba jwang ho hlokomela kereke ya Modimo? 6E se be motho ya sa tswa sokoloha, esere a ikgohomosa, mme a welwa ke kahlolo jwaloka Diabolosi. 7Eka kgona a buuwe hantle ke ba kantle ho kereke, esere a wela ho tse mo tlontlollang, le lerabeng la Diabolosi.
Tse batlehang ho basebeletsi ba kereke
8Ka mokgwa o jwalo, eka kgona basebeletsi ba kereke ba be le boitlhompho, e se be bo-temepedi, ba se hlanyetse dino, kapa ba ithuisa ka mano. 9Ba boloke sephiri sa tumelo ka letswalo le kgutsitseng. 10Ba hlahlojwe pele, mme ha ba sa nyatsehe, ba sebeletse kereke.
11Basadi le bona ba be le boitlhompho, ba se bue batho hampe, ba be le boitshwaro dinong, mme ba tshepahale dinthong tsohle.
12Mosebeletsi wa kereke e be monna ya nang le mosadi a le mong, mme a tsebe ho busa bana le lelapa la hae hantle. 13Ba sebeleditseng kereke hantle ba tla iphumanela ditulo tse hlomphehang, mme ba bolele tsa tumelo ho Jesu Kreste ka sebete.
Sephiri sa tumelo ya rona
14Ke o ngolla tsena ke ntse ke tshepile ho tla ho wena haufi. 15Empa haeba nka dieha, o se o ntse o tseba kamoo o tshwanetseng ho itshwara kateng ka tlung ya Modimo, e leng kereke ya Modimo ya phelang, tshiya le motheo wa nnete. 16Ha ho pelaelo, sephiri sa tumelo ya rona se seholo:
“Kreste o ile a hlaha e le motho,
a pakwa ke Moya hore o lokile,
mme a bonwa ke mangeloi.
A phatlalatswa hara baditjhaba,
a dumelwa ke lefatshe lohle,
mme a nkelwa tlotleng.”

Currently Selected:

1 TIMOTHEA 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy