YouVersion Logo
Search Icon

1 BAKORINTHE 2

2
Ho phatlalatswa Kreste ya thakgisitsweng
1Bana beso, nna ha ke etla ho lona, ho le phatlalletsa sephiri sa Modimo, ke ne ke sa tlisa bokgelekehadi kapa bohlale bo boholo. 2Ha ke ne ke ena le lona, ke ne ke ikemiseditse ho lebala tsohle, haese tsa Jesu Kreste feela, yena ya thakgisitsweng. 3Ke fihlile ho lona ke fokola, ke tshaba, mme ke thothomela haholo. 4Puo ya ka le molaetsa wa ka ha di a ka tsa bolelwa ka mantswe a hapang, a bohlale ba motho, empa e ne e le ka matla a kgodisang a Moya o Halalelang. 5E ne e le hore tumelo ya lona e se ke ya thewa hodima bohlale ba motho, e mpe e thewe hodima matla a Modimo.
Re senolelwa ke Moya wa Modimo
6Leha ho le jwalo, re bua tsa bohlale hara ba hodileng tumelong, empa hase tsa bohlale ba lefatshe lena, kapa ba babusi ba lefatshe lena ba shwang. 7Re bua ka tsa bohlale ba Modimo, boo e leng sephiri, bo patehileng, boo Modimo a bo hlotseng le lefatshe le eso be teng, hore e be tlotla ya rona. 8Ke boo ho seng le ya mong wa babusi ba lefatshe lena ya kileng a bo tseba hobane, hojane ba ne ba bo tsebile, ba ka be ba sa ka ba thakgisa Morena wa tlotla. 9Empa jwalokaha ho ngotswe,
“Tseo leihlo le sa kang la di bona,
tsebe e sa kang ya di utlwa,
le kelello ya motho
e sa kang ya di lekanya,
ke tsona tseo Modimo
a di lokiseditseng ba mo ratang.”
10Rona Modimo o re senoletse tsona ka Moya wa hae, hobane Moya o Halalelang o fuputsa tsohle, esita le tse tebileng tsa Modimo.
11Ana ke mang ya tsebang tse ka pelong ya motho, haese moya wa motho o ka ho yena? Ka mokgwa o jwalo, ha ho le ya mong ya tsebang tsa Modimo, haese Moya wa Modimo feela. 12Rona ha re a amohela moya wa lefatshe, empa re amohetse Moya o tswang ho Modimo, hore re tle re tsebe tseo re di filweng ke Modimo ka mohau wa hae. 13Tsena ha re di bolele ka mantswe a rutwang ka bohlale ba motho, empa re di bolela ka mantswe a rutwang ke Moya o Halalelang, ka ho hlalosetsa ba nang le Moya o Halalelang ditaba tsa moya. 14Motho ya buswang ke botho ha a amohele tsa Moya wa Modimo, hobane ho yena tseo ke bothoto. Le ho di tseba a ke ke a di tseba, hobane di hlalohanngwa ka Moya o Halalelang feela. 15Motho ya nang le Moya o Halalelang o hlalohanya tsohle, athe yena ha ho ya ka mo ahlolang.
16“Ke mang ya tsebang
mehopolo ya Morena?
Ke mang ya ka mo rutang?”
Ha e le rona re na le maikutlo a Kreste.

Currently Selected:

1 BAKORINTHE 2: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy