YouVersion Logo
Search Icon

1 DIKGOSI 8

8
Areka ya selekane e iswa Tempeleng
(2 Dik. 5:2 — 6:2)
1Jwale Solomone a kgobokanya baholo ba Baiseraele, le dihlooho tsohle tsa merabe, le mahosana a malapa a bana ba Iseraele. Bohle ba tla Jerusalema ho kgosi Solomone, hore ba tlo nyolla areka ya selekane, e tswe Motseng wa Davida, e leng Sione. 2Banna bohle ba Baiseraele ba kgobokanela ho kgosi Solomone, mohla mokete, ka kgwedi ya Mphalane, e leng kgwedi ya bosupa.
3Baholo bohle ba Baiseraele ba tla, mme baprista ba nka areka. 4Baprista le Balevi ba nyolla areka ya Morena, le Tente ya Morena, le dintho tsohle tse halalelang, tse neng di le ka Tenteng ya Morena.
5Bo-kgosi Solomone le setjhaba sohle sa Iseraele se neng se kgobokanetse ho yena, ba ema kapele ho areka, ba etsa mahlabelo ka dinku le ka dipholo tse ngata hoo di neng di ke ke tsa balwa.
6Baprista ba tlisa areka ya selekane sa Morena ka Tempeleng, ba e bea ditulong tsa yona, ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa, tlasa mapheo a dikerubime. 7Dikerubime tseo di ne di thathaladitse mapheo a mabedi hodima moo areka e bewang teng, a okametse areka le mefeng ya yona. 8Mefeng e ne e hlahisitse dintlha tsa yona, hoo dintlha tseo di neng di bonahala ha motho a le ka Sehalalelong, a tobane le Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, empa di ne di sa bonahale ha motho a le sebakeng se seng, mme di sa ntsane di le moo le kajeno-ya-bokajeno. 9Ho ne ho se letho kahara areka, haese matlapa a mabedi, ao Moshe a neng a a kenye kateng ha ba le Horebe, mohla Morena a etsang selekane le bana ba Iseraele, ha ba ne ba etswa naheng ya Egepeta.
10Yare ha baprista ba etswa ka Sehalalelong, leru la tlala ka Tempeleng ya Morena, 11hoo baprista ba ileng ba sitwa ho sebeletsa, hobane tlotla ya Morena e ne e tletse ka Tempeleng ya Morena.
12Jwale Solomone a re:
“Morena o itse
o tla aha fifing le letsho!
13Jwale ke o hahetse
Tempele ya bodulo,
baka se tsitsitseng
sa bodulo ba mehla yohle.”
Solomone o bua le setjhaba
(2 Dik. 6:3-11)
14Setjhaba sohle sa Iseraele se ne se eme. Kgosi Solomone a retelehela ka ho sona, a se tadima, mme a se hlohonolofatsa sohle.
15Yaba kgosi e re: “Ho ke ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, ya phethahaditseng seo a neng a se tshepise Davida, ntate, ka molomo wa hae, a re: 16‘Ho tloha mohla ke ntshang setjhaba sa ka Egepeta, ha ho motse hara merabe ya Iseraele, oo nkileng ka o kgetha hore ke hahe Tempele eo ke tla dula ho yona; ke ne ke kgethe Davida hore a buse setjhaba sa ka sa Iseraele.’
17“E ne e le takatso ya Davida, ntate, ho hahela Morena Modimo wa Iseraele Tempele. 18Empa Morena a re ho Davida, ntate: ‘O ne o lakatsa ho nkgahela Tempele, mme ke hantle ha o ile wa lakatsa jwalo. 19Leha ho le jwalo, wena ha o ka ke wa haha Tempele eo, empa mora wa hao, ya tla tswa lethekeng la hao, ke yena ya tla nkgahela yona.’
20“Jwale Morena o phethahaditse polelo eo a neng a e bue. Ke tswetswe tlung ya Davida, ntate; ke dutse teroneng ya Iseraele jwalokaha Morena a ne a tshepise, mme ke hahetse Morena Modimo wa Iseraele Tempele. 21Ke lokisitse sebaka sa areka, moo ho bolokilweng selekane sa Morena, seo a neng a se etse le bo-ntata rona, ha a ne a ba ntsha naheng ya Egepeta.”
Solomone o a ithapella
(2 Dik. 6:12-20)
22Yaba Solomone o ema kapele ho aletare ya Morena, moo setjhaba sohle sa Baiseraele se ntseng se bona, o phahamisetsa matsoho a hae lehodimong, 23mme a re: “Morena Modimo wa Iseraele, ha ho Modimo ya kang wena hodimo lehodimong, kapa tlase lefatsheng, ya bolokang selekane le bahlanka ba hae, a ba bontshe mohau ha ba mo tshepa ka dipelo tsa bona tsohle. 24O bolokile tshepiso eo o neng o e etsetse mohlanka wa hao Davida, ntate. O bile o ne o bue ka molomo wa hao, mme ka letsatsi lena o e phethahaditse ka matla a hao.
25“Jwale ka baka leo, wena Morena Modimo wa Iseraele, ako boloke tshepiso eo o neng o e etsetse mohlanka wa hao Davida, ntate, wa re: ‘Haeba bana ba hao ba ka ba le boitshwaro, metsamao ya bona ya nkgahla, mme ba tshepahala ka dipelo tsa bona tsohle, le ka moya wa bona wohle, jwalokaha o ile wa etsa, terone ya Iseraele e ke ke ya hloka mohlahlami.’ 26Jwale oho, Morena Modimo wa Iseraele, ke a o rapela: Tshepiso ya hao, eo o neng o e etsetse mohlanka wa hao Davida, ntate, e ke e phethahatswe.
27“Empa na ruri Modimo o tla hle a ahe lefatsheng? Bona, esita le lehodimo la mahodimo ha le a o lekana; ebe jwale Tempele ee, e hahilweng ke nna, yona e ka o lekana jwang? 28Leha ho le jwalo, oho, Morena Modimo wa ka, ako mamele thapelo ya mohlanka wa hao, le kopo ya hae, o utlwe sello le thapelo, e leng tseo mohlanka wa hao a o rapelang ka tsona kajeno. 29Bosui le motsheare mahlo a hao a ke a lebele ntlo ena, e leng sebaka seo o buileng ka sona, wa re: ‘Nna ke tla ba teng mona.’ Ako utlwe thapelo eo mohlanka wa hao a tla e etsa a le sebakeng sena.”
Solomone o rapella setjhaba
(2 Dik. 6:21-42)
30“Ako mamele kopo ya mohlanka wa hao, le ya setjhaba sa hao sa Iseraele, ha se rapela se le sebakeng sena. Mamela o le leahong la hao le lehodimong, mme ha o utlwa o se tshwarele.
31“Ha motho a sitelwa wa habo, mme ho thwe a hlapanye kapele ho aletare ya hao, ka tlung ena, 32o utlwe o le lehodimong, mme o ahlolele bahlanka ba hao; o tswe ya kgopo, o mo jarise molato wa hae; o lokolle ya se nang molato, o mo ahlolele ho ya ka ho hloka molato ha hae.
33“Ha setjhaba sa hao sa Iseraele se hlolwa ke dira, kahobane se o sitetswe, mme eba se kgutlela ho wena, se tlotlisa lebitso la hao, se o rapela, se o kopa se le ka tlung ena, 34o se utlwe o le lehodimong, mme o tshwarele setjhaba sa hao sa Iseraele sebe sa sona, o se kgutlisetse naheng eo o neng o e nee bo-ntata sona.
35“Ha letsatsi le eme, pula e sa ne, hobane setjhaba sa hao se o sitetswe, mme eba se o rapela se le ka tlung ena, se tlotlisa lebitso la hao, se furalla sebe sa sona ha o se otla, 36o se utlwe o le lehodimong, mme o tshwarele bahlanka ba hao, e leng setjhaba sa hao sa Iseraele, sebe sa bona. Ako ba rute tsela e lokileng, eo ba tla tsamaya ka yona. Naha ya hao, eo o e neileng setjhaba sa hao hore e be lefa la sona, o e nesetse pula.
37“Haeba naha e ena le sekoboto, ho ena le lefu la sewa, lebabo, boroku, ditsie, kapa bookgolane; eba dira tsa setjhaba sena di etsetsa metse ya sona thibella; leha ho ka ba le sewa sefe le sefe, kapa malwetse afe le afe; 38thapelo kapa kopo efe le efe e etswang ke motho ofe le ofe, kapa ke setjhaba sa hao sohle sa Iseraele, kamoo motho ka mong a kgwebethwang ke letswalo la hae kateng, eba o otlollela matsoho a hae tlung ena, 39o utlwe o le leahong la hao le lehodimong, o ba tshwarele, o ba thuse. Motho ka mong o mo putse ho ya ka diketso tsa hae, kamoo o tsebang pelo ya hae kateng, hobane ke wena, mme ke wena feela, ya tsebang dipelo tsa batho bohle; 40ba tle ba o tshabe ka matsatsi wohle ha ba ntse ba phela naheng eo o neng o e nee bo-ntata bona.
41“Le moditjhaba eo e seng wa setjhaba sa hao sa Iseraele, o tla tla ka baka la lebitso la hao, a etswa naheng e hole, 42hobane baditjhaba ha ba utlwa botumo ba hao, le matla a hao, le thuso ya hao, ba tla tla tlung ena ba tlo rapela. 43O utlwe o le leahong la hao le lehodimong, moditjhaba eo o mo etsetse tsohle tseo a di kopang ho wena, e le hore ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe lebitso la hao, di o tshabe, jwalokaha setjhaba sa hao sa Iseraele se o tshaba; di be di tsebe le hore ntlo ena eo ke e hahileng e bitswa ka wena.
44“Ha setjhaba sa hao se futuhela dira tsa sona, hohle moo o ka se romelang teng, mme se rapela se tadimile motseng oo o o kgethileng, le tlung ena eo ke o hahetseng yona, 45o utlwe thapelo ya sona le kopo ya sona o le lehodimong, o se lwanele.
46“Haeba ba o sitelwa, hobane ha ho motho ya sa sitweng, o tla ba halefela, o neelane ka bona ho dira tsa bona, hore di ba hape, e be bathopuwa, di ba ise naheng ya tsona e hole kapa e haufi. 47Empa ha ekare ha ba le naheng eo ba isitsweng ho yona e le bathopuwa, ba baka, mme hona moo naheng eo ya bathopi ba bona, ba o kopa, ba re: ‘Re sitilwe, re kgelohile, re entse bakgopo,’ 48mme ba kgutlela ho wena ka dipelo tsa bona tsohle, le ka meya ya bona yohle ha ba ntse ba le naheng eo ya dira tsa bona, tse ileng tsa ba etsa bathopuwa; ba o rapela ba tadimile naheng ena ya bona, eo o neng o e nee bo-ntata bona, le motseng ona oo o o kgethileng, le tlung ena eo ke o hahetseng yona, 49o utlwe thapelo ya bona, le kopo ya bona, o le leahong la hao le lehodimong, mme o ba lwanele. 50Tshwarela setjhaba sa hao se o sitetsweng, o se tshwarele ditshito tsa sona, tseo se o sitetsweng ka tsona. Etsa hore bao ba se thopileng ba be le mohau, ba se hauhele. 51Setjhaba sena ke sa hao, ke lefa la hao; o se ntshitse Egepeta, seboping se tukang malakabe.
52“O ke o ananele kopo ya mohlanka wa hao, le ya setjhaba sa hao sa Iseraele, mme kamehla ha se ipiletsa ho wena o se utlwe. 53Oho, Morena Modimo, o ne o kgethe setjhaba sena hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe, hore e be lefa la hao, jwalokaha o ne o bue ka Moshe, mohlanka wa hao, ha o ne o ntsha bo-ntata rona Egepeta.”
Thapelo ya ho qetela
54Ha Solomone a qetile ho rapela Morena ka thapelo ena yohle le ka kopo ena, a phahama kapele ho aletare ya Morena, moo a neng a ntse a kgumame teng, a phahamiseditse matsoho a hae lehodimong. 55A ema, a bua ke lentswe le phahameng, a hlohonolofatsa setjhaba sohle sa Iseraele, a re: 56“Ho bokwe Morena, ya neileng setjhaba sa hae sa Iseraele phomolo, jwalokaha a ne a tshepise. Ha ho tshepiso le e nngwe ya ditshepiso tseo a neng a di etse ka Moshe, mohlanka wa hae, e sa phethahalang. 57Morena Modimo wa rona, a be le rona, jwalokaha a bile le bo-ntata rona; a se ke a re lahla, a re furalla. 58A ke a sokollele dipelo tsa rona ho yena, re tsamaye ditseleng tsohle tsa hae, re boloke melao ya hae, le ditaelo tsa hae, le dikahlolo tsa hae, tseo a di laetseng bo-ntata rona. 59Motsheare le bosiu Morena Modimo wa rona, a ke a hopole mantswe ana ao ke entseng thapelo le kopo ho yena ka wona; ka dinako tsohle a ke a be haufi le Morena Modimo wa rona, mme a nee mohlanka wa hae le setjhaba sa hae sa Iseraele toka, kamoo ho ka hlokahalang kateng ka letsatsi ka leng; 60e le hore ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe hore Morena ke Modimo, mme ha ho e mong. 61Ka baka lena, le ke le tshepahale ho Morena Modimo wa rona, le tsamaye ka ditaelo tsa hae, le boloke melao ya hae jwaloka kajeno.”
Mokete wa ho kgakola Tempele
(2 Dik. 7:4-10)
62Bo-kgosi Solomone le setjhaba sohle sa Baiseraele, ba etsetsa Morena sehlabelo. 63Solomone a etsetsa Morena sehlabelo sa teboho ka dipholo tse dikete tse pedi le mashome a mabedi, le ka dikgutshwane tse dikete tse lekgolo le mashome a mabedi. Yaba kgosi le bana bohle ba Iseraele ba kgakola ntlo ena ya Morena.
64Ka lona letsatsi leo, kgosi ya halaletsa le bohare ba seotlwana se kapele ho ntlo ya Morena. Solomone a etsetsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya mafura ya teboho hona moo, hobane aletare ya lethose, e kapele ho Morena, e ne e le nyenyane hoo e neng e ke ke ya lekana dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa dijo, le dinyehelo tsa mafura tsa teboho.
65Ka yona nako eo, Solomone a etsa mokete, a ena le Baiseraele bohle, ba neng ba kgobokane ka bongata bo boholo, ho tloha Kgorong ya Hamate, ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta. Mokete ona wa ketekelwa Morena ka matsatsi a supileng, le ka matsatsi a supileng hape, ya eba matsatsi a leshome le metso e mene kaofela. 66Ka letsatsi la borobedi Solomone a qhala setjhaba; yaba setjhaba se hlohonolofatsa kgosi Solomone, se ikela malapeng a sona se thabile, dipelo di nyakaletse ka baka la molemo wohle oo Morena a o etseditseng Davida, mohlanka wa hae, le setjhaba sa hae sa Iseraele.

Currently Selected:

1 DIKGOSI 8: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy