YouVersion Logo
Search Icon

1 SAMUELE 7

7
1Jwale banna ba Kiriate-Jearime ba ya, ba nyolla areka ya Morena, ba e isa tlung ya Abinadabe e hodima leralla; ba halaletsa Eleasare, mora wa hae, hore a boloke areka eo ya Morena.
Samuele o busa Iseraele
2Ho tloha mohla areka e kgutlelang Kiriate-Jearime ya dula teng nako e telele, ka dilemo tse mashome a mabedi. Bohle ba ntlo ya Iseraele ba labalabela ho sebeletsa Morena. 3Samuele a re ho bohle ba ntlo ya Iseraele: “Haeba le kgutlela ho Morena ka dipelo tsa lona tsohle, lahlang medimo ya baditjhaba e hara lona, le Asetarote. Le lebise dipelo tsa lona ho Morena, le sebeletse yena feela, mme o tla le namolela matsohong a Bafilesita.” 4Jwale bana ba Iseraele ba lahla bo-Baale le Asetarote, ba sebeletsa Morena feela.
5Samuele a re: “Baiseraele bohle ba bokane Misepa, mme ke tla ba rapella ho Morena.” 6Ba kopanela Misepa, ba kga metsi, ba a qhalla kapele ho Morena, ba itima dijo ka letsatsi leo, ba re: “Re sitetswe Morena!” Samuele a qala ho ba moahlodi wa bana ba Iseraele ha ba le Misepa.
Bafilesita ba a hlolwa
7Ha Bafilesita ba utlwa hore bana ba Iseraele ba bokane Misepa, dikgosi tsa Bafilesita tsa nyoloha, tsa futuhela Baiseraele. Bana ba Iseraele ba utlwa hona, mme ba tshoha Bafilesita. 8Bana ba Iseraele ba re ho Samuele: “O se ke wa kgaotsa ho re rapella ho Morena, Modimo wa rona, hore a re namolele matsohong a Bafilesita.” 9Samuele a nka konyana e nyanyang, mme ka yona a etsetsa Morena nyehelo ya setjheso. Yaba Samuele o rapella Baiseraele ho Morena, mme Morena a utlwa thapelo ya hae.
10Yare ha Samuele a ntse a etsa nyehelo ya setjheso, Bafilesita ba atamela ho tla lwantsha Baiseraele. Empa ka lona letsatsi leo, Morena a otla Bafilesita ka letolo le leholo, a ba ferekanya, mme ba bolawa ke Baiseraele. 11Banna ba Baiseraele ba tswa Misepa, ba phaladisa Bafilesita, ba ba bolaya, ba ba ba ya fihla tlasa Bete-Kare.
12Yaba Samuele o nka lejwe le le leng, o le hloma pakeng tsa Misepa le Shene, o le rea lebitso la Ebenesere, o re: “Morena o re thusitse ho fihlela mona.” 13Bafilesita ba hlolwa, mme ba se ke ba hlola ba kena naheng ya Baiseraele. Morena a lwantsha Bafilesita ka matsatsi wohle a ho phela ha Samuele. 14Metse yohle eo Bafilesita ba neng ba e hapile ho Baiseraele ya boela ho Baiseraele hape, ho tloha Ekerone ho ya fihla Gate, mme Baiseraele ba lopolla naha ya bona matsohong a Bafilesita. Jwale kgotso ya eba teng pakeng tsa Baiseraele le Baamore.
15Samuele ya eba moahlodi wa Baiseraele ka matsatsi wohle a ho phela ha hae. 16Ka selemo le selemo o ne a ye a tsamaye a potoloha ho ya Bethele, le Gilegale, le Misepa, mme a ahlolela Baiseraele dibakeng tseo tsohle. 17O ne a ye a kgutlele Rama, hobane ke moo a neng a ahile teng, mme a ahlolele Baiseraele hona teng. Hona moo a hahela Morena aletare.

Currently Selected:

1 SAMUELE 7: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy