YouVersion Logo
Search Icon

1 SAMUELE 6

6
Areka e a kgutliswa
1Areka ya Morena ya qeta digwedi tse supileng e le naheng ya Bafilesita. 2Bafilesita ba bitsa baprista le dinohe, ba re: “Re etseng ka areka ee ya Morena? Re bolelleng hore na re e kgutlisetse moo e tswang teng ka mokgwa o jwang!”
3Baprista ba re ho bona: “Haeba le kgutlisa areka ena ya Modimo wa Baiseraele, le se ke la e kgutlisa e se na letho, empa ruri eka kgona le romele Modimo nyehelo e tlosang sebe. Ke hona le tla phekoleha, mme le tsebe le lebaka leo ka lona a sa kang a kgaotsa ho le otla.”
4Bafilesita ba boela ba botsa, ba re: “Nyehelo e tlosang sebe, eo re tla mo romela yona, e ka ba ya eng?”
Yaba ba re: “E be ditshwantsho tse hlano tsa mathopa a mokoteng, tse bopilweng ka kgauta, le ditweba tse hlano tse bopilweng ka kgauta, ho latela palo ya dikgosi tsa Bafilesita, hobane lona bohle, le dikgosi tsa lona, le ile la otlwa ka sewa se tshwanang. 5Ka baka leo, le etse ditshwantsho tsa mathopa a lona a mokoteng, le ditshwantsho tsa ditweba tse le senyetsang naha. Le tla tlotla Modimo wa Baiseraele, mme mohlomong o tla tlosa kotlo ya hae hodima lona, le hodima medimo ya lona, le hodima naha ya lona. 6Ke hobaneng ha le thatafatsa dipelo tsa lona, jwalokaha Baegepeta le Faro ba ne ba thatafatse dipelo tsa bona? Na hase nnete hore e ne ere ha a se a bontshitse matla a hae hara bona, ya eba hona ba lokollang Baiseraele, mme ba itsamaela?
7“Ka baka leo he, etsang koloi e ntjha, le nke le dikgomo tse pedi tsa ditswetse, tse esong ho ka di panwa, le di pane koloing, le kgethele manamane a tsona, le a kgutlisetse sakeng. 8Le nke areka ya Morena, le e bee hodima koloi; dintho tse bopilweng ka kgauta, tseo le di romelang Modimo e le nyehelo e tlosang sebe, le di kenye ka letloleng, pela areka; ebe dikgomo di hula koloi, di ikela le yona ho se motho. 9Jwale le shebe! Haeba areka e nyolosa ka mmila o yang Bete-Shemeshe, naheng ya habo yona, e tla ba ke Modimo he, ya re etseditseng koduwa ena e kgolo, empa haeba ho se jwalo, re tla tseba hore hase Modimo ya re bolaileng, ke ntho e re hlahetseng e ne e sa rerwa.”
10Banna ba etsa jwalo; ba tshwara dikgomo tse pedi tsa ditswetse, ba di pana koloing, mme manamane a tsona ba a kwalla ka sakeng. 11Ba bea areka ya Morena hodima koloi, le letlole le kentseng ditweba tse bopilweng ka kgauta le ditshwantsho tsa mathopa a mokoteng. 12Dikgomo tsa otloloha feela ka mmila, e leng mmila o yang Bete-Shemeshe. Tsa tsamaya ka mmila o le mong feela, di ntse di tsamaya di lla; tsa se ke tsa kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi. Dikgosi tsa Bafilesita tsa sala dikgomo tseo morao, ho ya fihla moeding wa naha ya Bete-Shemeshe.
Areka e fihla Bete-Shemeshe
13Baahi ba Bete-Shemeshe ba ne ba hela koro ka kgohlong. Ha ba phahamisa mahlo ba bona areka, mme ba nyakalla ho e bona. 14Koloi ya fihla tshimong ya Joshua wa Mobete-Shemeshe, ya emisa hona teng, pela lefika le leholo. Ba ratha dithupa tse entseng koloi, mme ka dikgomo tseo ba etsetsa Morena nyehelo ya setjheso. 15Balevi ba theola areka ya Morena, le letlole le pela yona, le neng le kentse dintho tse bopilweng ka kgauta, mme tsena ba di bea hodima lefika le leholo leo. Ka lona letsatsi leo, banna ba Bete-Shemeshe ba etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso le mahlabelo. 16Ha dikgosi tsa Bafilesita di bone tsena, tsa kgutlela Ekerone ka lona letsatsi leo.
Dinyehelo tsa kgauta
17Ana ke mathopa a mokoteng, a bopilweng ka kgauta, ao Bafilesita ba ileng ba a romela ho Morena e le nyehelo e tlosang sebe: Le leng e ne e le la Ashedode, le leng e le la Gasa, le leng e le la Ashekelone, le leng e le la Gate, le leng e le la Ekerone. 18Palo ya ditweba tse bopilweng ka kgauta e ne e lekana le palo ya metse yohle ya dikgosi tse hlano tsa Bafilesita, e nang le diqhobosheane le e se nang diqhobosheane. Le kajeno-ya-bokajeno lefika le leholo, leo areka ya Morena e neng e bewe hodima lona, le ntse le le teng tshimong eo ya Joshua wa Mobete-Shemeshe, e le bopaki ba se ileng sa etsahala.
Kotlo ya ho hlompholla
19Banna ba Jekonia ba se ke ba thaba mmoho le baahi ba bang ba Bete-Shemeshe, ha ba bona areka ya Morena, mme Morena a bolaya ba mashome a supileng ba bona. Setjhaba sa eba bofifing, hobane Morena o ne a bolaile batho ba bangata.
Areka e fihla Kiriate-Jearime
20Jwale banna ba Bete-Shemeshe ba re: “Ke mang ya ka emang kapele ho Morena, Modimo eo ya halalelang? Areka ee re tla e isa ho mang, hore e tlohe pela rona?”
21Ba romela maqosa ho baahi ba Kiriate-Jerime, ba re: “Bafilesita ba kgutlisitse areka ya Morena. Tloong, le tlo e lata.”

Currently Selected:

1 SAMUELE 6: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy