YouVersion Logo
Search Icon

1 DIKETSAHALO 7

7
Ditloholo tsa Isakare
1Bara ba Isakare e ne e le Tola, le Pua, le Jashobe, le Shimerone. Kaofela ba ne ba le bane.
2Bara ba Tola e ne e le Usi, le Refaya, le Jeriele, le Jahemai, le Jibesame, le Samuele. E ne e le dihlooho tsa malapa a ntata bona Tola, e bile e le bahale. Mehleng ya Davida palo ya ditloholo tsa Tola e ne e le dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi le makgolo a tsheletseng. 3Mora wa Usi e ne e le Jiserahiya, bara ba Jiserahiya e le Mikaele, le Obadiya, le Joele, le Jishiya. Ba ne ba le bahlano. Kaofela ha bona e ne e le dihlooho tsa malapa abo bona. 4Ho ya ka ho hlahlamana ha malapa abo bona, ba ne ba ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mararo a metso e tsheletseng, kaha ba ne ba nyetse sethepu, mme ba ena le bana ba bangata. 5Bang ka bona, e leng ba leloko lohle la Isakare, e ne e le bahlabani ba dikete tse mashome a robedi a metso e supileng.
Ditloholo tsa Benjamine
6Bara ba Benjamine e ne e le Bela, le Bekere, le Jediaele. Ba ne ba le bararo. 7Bara ba Bela bona e ne e le Esebone, le Usi, le Usiele, le Jerimote, le Iri. Ba ne ba le bahlano. E ne e le dihlooho tsa malapa abo bona, e bile e le bahale. Bukeng eo ba ngotsweng ho yona, ba ne ba le dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi, le mashome a mararo a metso e mene. 8Bara ba Bekere bona e ne e le Semira, le Jowashe, le Eleesere, le Eleunai, le Omeri, le Jeremote, le Abiya le Anatotiya, le Alemete. Bana kaofela e ne e le bara ba Bekere. 9Buka eo ba ngotsweng ho yona ho ya ka malapa abo bona, e hlahisa dihlooho tsa malapa, le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi le makgolo a mabedi. 10Mora wa Jediaele e ne e le Bilehane; bara ba Bilehane e le Jeushe, le Benjamine, le Ehude, le Kenaneya, le Setane, le Tarashishe, le Ahishahare. 11Bana kaofela e ne e le ditloholo tsa Jediaele, e le dihlooho tsa malapa abo bona, e bile e le bahale. Ba ne ba le dikete tse leshome le metso e supileng le makgolo a mabedi, mme e le malalaalaotswe. 12Bara ba Ire e ne e le Shupime, le Hupime; mora wa Ahere e le Hushime.
Ditloholo tsa Nafthali
13Bara ba Nafthali e ne e le Jaheseele, le Guni, le Jesere, le Shalome. E ne e le ditloholo tsa Bileha.
Ditloholo tsa Manase
14Bara ba Manase, bao a ba tswaletsweng ke mosadi wa hae wa lefielo, wa Moarame, e ne e le Aserele le Makiri, ntata Gileade. 15Yaba Makiri o nyala kgaitsedi ya Hupime le Shupime, eo lebitso la yona e neng e le Maaka. Mora wa bobedi wa Manase e ne e le Selofehade, ya ileng a ba le baradi feela.
16Maaka, mohatsa Makiri, a tswala mora, mme a mo rea lebitso la Pereshe; moena wa hae e le Shereshe. Bara ba Pereshe e ne e le Ulame, le Rakema. 17Mora wa Ulame e ne e le Bedane. Bana e ne e le bona ditloholo tsa Gileade, mora wa Makiri, setloholo sa Manase. 18Kgaitsedi ya Gileade, Hamolekete, a tswala Ishe-Hode, le Abiesere, le Mahala. 19Bara ba Shemida e ne e le Akiane, le Shekeme, le Lekehi, le Aniame.
Ditloholo tsa Efraime
20Mora wa Efraime e ne e le Shutela. Shutela a tswala Berede, Berede a tswala Elada, Elada a tswala Tahate, 21Tahate a tswala Sabada, Sabada a tswala Shutela. Efraime o ne a ena le bara ba bang ba babedi, e leng Esere le Elade, ba neng ba bolawe ke banna ba matswallwa a Gate, ha ba ne ba ilo hapa mehlape ya bona. 22Ntata bona Efraime a ba llela ka nako e telele, mme bana babo ba tla ho tla mo tshedisa.
23Efraime a boela a kena dikobong tsa mosadi wa hae. Mosadi eo wa hae a ithwala, mme a tswala mora. Efraime a mo rea lebitso le Beria, hobane lelapa la hae le ne le hlahetswe ke bomadimabe. 24Moradi wa Efraime e ne e le Sheera ya ileng a haha Bete-Horone e tlase, le e hodimo, le Usene-Sheera. 25Mora e mong wa Efraime e ne e le Refa. Refa a tswala Reshefe, Reshefe a tswala Tela, Tela a tswala Tahane, 26Tahane a tswala Ladane, Ladane a tswala Amihude, Amihude a tswala Eleshama, 27Eleshama a tswala Nune, Nune a tswala Joshua.
28Naha ya bona, eo ba neng ba ahile ho yona, e ne e le Bethele le metsana ya yona. Ka botjhabela e le Naarane, ka bophirimela e le Gesere le metsana ya yona, le Shekeme le metsana ya yona, le ho ya fihla Aya le metsaneng ya yona. 29Meeding ya ba morabe wa Manase e le Bete-Sheane le metsana ya yona, le Taanake le metsana ya yona, le Megido le metsana ya yona, le Dore le metsana ya yona. Bara ba Josefa, mora wa Iseraele, ba ne ba ahile metseng ena.
Ditloholo tsa Ashere
30Bara ba Ashere e ne e le Jimena, le Jishefa, le Jishefi, le Beria, kgaitsedi ya bona e le Sera. 31Bara ba Beria e ne e le Hebere, le Malekiele, ntata Biresaite. 32Hebere a tswala Jafelete, le Shomere, le Hotame, le kgaitsedi ya bona Shua. 33Bara ba Jafelete e ne e le Pasaka, le Bimehale, le Ashefate. 34Bara ba Shemere e ne e le Ahi, le Rohega, le Jehuba, le Arame. 35Bara ba ngwanabo Heleme e ne e le Sofa, le Jimena, le Sheleshe, le Amale. 36Bara ba Sofa e ne e le Shua, le Harenefere, le Shuale, le Beri, le Jimera, 37le Besere, le Hode, le Shamma, le Shilesha, le Jiterane, le Beera. 38Bara ba Jetere e ne e le Jefune, le Pisepa, le Ara. 39Bara ba Ula e ne e le Arake, le Haniele, le Riseya.
40Bana bohle e ne e le ditloholo tsa Ashere, e le dihlooho tsa malapa abo bona. E ne e le mokgetho wa bahale, e bile e le baokamedi ba mahosana. Ba ngotsweng bukeng ya leloko e ne e le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e tsheletseng.

Currently Selected:

1 DIKETSAHALO 7: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy