YouVersion Logo
Search Icon

1 DIKGOSI 9

9
Modimo o iponahatsa ho Solomone hape
1Ha Solomone a se a qetile ho haha ntlo ya Morena, le ntlo ya kgosi, le tsohle, tseo a neng a rata ho di etsa, 2Morena a iponahatsa ho Solomone kgetlo la bobedi, jwalokaha a ne a iponahatse ho yena ha a le Gibeone.
3Morena a re ho Solomone: “Ke utlwile thapelo ya hao le kopo ya hao, tseo o di entseng ho nna. Ke halaleditse ntlo ena, eo o e hahileng hore e be ya ka kamehla yohle. Ke tla e lebela, ke e boulele kamehla yohle.
4“Haeba le wena o ka ntshebeletsa ka botshepehi le ka ho loka jwaloka Davida, ntatao, wa etsa tsohle tseo ke o laetseng tsona, mme wa boloka ditaelo tsa ka le dikahlolo tsa ka, 5ke tla tiisa bokgosi ba hao naheng ya Iseraele kamehla yohle, jwalokaha ke ne ke tshepise Davida, ntatao, ka re: ‘Bokgosi ba hao bo ke ke ba hloka mohlahlami.’
6“Empa haeba wena, kapa bana ba hao, o ka nkwenehela, wa kgaotsa ho ntshebeletsa, mme wa se ke wa boloka melao ya ka le ditaelo tsa ka, tseo ke o laetseng tsona, yaba o sebeletsa medimo e meng, o a e kgumamela, 7ke tla falatsa Baiseraele naheng eo ke ba neileng yona. Ntlo ena, eo ke e halaleditseng ho tlotla lebitso la ka, ke tla e furalla, mme Baiseraele e tla ba sesomo le pale hara ditjhaba tsohle. 8Ntlo ena, leha e phahame hakana, e tla fetoha lesupi. Bohle ba fetang pela yona ba tla kgotsa, ba nyeketholotse, ba re: ‘Ke ka lebaka lang Morena a entseng naha ee tjee, le ntlo ee tjee?’ 9Ba tla be ba ikarabe, ba re: ‘Ke kahobane Baiseraele ba furaletse Morena Modimo wa bona, ya ileng a ntsha bo-ntata bona naheng ya Egepeta. Jwale ba kgomaretse medimo e meng, ba a e kgumamela, ba a e sebeletsa, mme ka baka lena Morena o ba tliseditse bobe bona bohle.’ ”
Tumellano ya Solomone le Hirame
(2 Dik. 8:1,2)
10Ha ho se ho fetile dilemo tse mashome a mabedi, tseo ka tsona Solomone a neng a ntse a haha matlo ana a mabedi, e leng ntlo ya Morena, le ntlo ya kgosi, 11kgosi Solomone a nea Hirame, kgosi ya Tire, metse e mashome a mabedi naheng ya Galelea; hobane Hirame ke yena ya neng a thuse Solomone ka difate tsa dikedare, le ka difate tsa modutu, le ka kgauta, ho ya kamoo Solomone a neng a lakatsa kateng. 12Hirame a tloha Tire, a ya bona metse eo Solomone a mo neileng yona, empa ya se ke ya mo kgotsofatsa. 13Jwale Hirame a re: “Ngwaneso, ke metse meng ee, eo o nneileng yona?” Yaba o e bitsa Kabule, mme le kajeno-ya-bokajeno e ntse e bitswa jwalo. 14Hirame o ne a ile a romela kgosi Solomone kgauta e boima bo fetafetang dikilo tse dikete tse nne.
Mesebetsi e meng ya Solomone
(2 Dik. 8:1-18)
15Kgosi Solomone o ne a ile a sebedisa makgoba hore a hahe ntlo ya Morena, le ntlo ya hae, le Milo, le lerako la Jerusalema, le Hasore, le Megido, le Gesere. 16Faro, kgosi ya Egepeta, o ne a ile a nyoloha, a hapa Gesere, a e tjhesa ka mollo, a bolaya Bakanana ba neng ba ahile motseng oo; yaba o phahlela moradi wa hae, mosadi wa Solomone, ka motse oo. 17Solomone a tsosa marako a Gesere, a haha le Bete-Horone e tlase, 18le Baalate, le Tamare e lehwatateng la Juda, 19le metse yohle ya Solomone, e nang le disiu, le metse eo ho bolokwang dikariki tsa ntwa ho yona, le metse ya bahlabani ba palamang, le tsohle tseo Solomone a neng a lakatsa ho di etsa Jerusalema, le Lebanone, le naheng yohle eo a neng a e busa.
20Masalla wohle a setjhaba sa Baamore, le Bahete, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse, ao e neng e se bana ba Iseraele, 21le bana ba bona ba ileng ba sala naheng eo, bao bana ba Iseraele ba ileng ba sitwa ho ba timetsa ho hang, Solomone o ile a ba fetola makgoba ho fihlela kajeno-ya-bokajeno. 22Empa Solomone ha a a ka a fetola bana ba Iseraele makgoba. Bona e ne e le bahlabani ba hae, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le baokamedi ba mabotho a hae, le balaodi ba dikariki tsa hae tsa ntwa, le bahlabani ba palamang.
23Baokamedi ba neng ba okamela badisa ba makgoba a neng a etsa mesebetsi ya Solomone, ba ne ba le makgolo a mahlano le mashome a mahlano.
24Hoba moradi wa Faro a falle Motseng wa Davida, a ye tlung ya hae, eo Solomone a neng a mo hahetse yona, yaba Solomone o haha Milo.
25Hararo ka selemo Solomone o ne a ye a etse nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho, a di etsetse hodima aletare eo a neng a e hahetse Morena, mme a tjhesetse le mokubetso hodima aletare yona eo ya Morena. Yaba o qeta ho haha ntlo.
26Kgosi Solomone a haha le lebotho la dikepe Esione-Gebere, pela Elate, lebopong la Lewatle la Lehlaka, naheng ya Edomo. 27Hirame a romela bahlanka ba hae ba tsebang ho sesisa dikepe ho ya sebetsa le bahlanka ba Solomone. 28Ba ya naheng ya Ofire ka dikepe, ho ya lata kgauta teng. Ba tlisetsa kgosi Solomone kgauta e boima ba dikilo tse fetafetang dikete tse leshome le metso e mene.

Currently Selected:

1 DIKGOSI 9: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy