YouVersion Logo
Search Icon

1 TIMOTHEA 2

2
Tsa thapelo
1Pele ho tsohle, ke kgothaletsa hore dikopo, dithapelo, dithapello le diteboho di etsetswe batho bohle, 2le dikgosi le bohle ba hlomphehang, e le hore re tle re phele bophelo ba boiketlo le ba kgotso ka borapedi le ka boitlhompho. 3Hona ho hotle, mme ho kgahlisa Modimo, Mopholosi wa rona, 4ya ratang hore batho bohle ba pholohe, mme ba tsebe nnete. 5Modimo o mong, le mmoelanyi pakeng tsa Modimo le batho o mong, e leng Kreste Jesu eo e leng motho, 6ya ikentseng tefello ya bohle. Bopaki ba hona bo ile ba bonahala ka nako ya teng. 7Ke ka baka lena ke kgethetsweng ho ba sebohodi le moapostola, le moruti wa baditjhaba ya rutang tumelo le nnete; ke bua nnete, e seng leshano.
8Ke lakatsa hore dibakeng tsohle banna ba rapele, ba phahamise matsoho a se nang molato, ho se kgalefo kapa ngangisano.
9Ka mokgwa o jwalo, diaparo tsa basadi e be tse lokelang. Ba ikgabise ka tshwanelo le ka boitlhompho, e seng ka ho fora moriri, kapa ka mekgabiso ya kgauta, kapa ka mabenyane a bohlokwa, kapa ka diaparo tse theko e boima. 10Ba ikgabise ka diketso tse lokileng, tse tshwanelang basadi ba ipolelang hore ba hlompha Modimo.
11Mosadi a mamele thuto a kgutsitse, ka boikokobetso bohle. 12Ha ke dumelle mosadi ho ruta kapa ho laola monna, empa o lokela ho kgutsa, 13hobane Adama o ile o boptjwa pele, ya nto ba Eva. 14Hase Adama ya ileng a thetswa, ke mosadi ya ileng a thetswa, mme a tlola molao. 15Empa basadi ba tla pholoswa ka ho beleha bana, ha feela ba tiisetsa tumelong, le leratong, le kgalalelong, mme ba itlhompha.

Currently Selected:

1 TIMOTHEA 2: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy