YouVersion Logo
Search Icon

1 SAMUELE 15

15
Ho lwantshwa Baamaleke
1Samuele a re ho Saule: “Morena o ile a nthoma hore ke o tlotse, o be kgosi ya setjhaba sa hae sa Iseraele. Jwale, ka baka leo, mamela mantswe a Morena. 2Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ke hopola seo Baamaleke ba ileng ba se etsa ho Baiseraele, kamoo ba neng ba ba thibele tsela kateng, ha Baiseraele ba ne ba nyoloha Egepeta. 3Tsamaya he, o yo lwantsha Baamaleke; o timetse tsohle tseo ba nang le tsona ho hang, mme o se ke wa ba wa ba qenehela. O bolaye monna le mosadi, bana le masea, dikgomo le dinku, dikamele le ditonki.’ ”
4Yaba Saule o bitsa setjhaba, mme o se bala se le Telaime. E ne e le banna ba ditaaso ba dikete tse makgolo a mabedi; ba morabe wa Juda e le banna ba dikete tse leshome. 5Jwale Saule a fihla motseng wa Baamaleke, mme a fihla a lalla ka kgohlong. 6Saule a re ho Bakene: “Tsamayang, le tlohe mona hara Baamaleke, esere ka le timetsa mmoho le bona. Lona le ne le hauhele bana ba Iseraele bohle ha ba ne ba nyoloha Egepeta.” Yaba Bakene ba tloha hara Baamaleke.
7Saule a hlola Baamaleke ho tloha Hafila, ho ya fihla Shure, ka botjhabela ho Egepeta. 8Saule a tshwara Akake, kgosi ya Baamaleke, a ntse a phela. A bolaya setjhaba sohle sa Baamaleke ka sabole. 9Empa bo-Saule le setjhaba ba hauhela Akake, ba qenehela le dinku tse ntlentle, le dikgomo le tse hlahlamang tseo ka botle, le dikonyana, le tsohle tse ntle, mme tsena ba se ke ba rata ho di bolaya ho hang. Empa diphoofolo tsohle tse se nang thuso, tse tsiapang, tsona ba di bolaya ho hang.
Morena o furalla Saule
10Morena a bua ho Samuele, a re: 11“Ke a itshwabela ha e le mona ke ile ka etsa hore Saule e be kgosi, hobane o mphuraletse, ha a ya phetha seo ke mo laetseng sona.” Hona ha halefisa Samuele, mme a ipiletsa ho Morena bosiu bohle.
12Samuele a tsoha e sa le ka madungwadungwana, ho ya kopana le Saule. Samuele a bolellwa, ha thwe: “Saule o fihlile Karamele, mme o ntse a iketsetsa sefika hona teng. O se a bile a kgutlile, a theohetse Gilegale.”
13Samuele a fihla ho Saule, mme Saule a re ho yena: “Morena a ke a o hlohonolofatse! Ke phethile taelo ya Morena!”
14Samuele a re: “Ho lla hoo ke ho utlwang ha dinku le ha dikgomo, ho bolelang?”
15Saule a re: “Banna ba di nkile ho Baamaleke, hobane batho ba ile ba qenehela tse ntlentle tsa dinku le tsa dikgomo, e le hore ba tle ba etsetse Morena Modimo wa bona, sehlabelo. Tse ding tsona re di bolaile ho hang.”
16Yaba Samuele o re ho Saule: “Bea butle; ke tla o bolella seo Morena a se buileng ho nna bosiung bona.”
Saule a re ho Samuele: “A ko bue!”
17Samuele a re: “Ha ke re o hlooho ya merabe ya Iseraele, le hoja wena o itadima o le e monyenyane? Morena o o tlotsitse hore o be kgosi ya Iseraele. 18Morena o ile a o roma, a re: ‘Tsamaya, o yo timetsa baetsadibe bao ho hang, e leng Baamaleke; o ba lwantshe ho fihlela ba fela tu!’ 19Jwale ke hobaneng o sa kang wa mamela lentswe la Morena, yaba o se o wela kgapo ka mahlo a matsho, mme wa etsa ho hobe mahlong a Morena?”
20Saule a re ho Samuele: “Ke mametse taelo ya Morena. Ke tsamaile ka tsela eo Morena a ntaetseng hore ke tsamaye ka yona. Ke thopile Akake, kgosi ya Baamaleke. Setjhaba sa Baamaleke sona ke se timeditse ho hang. 21Empa ho tse hapilweng, tse neng di tshwanetse ho timetswa, banna ba ile ba inkela dinku le dikgomo tse ntlentle, ho tla etsetsa Morena Modimo wa hao, sehlabelo mona Gilegale.”
22Samuele a re:
“Na Morena o kgahlwa
ke nyehelo tsa setjheso,
na o kgahlwa
le ke wona mahlabelo,
jwalokaha a kgahlwa
ke ho mamela taelo ya hae?
ho ikokobetsa ho molemo
ho feta sehlabelo,
ho mamela ho molemo
ho feta mafura a dipheleu.
23Ho fetohela Morena ke sebe
se kang boloi,
manganga ke sebe
se kang ho rapela medimo esele.
Kahobane o furaletse
taelo ya Morena,
le yena o o furaletse
hore o se be kgosi!”
Saule o kopa tshwarelo
24Saule a re ho Samuele: “Ke sitilwe, hobane ke tlotse taelo ya Morena, le ditaelo tsa hao ke di furaletse. Ke ile ka tshaba setjhaba, mme ka mamela lentswe la sona. 25Ka baka leo, ke a o rapela: Ntshwarele sebe sa ka, mme o kgutle le nna, ke yo kgumamela Morena.”
26Samuele a re ho Saule: “Nke ke ka kgutla le wena, hobane wena o furaletse taelo ya Morena; le Morena o se a o furaletse hore o se be kgosi ya Iseraele.”
27Ha Samuele a reteleha, a tsamaya, Saule a tshwara qola ya kobo ya hae, mme ya taboha. 28Samuele a re ho Saule: “Ka letsatsi lena, Morena o hahotse mmuso wa Iseraele matsohong a hao, mme o o neile e mong ya lokileng ho o feta. 29Modimo, e leng tlotla ya Iseraele, a ke ke a bua leshano, kapa a fetola maikutlo a hae. Yena hase motho, hoo a ka fetolang maikutlo a hae.”
30Yaba Saule o re: “Ke sitilwe! Leha ho le jwalo ke a o rapela: Ako ntlotle moo baholo ba setjhaba sa ka ba leng teng, le moo Baiseraele ba leng teng, mme o kgutle le nna, e le hore ke tle ke yo kgumamela Morena.” 31Yaba Samuele o kgutla le Saule, mme Saule a kgumamela Morena.
Akake o a bolawa
32Yaba Samuele o re: “Ntlisetseng Akake, kgosi ya Baamaleke.”
Akake a ya ho Samuele a thabile. Yaba Akake o re: “Ruri bohloko ba lefu bo fetile!”
33Samuele a re: “Jwalokaha sabole ya hao e ile ya bolaela basadi bana ba bona, hara basadi bao, mmao le yena o tla bolaelwa ngwana.” Samuele a kgabelaka Akake dikotwana, moo Morena a ntseng a bona, a le Gilegale.
34Yaba Samuele o ikela Rama. Saule yena a ikela tlung ya hae e Gibea, motseng wa Saule. 35Samuele a se ke a hlola a ya bona Saule, ho fihlela Saule a be a eshwa. Empa Samuele a llela Saule, mme Morena a swaba ha a ile a etsa hore Saule e be kgosi ya Iseraele.

Currently Selected:

1 SAMUELE 15: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy