YouVersion Logo
Search Icon

1 DIKGOSI 5

5
Ho lokisetswa ho hahwa ha Tempele
(2 Dik. 2:1-18)
1Hoba Hirame, kgosi ya Tire, a utlwe hore Solomone o tlotseditswe ho ba kgosi sebakeng sa ntatae, a roma bahlanka ba hae ho Solomone, hobane yena le Davida e ne e le metswalle ka nako yohle ya ho phela ha Davida.
2Solomone a romela molaetsa ho Hirame, a re: 3“O a tseba hore Davida, ntate, o ile a sitwa ho hahela Morena Modimo wa hae ntlo, ka baka la dira tse neng di mo futuhela kamahohle, ho fihlela ha Morena a entse hore a hlole dira tseo. 4Jwale Morena Modimo wa ka, o mphile kgotso kahohle; ha ho sera, ha ho tsietsi. 5Ka baka leo, ke hopola ho hahela Morena Modimo wa ka ntlo, jwalokaha Morena a ile a bua ho Davida, ntate, a re: ‘Mora wa hao, eo ke tla mmea teroneng ya hao ho o hlahlama, ke yena ya tla nkgahela ntlo.’
6“Ka hona ako laele hore ke romelwe difate tsa dikedare tsa Lebanone. Bahlanka ba ka ba tla sebetsa le ba hao. Ke tla lefa bahlanka ba hao kamoo wena o tla bolela kateng. O a tseba hore hara batho ba ka ha ho le ya mong ya ka remang difate hantle jwaloka batho ba Sidone.”
7Ha Hirame a utlwa mantswe ana a Solomone, a thaba haholo, a ba a re: “Kajeno ho bokwe Morena, yena ya neileng Davida mora ya bohlale, hore a buse setjhabahadi sena.”
8Yaba Hirame o romela molaetsa ho Solomone, o re: “Ke utlwile molaetsa wa hao; ke tla etsa kamoo o lakatsang kateng, ke o romele difate tsa dikedare le tsa modutu. 9Bahlanka ba ka ba tla di theola Lebanone, ba di ise lewatle, mme nna ke tla di tlamahanya, ke di akgele lewatleng, di sike le lebopo di phaphametse, di be di yo fihla moo o tla re di iswe teng. Ha di fihla teng di tla tlamollwa, ebe o a di thotha. Wena ha o ka fepa lelapa la ka, ke tla kgotsofala.”
10Yaba Hirame o nea Solomone difate tsa dikedare le tsa modutu, ho ya kamoo Solomone a neng a laetse kateng. 11Ka selemo se seng le se seng Solomone a nea Hirame dikilo tse ka bang dimilione tse pedi tsa koro, le dilethara tse ka bang dikete tse makgolo a mane tsa ole e hlwekileng ya mohlwaare, ho fepa lelapa la hae. 12Morena a nea Solomone bohlale, jwalokaha a ne a mo tshepisitse. Ha eba le kgotso pakeng tsa Hirame le Solomone, ba ba ba etsa selekane.
13Kgosi Solomone a bokella makgoba a dikete tse mashome a mararo naheng yohle ya Iseraele. 14Ka kgwedi a romela makgoba a dikete tse leshome Lebanone. A ne a ye a qete kgwedi Lebanone, tse pedi a di qete a le hae. Adonirame e ne e le yena mookamedi wa makgoba ana. 15Solomone o ne a ena le makgoba a dikete tse mashome a supileng a neng a thotha thepa, le a dikete tse mashome a robedi a neng a betlela majwe kwaring. 16Ho ne ho bile ho ena le balebedi ba dikete tse tharo le makgolo a mararo, ba neng ba beilwe ke Solomone ho hlokomela mesebetsi e fapakaneng, mme ba okametse basebetsi. 17Kgosi ya laela hore ho tjhekwe majwe a maholo, a bohlokwa a betlwe ka makgethe, ho tla etsa motheo wa Tempele. 18Dihahi tsa Solomone, le tsa Hirame, mmoho le Bagebale, tsa thua majwe, tsa betla mapolanka le majwe a ho haha Tempele.

Currently Selected:

1 DIKGOSI 5: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy