YouVersion Logo
Search Icon

1 DIKGOSI 19

19
Elia thabeng ya Horebe
1Akabe a tsebisa Jesabele tsohle tseo Elia a di entseng, le kamoo a ileng a bolaya baporofeta ba Baale ka sabole kateng. 2Yaba Jesabele o roma leqosa ho Elia, o re: “Haeba hosasane, ka yona nako ena, ke sa o bolaya jwalokaha o bolaile baporofeta, le nna medimo e ke e nketse jwaloka bona, e be e fetise moo.”
3Ha Elia a bona taba di le mosenekeng, a ema, a baleha hore a tle a pholohe, a ba a ya fihla Beeresheba e naheng ya Juda, mme a siya mohlanka wa hae hona moo.
4Elia yena a qeta letsatsi a ntse a tsamaya hara lehwatata. A fihla a dula tlasa sehlahla sa tshinabele, a ikopela hore a shwe, a re: “Ho lekane! Oho, Morena, nka moya wa ka jwale, hobane ha ke fete bo-ntate ka letho!”
5Ha a ntse a paqame, a kgalehile katlasa sehlahla sa tshinabele, lengeloi la mo sisinya, la re ho yena: “Tsoha, o je!” 6Ha a tadima, a bona senkgwa se besitsweng mollong wa mashala, pela hlooho ya hae ho ena le lekuka la metsi. Yaba o a ja, o a nwa, a nto kgaleha hape.
7Lengeloi la Morena la boela la tla kgetlo la bobedi, la mo sisinya, la re: “Tsoha, o je, ho seng jwalo leeto lena le tla o imela.” 8Yaba o a tsoha, o a ja, o a nwa. Dijo tseo tsa mo matlafatsa, mme a tsamaya matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, a ba a ya fihla Horebe, thabeng ya Modimo.
9Ha a fihla teng a fumana lehaha, mme a robala ka ho lona. Yaba lentswe la Morena le fihla ho yena, le re: “O etsang moo, Elia?”
10Elia a re: “Ke ka baka la ho boulela Morena Modimo wa mabotho, ke leng mona. Bana ba Iseraele ba furaletse selekane sa hao, ba heleditse dialetare tsa hao, ba bolaile baporofeta ba hao ka sabole. Ke nna ke le mong feela ya setseng, mme jwale ba batla ho mpolaya.”
11Lentswe la re: “Tsamaya, o yo ema hodima thaba, kapele ho Morena.” Yaba Morena o a feta.
Moya wa sefefo se matla, o eteletseng Morena pele, wa heletsa dithaba, wa kgepholaka mafika, empa Morena o ne a le siyo kahara moya oo. Hoba moya oo o fete, ha eba le tshisinyeho ya lefatshe, empa Morena o ne a le siyo kahara tshisinyeho eo. 12Hoba tshisinyeho eo e kgaotse, ha eba le mollo, empa Morena o ne a le siyo kahara mollo oo. Hoba mollo oo o fete, ha utlwahala lentswe le lesesanyane, le hweshetsang. 13Ha Elia a utlwa lentswe leo, a ikgurumetsa ka kobo ya hae, a tswa, a ema monyako wa lehaha.
Jwale lentswe la boela la fihla ho yena, la re: “O etsang moo, Elia?”
14Yena a re: “Ke ka baka la ho tjhesehela ho sebeletsa Morena Modimo wa mabotho, ke leng mona. Bana ba Iseraele ba furaletse selekane sa hao, ba heleditse dialetare tsa hao, ba bolaile baporofeta ba hao ka sabole. Ke nna ke le mong feela ya setseng, mme jwale ba batla ho mpolaya.”
15Yaba Morena o re ho yena: “Ikgate mohlala, o ye lehwatateng la Damaseka. Ha o fihla teng, o tlotse Hasaele, e be kgosi ya Arame. 16Jehu, mora wa Nimeshi, yena o mo tlotse, e be kgosi ya Iseraele; le Elisha, mora wa Shafate wa Abele-Menola o mo tlotse, e be moporofeta bakeng sa hao. 17Ya tla phonyoha saboleng sa Hasaele, o tla bolawa ke Jehu, mme ya tla phonyoha saboleng ya Jehu, o tla bolawa ke Elisha. 18Empa ke tla siya ba dikete tse supileng naheng ya Iseraele, e leng bohle ba sa kang ba kgumamela Baale, le bohle ba sa kang ba mo aka.”
Elisha o a bitswa
19Yaba Elia o a tsamaya, mme a fumana Elisha, mora wa Shafate, moo ho ntseng ho lengwa ka dipane tse leshome le metso e mmedi tsa dipholo, yena a lema ka sepane sa leshome le metso e mmedi. Elia a fihla a feta pela Elisha, yaba o akgela kobo ya hae hodima hae. 20Elisha a siya dipholo, a matha kamora Elia, a re: “Ako ntumelle, ke a o rapela: Ke mpe ke yo aka ntate le mme, mme ke tla o latela.”
Yaba Elia o re ho yena: “Tsamaya! Na nkile ka o thibela?”
21Yaba Elisha o a kgutla, o nka dipholo tsa hae tsa sepane, o a di hlaba. A besa mollo ka dijoko, a pheha nama ya dipholo, a e fa batho, yaba ba a ja. Jwale yena a tsamaya, a sala Elia morao, mme a mo sebeletsa.

Currently Selected:

1 DIKGOSI 19: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy