YouVersion Logo
Search Icon

1 BAKORINTHE 13

13
1Leha nka bua dipuo tsa batho le tsa mangeloi, empa ke se na lerato, ke itshwanela feela le tshepe e llang kapa lekapa le etsang mangenengene. 2Leha nka ba le neo ya boporofeta, mme ka tseba diphiri tsohle tsa Modimo, ka ba ka di utlwisisa, esita leha nka ba le tumelo yohle e hlokahalang ho suthisa dithaba, empa ke se na lerato, ha ke letho. 3Leha nka fana ka tsohle tseo ke nang le tsona, esita leha nka neelana ka mmele wa ka hore o tjheswe, empa ke se na lerato, ha ho nthuse letho.
4Lerato le na le mamello, lerato le mosa; ha le na mohono, ha le na boikakaso, ha le na boikgohomoso, 5ha le na mekgwa e mebe, ha le ikgopolele, ha le halefe, ha le na disuwa, 6ha le thabele bokgopo, empa le thabela nnete. 7Le iphapanyetsa tsohle, le dumela tsohle, le tshepa tsohle, le mamella tsohle.
8Lerato ha le ka ke la fela le ka mohla, empa dipolelo tsa boporofeta di tla fela, le neo ya maleme asele e tla kgaotsa, le tsebo e tla fela. 9Re tseba ka mokgwa o sa phethahalang, mme re porofeta ka mokgwa o sa phethahalang, 10empa mohla ho hlahang ho phethehileng, ho sa phethahalang ho tla fela. 11Ha ke ne ke sa le ngwana, ke ne ke bua jwaloka ngwana, ke hopola jwaloka ngwana, ke nahana jwaloka ngwana, empa ha ke se ke le monna, ke tlohetse tsa bongwana. 12Hajwale re bona ka seipone, ka lerootho, empa mohlang oo re tla bona jwalokaha difahleho di tadimane. Hajwale ke tseba ka mokgwa o sa phethahalang, empa mohlang oo ke tla tseba jwalokaha Modimo a ntseba.
13Jwale tsena tse tharo, e leng tumelo, le tshepo, le lerato, di tla nne di be teng, empa e kgolo ho tsona ke lerato.

Currently Selected:

1 BAKORINTHE 13: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy