YouVersion Logo
Search Icon

1 DIKETSAHALO 5

5
Leloko la Rubene
1Rubene ke yena letsibolo la Iseraele. Empa ka lebaka la ho silafatsa diphate tsa ntatae, tokelo tsa hae tsa boholo di ile tsa newa bara ba Josefa, mora wa Iseraele; ka hona ha a yo lenaneng, ho latela tswalo ya hae. 2Le hoja Juda a ne a le matla ho feta bana babo, mme mmusi a ile a hlaha lapeng la hae, ditokelo tsa boholo e ile ya eba tsa Josefa. 3Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele, ke bana: Hanoke, le Palo, le Heserone, le Karimi. 4Bara ba Joele ke Shemaya ya tswetseng Gogo, Gogo ya tswetseng Shimei. 5Shimei yena a tswala Mmika, Mmika a tswala Reaya, Reaya a tswala Baala, 6Baala a tswala Beera, eo Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria, a ileng a mo thopa. E ne e le yena kgosana ya ba morabe wa Rubene.
7Lenaneng la bana babo, ho ya ka malapa abo bona, ke kgosana Jeiele, le Sekariya, 8le Bela ya tswetsweng ke Asase, Asase ya tswetsweng ke Shema, Shema ya tswetsweng ke Joele. Naha ya bona, e ne e tloha Arowere, ho ya fihla Nebo, le Baale-Meone. 9Ka botjhabela ba aha ho tloha qetheng ya lehwatata le ilo fihla nokeng ya Euferatese, hobane mehlape ya bona e ne e ile ya ata ha ba le Gileade.
10Nakong ya puso ya Saule ba futuhela Bahagare, mme ba ba hlola. Yaba ba se ba kena ditenteng tsa Bahagare, naheng yohle e ka botjhabela ho Gileade.
Ditloholo tsa Gade
11Ba morabe wa Gade ba ne ba ahile naheng ya Bashane, ho ya fihla Saleka. 12Moo Bashane, Joele e ne e le kgosana ya bona, Shafame a mo hlahlama, e ntano ba Janai, le Shafate. 13Bang ka bona, ho ya ka malapa abo bona, e ne e le Mikaele, le Meshulame, le Sheba, le Jorai, le Jakane, le Sia, le Ebere. Ba ne ba supile. 14Bana ke bona bara ba Abihaele, mora wa Huri, ya tswetsweng ke Jarowa, Jarowa wa Gileade, Gileade wa Mikaele, Mikaele wa Jeshishai, Jeshishai wa Jahedo, Jahedo wa Buse. 15Ahi, mora wa Abadiele, setloholo sa Guni, e ne e le yena kgosana ya malapa ana.
16Ba morabe wa Gade ba ne ba ahile Gileade e Bashane, le metsaneng ya yona, le makgulong wohle a naha ya Sharone, ho ya fihla moo e fellang teng.
17Tsena tsohle di ile tsa ngolwa lenaneng la ditaba tsa bona mehleng ya ha Jotame e le kgosi ya Juda, Jeroboame yena e le kgosi ya Iseraele.
Mabotho a merabe ya botjhabela
18Ba morabe wa Rubene le ba morabe wa Gade, le halofo ya ba morabe wa Manase, ba ne ba ena le bahale ba tsebang ho lwana ka thebe le sabole, ba tsebang le ho fula ka metsu, ba kwetliseditsweng ntwa. Palo ya bona e ne e le dikete tse mashome a mane a metso e mene le makgolo a supileng le mashome a tsheletseng. 19Ba futuhela Bahagare, le Bajeture, le Banafishe, le Banodabe. 20Ba ile ba ipiletsa ho Modimo ha ba le ntweng, a mamela dithapelo tsa bona, hobane ba ne ba mo tshepa, mme a neelana ka Bahagare le bathusi bohle ba bona matsohong a bona. 21Ba hapa mehlape ya bona, e le dikamele tse dikete tse mashome a mahlano, le dinku tse dikete tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano, le ditonki tse dikete tse pedi. Ba thopa le bahlabani ba dikete tse lekgolo. 22Ba bolaya ba bangata, hobane e ne e le Modimo ya ba lwanelang. Ba aha naheng eo, ho fihlela ha ba thopuwa.
Setjhaba sa ba morabe wa Manase
23Halofo ya setjhaba sa ba morabe wa Manase e ne e atile haholo, kahoo ya aha naheng eo, ho tloha Bashane ho ya fihla Baale-Heremone, le Senire, le thabeng ya Heremone.
24Dihlooho tsa malapa abo bona ke tsena: Efere, le Ishi, le Eleele, le Asariele, le Jeremia, le Hodafiya, le Jahediele. E ne e le bahale ba tumileng, e bile e le dihlooho tsa malapa abo bona.
25Empa ba sitelwa Modimo wa bontata bona, ba kgumamela medimo ya ditjhaba tsa naha eo, tseo Modimo a ileng a di fedisa kapele ho bona. 26Ka baka leo, Modimo wa Iseraele a hlohleletsa Pule, kgosi ya Asiria, e leng Tigelate-Pilesere, hore a thope ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le halofo ya setjhaba sa ba morabe wa Manase, a ba ise Hala, le Habore, le Hara, le nokeng ya Gosane, moo ba ntseng ba ahile teng le kajeno-ya-bokajeno.

Currently Selected:

1 DIKETSAHALO 5: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy