YouVersion Logo
Search Icon

1 SAMUELE 4

4
Bafilesita ba hlola Baiseraele
1Puo ya Samuele ya utlwahala hohle naheng ya Iseraele. Baiseraele ba futuhela Bafilesita. Baiseraele ba hloma pela Ebenesere, Bafilesita bona ba hloma Afeke. 2Bafilesita ba etsa theko ya ntwa, ba kgahlanyetsa Baiseraele. Ntwa ya lwela, Bafilesita ba hlola Baiseraele habohloko, mme bahlabani ba dikete tse nne ba Baiseraele ba bolaelwa hona moo. 3Ha bahlabani ba se ba kgutletse diahelong, baholo ba Iseraele ba re: “Ebe ke ka baka lang ha Morena a entse hore re hlolwe ke Bafilesita kajeno? A re yeng Shilo, re yo lata areka ya selekane sa Morena, e le hore Morena a tle a be hara rona, a re lopolle matsohong a dira tsa rona.”
Bafilesita ba hapa areka
4Setjhaba sa romela maqosa Shilo, a tla le areka ya selekane sa Morena wa mabotho, ya dutseng hodima dikerubime. Bara ba babedi ba Eli, e leng Hofeni le Finease, ba tla le areka ya selekane sa Modimo. 5Yare ha areka ya selekane sa Morena e fihla diahelong, ditlatse tsa Baiseraele bohle tsa hlaba hodimo, ba howa haholo, hoo lefatshe le ileng la duma.
6Ha Bafilesita ba utlwa lerata la ditlatse ba re: “Ebe lerata lee la ditlatse tse kaalekaale diahelong tsa Baheberu, ke la eng?” Jwale ba tseba hore areka ya Morena e fihlile diahelong. 7Bafilesita ba tshoha, ba re: “Modimo o fihlile diahelong!” Ba boela ba re: “A rona bale! Maoba le maobane ho ne ho se ntho e tjena! 8A rona bale! Ke mang ya tla re lopolla matsohong a medimo ee e matla? Medimo ena ke yona e neng e bolaye Baegepeta ka mefutafuta ya diwa, lehwatateng. 9Matlafalang, lona Bafilesita, le lwane senna, le tle le se ke la ba makgoba a Baheberu, jwalokaha le bona e bile makgoba a lona. Ka baka leo, lwanang senna!”
10Bafilesita ba lwana, Baiseraele ba hlolwa. Mohlabani ka mong a balehela lapeng la hae. Ba ba etsa mofela, ha bolawa Baiseraele ba ditaaso ba dikete tse mashome a mararo. 11Areka ya Modimo ya haptjwa; bara ba babedi ba Eli, e leng Hofeni le Finease, le bona ba bolawa.
Lefu la Eli
12Monna wa Mobenjamine wa selahlamarungwana a baleha thekong ya ntwa, a ba a ya fihla Shilo ka lona letsatsi leo. Diaparo tsa hae di ne di tabohile, hlooho ya hae e tshetswe ka lerole. 13Ha a fihla, a bona Eli a dutse hodima setulo, kathoko ho tsela, a lebeletse, hobane o ne a tshwenyehile moyeng, ka baka la areka ya Modimo. Monna eo ha a kena motseng a beha ditaba, motse wohle wa lla sa mmokotsane.
14Ha Eli a utlwa lerata la seboko seo, a re: “Morusu o lerata oo ke wa eng?”
Monna eo a potlaka, a tla ho Eli, a fihla a mmolella. 15Eli o ne a ena le dilemo tse mashome a robong a metso e robedi, mahlo a hae a foufetse, a se a sa bone. 16Monna eo a re ho Eli: “Ke nna ya tswang thekong ya ntwa; ke balehile teng hona kajeno.”
Eli a re ho yena: “Ho etsahetse dife, ngwanaka?”
17Selahlamarungwana sa araba, sa re: “Baiseraele ba balehile Bafilesita. Bahlabani ba entswe mofela; bara ba hao ba babedi, Hofeni le Finease, le bona ba shwele, mme areka ya Modimo e hapilwe.”
18Yare ha eo a bua ka areka ya Modimo, Eli a wa setulong sa hae ka sanketse, a wela kgorong ya motse, a robeha molala, a shwa, hobane e ne e le monnamoholo wa pesola. E ne e ile ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse mashome a mane.
19Ngwetsi ya Eli, e leng mohatsa Finease, e ne e le moimana, a se a le lekgatheng la ho itshihlolla. Yare ha a utlwa ditaba tsa hore areka ya Modimo e hapilwe, le hore matsalae Eli le monna wa hae le bona ba shwele, a tshwarwa ke mahlaba a pelehi hanghang, mme a beleha. 20Ha a le lekgatheng la ho shwa, basadi ba neng ba eme pela hae, ba re: “Se tshabe letho, hobane o belehile mora.” Empa a se ke a ba araba, leha e le ho natsa seo ba se buang.
21Mosadi eo a rea ngwana eo lebitso la Ikabode, a re: “Tlotla e tlohile ho Baiseraele,” hobane ho hapilwe areka ya Modimo, ho shwele matsalae le monna wa hae. 22A boela a re: “Tlotla e tlohile ho Baiseraele, hobane ho hapilwe areka ya Modimo!”

Currently Selected:

1 SAMUELE 4: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy