YouVersion Logo
Search Icon

1 DIKETSAHALO 6

6
Bara ba Levi
1Bana ke bara ba Levi: Gereshone, le Kohate, le Merari. 2Bara ba Kohate ke Amorame, le Isihare, le Heborone, le Usiele. 3Bana ba Amorame ke Arone, le Moshe, le Meriama; bara ba Arone ke Nadabe, le Abidu, le Eleasare, le Itamare.
4Eleasare a tswala Finease, Finease a tswala Abishua, 5Abishua a tswala Buki, Buki a tswala Usi, 6Usi a tswala Seraya, Seraya a tswala Meraote, 7Meraote a tswala Amariya, Amariya a tswala Ahitube, 8Ahitube a tswala Sadoke, Sadoke a tswala Ahimase, 9Ahimase a tswala Asariya, Asariya a tswala Johanane; 10Johanane a tswala Asariya. Enwa ke yena ya neng a sebeletsa ka Tempeleng eo Solomone a ileng a e haha Jerusalema.
11Asariya a tswala Amariya, Amariya a tswala Ahitube, 12Ahitube a tswala Sadoke, Sadoke a tswala Shalome, 13Shalome a tswala Hilekiya, Hilekiya a tswala Asariya, 14Asariya a tswala Seraya, Seraya a tswala Jehosadaka. 15Jehosadaka ya eba mothopuwa ha Morena a etsa hore Nebukadenesare a thope Juda le Jerusalema.
16Bana ke bara ba Levi: Gereshone, le Kohate, le Merari. 17Ana ke mabitso a bara ba Gereshone: Lebeni, le Shimei. 18Bana ke bara ba Kohate: Amorame, le Isihare, le Heborone, le Usiele. 19Bana ke bara ba Merari: Mahele le Mushi. Ana ke wona malapa a morabe wa Levi, ho ya ka bo-ntata bona.
20Ba lelapa la Gereshone: Gereshone a tswala Lebeni, Lebeni a tswala Johate, Johate a tswala Simma, 21Simma a tswala Jowa, Jowa a tswala Ido, Ido a tswala Sera, Sera a tswala Jeaterai. 22Bara ba Kohate: Kohate a tswala Aminadabe, Aminadabe a tswala Kora, Kora a tswala Asire, 23Asire a tswala Elekana, Elekana a tswala Abiasafo, Abiasafo a tswala Asire, 24Asire a tswala Tahate, Tahate a tswala Uriele, Uriele a tswala Usiya, Usiya a tswala Shaule. 25Bara ba Elekana ke Amasai le Ahimote; 26Ahimote a tswala Elekana, Elekana a tswala Sofai, Sofai a tswala Nahate, 27Nahate a tswala Eliabe, Eliabe a tswala Jerohame, Jerohame a tswala Elekana, Elekana a tswala Samuele. 28Bara ba Samuele: Joele ke letsibolo la hae, a hlahlangwa ke Abiya. 29Bara ba Merari: Merari a tswala Mahele, Mahele a tswala Lebeni, Lebeni a tswala Shimei, Shimei a tswala Usa, 30Usa a tswala Shima, Shima a tswala Hagiya, Hagiya a tswala Asaya.
Dibini tsa Tempele
31Bana ke banna bao Davida a ileng a ba kgetha ho tsamaisa mmino ka Tempeleng ya Morena, kamora hoba areka e fihle Jerusalema. 32Ha Solomone a eso ka a haha Tempele ya Morena, Jerusalema, ba ne ba ye ba binele kapele ho areka, ka Tenteng ya Morena. Ba ne ba bina ka ho hlahlamana, ho latela lenane le neng le hlophisitswe.
33Bana ke bona banna ba neng ba sebeletsa, hammoho le bara ba bona: Ba morabe wa Kohate: Hemane wa kgeleke ke mora wa Joele, setloholo sa Samuele, 34Samuele mora wa Elekana, Elekana mora wa Jerohame, Jerohame mora wa Eleele, Eleele mora wa Towa, 35Towa mora wa Sufe, Sufe mora wa Elekana, Elekana mora wa Mahate, Mahate mora wa Amasai, 36Amasai mora wa Elekana, Elekana mora wa Joele, Joele mora wa Asariya, Asariya mora wa Sofonea, 37Sofonea mora wa Tahate, Tahate mora wa Asire, Asire mora wa Abiasafo, Abiasafo mora wa Kora, 38Kora mora wa Isihare, Isihare mora wa Kohate, Kohate mora wa Levi, Levi mora wa Iseraele.
39Ya neng a bina a eme ka letsohong le letona le Hemane, ke Asafo: Asafo mora wa Berekiya, Berekiya mora wa Shima, 40Shima mora wa Mikaele, Mikaele mora wa Baaseya, Baaseya mora wa Malakiya, 41Malakiya mora wa Eteni, Eteni mora wa Sera, Sera mora wa Adaya, 42Adaya mora wa Etane, Etane mora wa Simma, Simma mora wa Shimei, 43Shimei mora wa Johate, Johate mora wa Gereshone, Gereshone mora wa Levi.
44Bana babo bona, e leng bara ba Merari, ba neng ba bina ba le ka letsohong la hae le letshehadi ke Etane mora wa Kishi, Kishi mora wa Abade, Abade mora wa Maloke, 45Maloke mora wa Hashabiya, Hashabiya mora wa Amasiya, Amasiya mora wa Hilekiya, 46Hilekiya mora wa Amasi, Amasi mora wa Bani, Bani mora wa Shemere, 47Shemere mora wa Mahele, Mahele mora wa Mushi, Mushi mora wa Merari, Merari mora wa Levi.
48Balevi ba bang ba ne ba abetswe mesebetsi e meng yohle ka Tenteng ya Morena.
Ditloholo tsa Arone
49Bo-Arone le ditloholo tsa hae e ne e le bona ba etsetsang nyehelo ya setjheso hodima aletare ya mahlabelo, ba tjhesetsang le mokubetso hodima aletare ya mokubetso. Ba ne ba bile ba etsa tsohle tse neng di etswa ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa, ba etsetsa Iseraele tefelo ya dibe, ho latela tsohle tseo Moshe, mohlanka wa Modimo, a neng a di laetse.
50Bana ke bara ba Arone: Arone a tswala Eleasare, Eleasare a tswala Finease, Finease a tswala Abishua, 51Abishua a tswala Buki, Buki a tswala Usi, Usi a tswala Seraya, 52Seraya a tswala Meraote, Meraote a tswala Amariya, Amariya a tswala Ahitube, 53Ahitube a tswala Sadoke, Sadoke a tswala Ahimase.
Dibaka tsa Balevi
(Josh. 21:1-42)
54Ena ke meedi ya dibaka tseo ba morabe wa Kohate, e leng ditloholo tsa Arone, ba ileng ba di abelwa ka lotho, mme ba haha ho tsona.
55Ba ile ba abelwa Heborone e naheng ya Juda, le makgulo a e potapotileng. 56Empa ha e le masimo a motse le metsana ya yona, a ile a abelwa Kalebe, mora wa Jefune.
57Bara ba Arone ba newa metse ena e naheng ya Juda: Heborone, motse oo ho tshabelwang ho wona, le Lebena le makgulo a yona, le Jatire le makgulo a yona, le Eshetemoa le makgulo a yona, 58le Hilene le makgulo a yona, le Debiri le makgulo a yona, 59le Ashane le makgulo a yona, le Bete-Shemeshe le makgulo a yona. 60Naheng ya ba morabe wa Benjamine ba abelwa Geba le makgulo a yona, le Alemete le makgulo a yona, le Anatote le makgulo a yona.
Kaofela metse ya bona, ho ya ka malapa abo bona, e ne le leshome le metso e meraro.
61Ba bang ba morabe wa Kohate ba abelwa ka lotho metse e leshome naheng e abetsweng karolo ya ba morabe wa Manase.
62Ditloholo tsa Gereshone, ho ya ka malapa abo tsona, tsa abelwa metse e leshome le metso e meraro naheng ya ba morabe wa Isakare, le ho ya ba morabe wa Ashere, le ho ya ba morabe wa Nafthali, le ho ya ba morabe wa Manase, ba ahileng Bashane.
63Ditloholo tsa Merari, ho ya ka malapa abo tsona, tsa abelwa metse e leshome le metso e mmedi naheng ya ba morabe wa Rubene, le wa Gade, le wa Sebulone, tsa e abelwa ka lotho.
64Bana ba Iseraele ba abela Balevi metse ena le makgulo a yona. 65Metse ena e seng e boletswe ka mabitso, e neng e le ya ba morabe wa Juda, le wa Simeone, le wa Benjamine, ba e abelwa ka lotho.
66Ba bang ba morabe wa Kohate ba abelwa metse naheng ya ba morabe wa Efraime.
67Ba abelwa metse eo ho tshabelwang ho yona, e leng Shekeme e naheng e maralla ya Efraime, le makgulo a yona, le Gesere le makgulo a yona, 68le Jokomeame le makgulo a yona, le Bete-Horone le makgulo a yona; 69le Aiyalone le makgulo a yona, le Gate-Rimone le makgulo a yona.
70Naheng e abetsweng karolo ya ba morabe wa Manase ba abelwa Anere le makgulo a yona, le Bileame le makgulo a yona. Metse ena ya abelwa malapa a setseng a ba morabe wa Kohate.
71Ba morabe wa Gereshone ba abelwa metse ena: Naheng e abetsweng karolo ya ba morabe wa Manase ba abelwa Golane e Bashane le makgulo a yona, le Ashetorate le makgulo a yona. 72Naheng e abetsweng ba morabe wa Isakare ba abelwa Kedeshe le makgulo a yona, le Daberate le makgulo a yona, 73le Rama le makgulo a yona, le Anema le makgulo a yona. 74Naheng e abetsweng ba morabe wa Ashere ba abelwa Mashala le makgulo a yona, le Abadone le makgulo a yona, 75le Hukoke le makgulo a yona, le Rehobe le makgulo a yona. 76Naheng e abetsweng ba morabe wa Nafthali ba abelwa Kedeshe e Galelea le makgulo a yona, le Hamone le makgulo a yona, le Kiriataime le makgulo a yona.
77Naheng ya ba morabe wa Sebulone, karolo e setseng ya ba morabe wa Merari ya abelwa Rimone le makgulo a yona, le Tabore le makgulo a yona. 78Mose wane ho Jorodane, ka botjhabela ho Jeriko, naheng ya ba morabe wa Rubene, ba abelwa Besere e lehwatateng le makgulo a yona, le Jahasa le makgulo a yona, 79le Kedemote le makgulo a yona, le Mefaata le makgulo a yona. 80Naheng ya ba morabe wa Gade ba abelwa Rama e Gileade le makgulo a yona, le Mahanaime le makgulo a yona, 81le Heshebone le makgulo a yona, le Jasere le makgulo a yona.

Currently Selected:

1 DIKETSAHALO 6: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy