YouVersion Logo
Search Icon

1 SAMUELE 22

22
Batswadi ba Davida ba ya Moabe
1Davida a tloha Gate, a balehela lehaheng la Adulame. Ha bana babo, le ba lelapa lohle la ntatae ba utlwela, ba theohela moo ho yena. 2Batho bohle ba ditsietsing, le ba melatong, le ba utlwileng bohloko, ba kgobokanela ho yena, ya eba mookamedi wa bona. Batho bao e ne e ka ba makgolo a mane.
3Davida a tloha moo; a ya Misepa e Moabe, mme a re ho kgosi ya Moabe: “Ke a o rapela: Ako dumelle ntate le mme hore ba tle mona, ba tlo dula le lona, ho fihlela ke tseba seo Modimo a tla nketsetsa sona.” 4Davida a tlisa ntatae le mmae kapele ho kgosi ya Moabe, ba dula le kgosi eo ka nako yohle eo Davida a neng a ntse a le qhobosheaneng ka yona.
5Moporofeta Gade a re ho Davida: “O se ke wa dula mona qhobosheaneng; tloha, o ye naheng ya Juda.” Yaba Davida o a tloha, o ya morung wa Herete.
Doege o eka Ahimeleke
6Saule a utlwela hore Davida le banna ba tsamayang le yena ba fumanwe. Saule o ne a le Gibea, a dutse leralleng, tlasa sefate sa tamarisika. Letsohong o ne a tshwere lerumo. Bahlanka ba hae bohle ba ne ba eme, ba mo potapotile. 7Yaba Saule o re ho bahlanka ba hae ba mo potapotileng: “Mamelang, lona Babenjamine! Na ebe mora eo wa Jese o tla nea e mong le e mong wa lona masimo le dirapa tsa morara? Na lona bohle o tla le etsa balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, 8ha e le moo lona bohle le ile la nthera, mme ha se ke ha eba le ya mong ya ntomang tsebe ha mora wa ka le mora wa Jese ba etsa selekane? Ha ho le ya mong wa lona ya nkutlwelang bohloko, kapa ya ntsebisang hore mora wa ka o fuduha mohlanka wa ka hore a ntalle, jwalokaha ho le jwalo kajeno.”
9Jwale Doege wa Moedomo, eo e neng e le mookamedi wa badisana ba Saule, a araba, a re: “Ke ne ke bone mora wa Jese ha a fihla Nobe, ho Ahimeleke, mora wa Ahitube. 10Ahimeleke a botsa Morena hore na Davida a etse jwang. A mo fa dijo, a ba a mo nea le sabole ya Goliate wa Mofilesita.”
11Kgosi ya roma maqosa ho ya lata moprista Ahimeleke, mora wa Ahitube, yena le bohle ba lelapa la ntatae, le baprista ba Nobe. Bohle ba tla ho kgosi. 12Saule a re ho Ahimeleke: “Mamela jwale, wena mora wa Ahitube.”
Ahimeleke a re: “Ke nna enwa, monga ka.”
13Saule a re ho yena: “Ke ka baka lang ha wena le mora wa Jese, le ile la nthera? O ile wa mo fa dijo, wa mo nea le sabole; wa ba wa mmotsetsa ho Modimo, hore na a etse jwang, a tle a ntsohele matla, a ntalle jwalokaha kajeno a entse!”
14Ahimeleke a araba kgosi, a re: “Hara bahlanka ba hao ke mang ya tshepahalang jwaloka Davida, mokgwenyana wa kgosi, ya mamelang ditaelo tsa hao, eo e leng yena molaodi wa balebedi ba hao, ya bileng a hlomphuwang lapeng la hae? 15Na kajeno ke lekgetlo la pele ke mmotsetsang ho Modimo? Tjhe! O se ke wa bona mohlanka wa hao le bohle ba lelapa la ntatae ba le molato. Mohlanka wa hao ha a tsebe le letho ka taba ena!”
16Kgosi ya re: “Ruri wena, Ahimeleke, le ba lelapa la ntatao, le tla bolawa!”
17Kgosi ya re ho balebedi ba neng ba e potapotile: “Tloong, le bolaye baprista ba Morena, hobane ba thusana le Davida. Ba bile ba tseba hore o balehile, empa ha ba a ka ba ntsebisa.”
Empa bahlanka ba kgosi ba se ke ba bolaya baprista ba Morena.
18Yaba kgosi ya bona e re ho Doege: “Tloo, o bolaye baprista bana.” Doege wa Moedomo a tla, a bolaya baprista bao. Ka letsatsi leo a bolaya banna ba mashome a robedi a metso e mehlano ba neng ba apere ditipe tse entsweng ka masela a lene. 19A bolaya le baahi ba motse wa Nobe ka sabole, le dikgomo, le ditonki, le dinku.
20Empa Abiatare, e mong wa bara ba Ahimeleke, mora wa Ahitube, a phonyoha, mme a balehela ho Davida. 21Abiatare a bolella Davida hore Saule o bolaile baprista ba Morena. 22Davida a re ho Abiatare: “Ka letsatsi leo Doege wa Moedomo a neng a le mona ka lona, ke ne ke tsebe hore o tla phetela Saule ditaba. Batho bohle ba lelapa la ntatao ba bolailwe ka baka la ka. 23Dula le nna, o se ke wa tshaba, hobane ya batlang ho mpolaya, le wena o batla ho o bolaya. O tla sireletseha ha o le ho nna mona.”

Currently Selected:

1 SAMUELE 22: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy