YouVersion Logo
Search Icon

1 DIKETSAHALO 8

8
Ditloholo tsa Benjamine
1Benjamine a itsibola ka Bela, wa bobedi ya eba Ashebele, wa boraro ya eba Ahara, 2wa bone ya eba Noha, wa bohlano ya eba Rafa. 3Bara ba Bela e ne e le Adare, le Gera, le Abihude, 4le Abishua, le Naamane, le Ahowake, 5le Gera, le Shefufane, le Hurame. 6Bana ke bara ba Ehude, e leng bona dihlooho tsa malapa a ba neng ba ahile Geba, ba ileng ba fallisetswa Manahate. 7Bara bao ba Ehude e ne e le Naamane, le Ahiya, le Gera. Ke Gera, ntata Usa le Ahihude ya ileng a ba fallisetsa Manahate. 8Hoba Shaharaime a hlale Hushime le Baara, basadi ba hae, o ile a tswala bana ha a le naheng ya Moabe. 9Bara bao Hodeshe, mosadi wa hae, a ileng a mo tswalla bona, e ne e le Jobabe, le Sebiya, le Mesha, le Malekame, 10le Jeuse, le Shakiya, le Mirema. Bara bana ba hae e ne e le dihlooho tsa malapa abo bona. 11Hushime o ne a ile a mo tswalla bara bana: Abitube le Elepaale. 12Bara ba Elepaale e ne e le Ebere, le Mishame, le Shemede. Ke Shemede ya ileng a haha motse wa Ono le Lode, le metsana ya yona.
Ba morabe wa Benjamine ba neng ba ahile Gate le Aiyalone
13Beria le Shema, bara ba Elepaale, ba neng ba leleke baahi ba Gate, e ne e le bona dihlooho tsa malapa a ba neng ba ahile Aiyalone. 14Bara ba bang ba Elepaale e ne e le Ako, le Shashake, le Jeremote, 15le Sebadiya, le Arada, le Etere, 16le Mikaele, le Jishepa, le Joha, e leng bara ba Beria, 17le Sebadiya, le Meshulame, le Hisiki, le Hebere, 18le Jishemerai, le Jiseleya, le Jobabe, e leng bara ba Elepaale. 19Bara ba Shimei e ne e le Jakime, le Sikeri, le Sabedi, 20le Eleenai, le Siletai, le Eleele, 21le Adaya, le Beraya, le Shimerate. 22Bara ba Shashake e ne e le Jishepane, le Ebere, le Eleele, 23le Abadone, le Sikeri, le Hanane, 24le Hananiya, le Elame, le Anetotiya, 25le Jifediya, le Penuele. 26Bara ba Jerohame e ne e le Shamesherai, le Shehariya, le Ataleya, 27le Jaareshiya, le Elia, le Sikeri.
28Bana e ne e le bona dihlooho tsa malapa abo bona, kamoo a ngotsweng kateng bukeng ya leloko. Ba ne ba ahile Jerusalema.
Ba morabe wa Benjamine ba Gibeone le Jerusalema
(1 Dik. 9:35-44)
29Jeiele, mothei wa Gibeone, o ne a ahile Gibeone. Lebitso la mosadi wa hae e ne e le Maaka. 30A itsibola ka Abadone, Abadone a hlahlangwa ke Sure, le Kishe, le Baale, le Nadabe, 31le Gedore, le Ako, le Sakere, 32le Mikelote, ya ileng a tswala Shima. Le bona bana ba ne ba ahile Jerusalema, pela bana babo bona.
Ba lelapa la Saule
33Nere a tswala Kishe, Kishe a tswala Saule, Saule a tswala Jonathane, le Malekishuwa, le Abinadabe, le Eshebaale. 34Mora wa Jonathane e ne e le Meriba-Baale. Meriba-Baale a tswala Mmika. 35Bara ba Mmika e ne e le Pitone, le Meleke, le Tarea, le Akase. 36Akase a tswala Jehowada, Jehowada a tswala Alemete, le Asemafete, le Simeri. Simeri a tswala Mosa. 37Mosa a tswala Bina, Bina a tswala Rafa, Rafa a tswala Eleasa, Eleasa a tswala Asele. 38Asele o ne a ena le bara ba tsheletseng. Mabitso a bona ke ana: Asarikama, le Bokeru, le Ishemaele, le Sheariya, le Obadiya, le Hanane. Bana bohle e ne e le bara ba Asele. 39Bara ba ngwanabo Esheke e ne e le Ulame, letsibolo la hae, a hlahlangwa ke Jeushe, le Elefelede. 40Bara ba Ulame e ne e le bahale ba tsebang ho fula ka metsu. Ba ne ba ena le bara ba bangata, le ditloholo tse ngata. Palo ya bone e ne e le lekgolo le mashome a mahlano.
Bana bohle ke ditloholo tsa Benjamine.

Currently Selected:

1 DIKETSAHALO 8: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy