YouVersion Logo
Search Icon

1 DIKGOSI 18

18
Elia le baporofeta ba Baale
1Kamora ditshiu tse ngata, ka selemo sa boraro, lentswe la Morena la fihla ho Elia, la re: “Tsamaya o yo itlhahisa kapele ho Akabe, mme ke tla nesetsa lefatshe pula.” 2Yaba Elia o ya itlhahisa kapele ho Akabe. A fumana Samaria tlala e le ya bojadikata.
3Yaba Akabe o bitsa Obadiya, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la Akabe, mme a hlompha Morena haholo. 4Mohla Jesabele a neng a bolaya baporofeta ba Morena, Obadiya o ne a nke baporofeta ba lekgolo, a pata ba mashome a mahlano ka lehaheng le leng, le ba mashome a mahlano ka ho le leng, a ba fepa, a ba fa metsi. 5Yaba Akabe o re ho Obadiya: “Tsamaya le naha, o hlahlobe didiba tsohle le melatswana yohle; mohlomong re ka fumanela dipere le dimmeile jwangnyana, di tle di phele, re se shwelwe ke diphoofolo tsohle.” 6Kahoo ba arolelana naha hore ba tle ba e hlahlobe; Akabe a nka tsela ya hae, mme Obadiya le yena a nka ya hae.
7Ha Obadiya a ntse a tsamaya, a kopana le Elia. Obadiya a mo tseba, yaba o obama kapele ho yena, o re: “Na ke wena Elia, monga ka?”
8A mo araba, a re: “Ke nna. Tsamaya o yo bolella monga hao, hore Elia o teng mona.”
9Yaba Obadiya o re: “Ke o sitetswe kang, ha e le moo o batla ho neelana ka nna matsohong a Akabe, hore a mpolaye? 10Ka Modimo ya phelang, ha ho setjhaba kapa mmuso oo monga ka a sa kang a ya o batla ho wona; ere ha ba re: ‘Ha a yo,’ ebe o hlapantsha mmuso oo kapa setjhaba seo, hore ruri o fela o le siyo. 11Jwale wena o re: ‘Tsamaya o yo bolella monga hao hore Elia o teng.’ 12Etlare hanghang ha ke kgaohana le wena, moya wa Morena o o nkele moo ke sa tsebeng, mme ha ke fihla ke bolella Akabe hore o teng, feela a sa o fumane, ebe o a mpolaya, le hoja nna, mohlanka wa hao, ke hlomphile Morena ho tloha botjheng ba ka. 13Monga ka, na ha o eso utlwe seo ke neng ke se etse ha Jesabele a ne a bolaya baporofeta ba Morena? Ke ne ke pate baporofeta ba Morena ba lekgolo: ba mashome a mahlano ka lehaheng le leng, le ba mashome a mahlano ka ho le leng, mme ka ba fepa, ka ba fa metsi. 14Empa jwale o re: ‘Tsamaya o yo bolella monga hao hore Elia o teng,’ a tle a mpolaye!”
15Yaba Elia o re: “Ka Morena ya phelang, molaodi wa tsohle eo ke mo sebeletsang, ke a o tiisetsa, ke tla ikisa ho yena kajeno.”
16Kahoo Obadiya a ya ho Akabe, a mmolella. Yaba Akabe o ya kgahlanyetsa Elia. 17Ha Akabe a bona Elia a re ho yena: “Kajeno re kopane, mohlorisi towe wa Iseraele!”
18Elia a mo araba, a re: “Ha ke eso hlorise Iseraele, empa ke wena le ba lelapa leno ba hlorisang Iseraele, hobane le furaletse melao ya Morena, mme wena o sebeletsa bo-Baale. 19Kahoo, mane thabeng ya Karamele, mmemele pitso ya Baiseraele bohle, le baporofeta ba Baale ba makgolo a mane le mashome a mahlano, le baporofeta ba Ashera ba makgolo a mane, ba feptjwang ke Jesabele.”
20Yaba Akabe o mema bana bohle ba Iseraele, o bokella le baporofeta ba Baale thabeng ya Karamele. 21Elia a fihla ho setjhaba sohle, a re ho sona: “Le tla ba bo-temepedi ho fihlela neng? Haeba Morena ke yena Modimo, mo sebeletseng; le teng haeba Baale ke yena Modimo, sebeletsang yena.” Empa setjhaba sa kgutsa tu!
22Yaba Elia o re ho setjhaba: “Ke nna ke le mong feela ya setseng wa baporofeta ba Morena, athe baporofeta ba Baale bona ba makgolo a mane le mashome a mahlano. 23Re tlisetseng dipohwana tse pedi, baporofeta ba Baale ba ikgethele e nngwe ya tsona, ba e tshele, ba e bee hodima patsi e tjhehileng mollo, ba se ke ba e hotetsa; le nna ke tla tshela pohwana e nngwe, ke e bee hodima patsi, ebe ha ke hotetse mollo. 24Jwale le bitse medimo ya lona, le nna ke tla bitsa Morena, mme modimo ya tla arabela ka ho hotetsa mollo e tla ba ke yena Modimo.”
Setjhaba sa arabela kaofela, sa re: “O nepile ditaba!”
25Jwale Elia a re ho baporofeta ba Baale: “Ha ho qale lona ho kgetha pohwana, le be le e tshele, hobane le bangata; ebe le bitsa medimo ya lona, feela le se ke la hotetsa mollo.”
26Yaba ba nka pohwana eo ba e neilweng, ba a e tshela, ba bitsa Baale ho tloha hoseng, ho fihlela hara mpa ya motsheare, ba ntse ba re: “Oho, Baale, ako re arabe!” Empa ha se ke ha eba le lentswe, kapa motho ya arabelang. Ba tlolaka pela aletare eo ba neng ba e hahile.
27Hara mpa ya motsheare Elia a ba soma, a re: “Howeletsang haholo, hobane Baale ke modimo! Mohlomong o sa le boikgutsong, kapa o ilo ithoma, kapa o leetong, kapa mohlomong o robetse, mme eka kgona a tsoswe.” 28Ba howa haholo, mme ka mokgwa wa bona ba itshehaka ka dithipa le ka mahare, ho fihlela madi a bona a phorosela. 29Ba nna ba palaola, jwaloka mahlanya, ho fihlela e eba nako ya ho etsa nyehelo ya mantsiboya, empa ha se ke ha eba le lentswe, kapa motho ya arabelang, kapa ya ba natsang.
30Jwale Elia a re ho setjhaba sohle: “Atamelang kwano!” Setjhaba sohle sa atamela ho yena. Yaba o tsosa aletare ya Morena e neng e heleditswe. 31Elia a nka majwe a leshome le metso e mmedi, ho lekanya palo ya merabe ya bana ba Jakobo, eo lentswe la Morena le neng le fihle ho yena, la re: “Lebitso la hao e tla ba Iseraele.” 32Ka majwe ao a hahela Morena aletare. A tjheka mosele o potapotang aletare, o ka lekanang ho tshela dilethara tse leshome le metso e mene tsa metsi. 33A tjheha patsi ya mollo, a tshela pohwana, a bea ditho tsa yona hodima patsi, a re: “Tlatsang dinkgo tse nne metsi, le tshele sehlabelo sa setjheso le patsi ka wona.”
34Yaba o re: “Etsang jwalo kgetlo la bobedi!” Ba etsa jwalo kgetlo la bobedi.
A boela a re: “Etsang jwalo kgetlo la boraro!” Ba etsa jwalo kgetlo la boraro. 35Metsi a tsholoha le mahlakoreng wohle a aletare, le mosele ba o tlatsa metsi.
36Ha nako ya ho etsa nyehelo ya mantsiboya ya sehlabelo sa setjheso, e fihlile, moporofeta Elia a atamela, a re: “Oho, Morena Modimo wa Aborahama, le Isaka, le Iseraele, a ho ke ho tsejwe kajeno, hore o Modimo wa Iseraele, le hore nna ke mohlanka wa hao, le hore ke entse dintho tsena tsohle ka taelo ya hao. 37Ako nkutlwe, Morena! Ako nkutlwe, setjhaba sena se tle se tsebe hore wena, Morena, o Modimo, le hore o sokolotse dipelo tsa sona hape.”
38Yaba mollo wa Morena o theoha hodimo, o tjhesa sehlabelo sa setjheso, le patsi, le majwe, le lerole; o monya le metsi a neng a le ka moseleng.
39Ha batho bohle ba bona hoo, ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: “Morena ke yena Modimo! Morena ke yena Modimo!”
40Elia a re ho bona: “Tshwarang baporofeta ba Baale, le se ke la tlohela le ya mong wa bona a phonyoha!” Ba ba tshwara, Elia a ba theolela ka molatswaneng wa Kishone, a ba bolaela hona moo.
Komello e a kgaotsa
41Yaba Elia o re ho Akabe: “Tsamaya o yo ja, o nwe, hobane ke utlwa ho hwasa ha pula ya ditlwebelele.” 42Akabe a tsamaya ho ya ja le ho nwa. Elia yena a nyolohela tlhorong ya Karamele, a fihla a putlama fatshe, a kenya hlooho pakeng tsa mangwele.
43A re ho mohlanka wa hae: “Nyolohela hodingwana, o akgele mahlo nqa lewatle.”
A nyoloha, a akgela mahlo, a re: “Ha ho letho.”
Yaba Elia o re: “Boela hape!” A boela hasupa.
44Ka kgetlo la bosupa, mohlanka a re: “Ke bona lerunyana le lekaalo ka seatla sa motho le nyoloha lewatleng.”
Elia a re: “Tsamaya o ye ho Akabe, o re: ‘Palama koloi ya hao, o ye hae, esere pula ya o thibella!’ ”
45Ka ho panya ha ntshi feela, lehodimo la fifala ke maru a matsho, moya wa pukutsa, ha na pula ya ditlwebelele. Akabe a palama, a ya Jesereele. 46Morena a matlafatsa Elia, a itlama letheka, a kgisa ka sekaja kapele ho Akabe, ho ya fihla Jesereele.

Currently Selected:

1 DIKGOSI 18: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy