YouVersion Logo
Search Icon

1 SAMUELE 16

16
Davida o tlotswa hore e be kgosi
1Morena a re ho Samuele: “O tla llela Saule ho le hokae, ha e le moo ke mo furaletse, hore e se be kgosi ya Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, mme o tsamaye. Ke tla o romela ho Jese wa Betlelehema, hobane ke ikgethetse kgosi hara bara ba hae.”
2Samuele a re: “Ke tla ya jwang? Haeba Saule a ka utlwela taba ena o tla mpolaya!”
Morena a re: “O tle o nke sethole, o re: ‘Ke tlile ho etsetsa Morena sehlabelo.’ 3Ebe o bitsetsa Jese sehlabelong sena, mme ke tla o tsebisa seo o tla se etsa. O tla ntlotsetsa eo ke tla o bolella yena.”
4Samuele a etsa seo Morena a mo laetseng sona, mme a fihla Betlelehema. Baholo ba motse oo ba mo kgahlanyetsa ba ntse ba thothomela, mme ba re: “Na o tlile ka kgotso?”
5Yaba Samuele o re: “E, ke tlile ka kgotso, ho tla etsetsa Morena sehlabelo. Itlhwekiseng, le tle le nna sehlabelong.” A hlwekisa Jese le bara ba hae, a ba bitsetsa sehlabelong.
6Ha ba se ba fihlile, Samuele a bona Eliabe, mme a re: “Ruri motlotsuwa wa Morena ke enwa kapele ho Morena.”
7Empa Morena a re ho Samuele: “O se ke wa tadima sebopeho sa hae, kapa bophahamo ba seemo sa hae, hobane ha ke mo amohele. Morena ha a tadime jwalokaha motho a tadima. Motho o tadima sebopeho se kantle, athe Morena yena o tadima pelo.”
8Yaba Jese o bitsa Abinadabe, a re a fete kapele ho Samuele, empa Samuele a re: “Le enwa Morena ha a ya mo kgetha.”
9Jese a re Shamma a fete kapele ho Samuele. Samuele a boela a re: “Le enwa Morena ha a ya mo kgetha.” 10Jese a re bara ba hae ba supileng ba fete kapele ho Samuele, empa Samuele a re ho Jese: “Le ho bona bana Morena ha a ya kgetha.” 11Samuele a re ho Jese: “Na ha o sa na bara ba bang?”
Jese a re: “Wa ho fela o sa le teng, feela yena ke modisana wa dinku.”
Samuele a re ho Jese: “Roma motho a yo mo lata, hobane re ke ke ra ba ra ja a eso ka a fihla mona.”
12Jese a roma motho ho mo lata, mme a tla le yena. O ne a le mosehla ka lebala, mahlo a hae a le matle, sebopeho sa hae se kgahleha.
Jwale Morena a re: “Ema, o mo tlotse, hobane enwa ke yena.” 13Samuele a nka lenaka la ole, mme a mo tlotsa bana babo ba ntse ba le teng. Ho tloha ka letsatsi leo, ho ya pele, Moya wa Morena wa theohela hodima Davida ka matla. Yaba Samuele o a tsamaya, o boela Rama.
Saule o hloriswa ke moya o ditshila
14Jwale Moya wa Modimo o ne o se o tlohile ho Saule, mme moya o ditshila, o rometsweng ke Morena, o mo tshwenya.
15Yaba bahlanka ba Saule ba re ho yena: “Bona, moya o ditshila, o tswang ho Morena, o a o tshwenya. 16Monghadi wa rona, ako laele hore rona bahlanka ba hao, ba nang le wena mona, re batle monna eo e leng seletsi sa sebele sa harepa, e le hore ha moya ona o ditshila, o tswang ho Modimo, o o fihlela, a tle a e letse, ebe o a hlaphohelwa.”
17Saule a re ho bahlanka ba hae: “Mpatleleng monna ya tsebang ho letsa hantle, le mo tlise ho nna mona.”
18E mong wa bahlankana a araba, a re: “Ke bone mora wa Jese wa Betlelehema, ya tsebang ho letsa harepa hantle. Ke monna wa senatla, le mohlabani ya sebete, ebile ke kgeleke ha a bua. Ke monna ya sebopeho se kgahlehang, mme Morena o na le yena.”
19Saule a romela maqosa ho Jese, a re: “Nthomelle Davida, mora wa hao, eo e leng modisana wa dinku.” 20Jese a nka tonki e belesitsweng bohobe, le lekuka la veine, le potsanyane, mme a roma mora wa hae Davida ho di isetsa Saule.
21Davida a fihla ho Saule, a ema kapele ho yena. Saule a mo rata haholo, mme ya eba yena mojari wa dihlomo tsa Saule. 22Saule a romela molaetsa ho Jese, a re: “Ke a o rapela: Ako dumelle Davida hore a dule le nna, a ntshebeletse, hobane ke a mo rata.”
23E ne e ye ere ha moya o ditshila, o tswang ho Modimo, o fihletse Saule, Davida a nke harepa, a e letse, ebe Saule o a hlaphohelwa, o phela hantle; moya o ditshila oo ebe o tswa ho Saule.

Currently Selected:

1 SAMUELE 16: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy