YouVersion Logo
Search Icon

1 DIKETSAHALO 4

4
Leloko la Juda
1Bana ke bara ba Juda: Perese, le Heserone, le Karimi, le Hure, le Shobale. 2Reaya, mora wa Shobale, a tswala Jahate, Jahate a tswala Ahumai le Lahade. Ena ke yona merabe ya Basora. 3Bana ke bara ba Etame: Jesereele, le Jishema, le Jidebashe. Lebitso la kgaitsedi ya bona ke Haseleleponi. 4Penuele a tswala Gedore. Esere a tswala Husha. Bana ke bona bara ba Hure, letsibolo la Eferata, ya ileng a thea Betlelehema.
5Ashehure ya ileng a thea Tekowa, o ne a ena le basadi ba babedi, e leng Hela le Naara. 6Naara a mo tswalla Ahusame, le Hefere, le Temeni, le Hahashatari. Bana ke bara ba Naara. 7Bara ba Hela ke Serete, le Sohare, le Etenane, 8le Kose, ya ileng a tswala Anube, le Hasobeba, le ba morabe wa Aharahele, mora wa Harume.
9Hasobeba o ne a hlompheha ho feta bana babo. Mmae o ne a ile a mo rea lebitso la Jabese, hobane o ne a re: “Ke ile ka mmeleha ka mahlaba a maholo.”
10Jabese a ipiletsa ho Modimo wa Iseraele, a re: “Ke a o rapela: O ke o ntlohohonolofatse, o nkekeletse naha, o mpaballe, o ntshireletse, mme ke se ke ka hlokofatswa.” Modimo a mo nea seo a se kopileng.
Meloko e meng
11Kelobe, ngwanabo Shuha, a tswala Mehire, Mehire a tswala Eshetone, 12Eshetone a tswala Bete-Rafa, le Paseya, le Tehina, Tehina a tswala Ire-Nahashe. Bana ke bona baahi ba Reka.
13Bana ke bara ba Kenase: Oteniele, le Seraya. Bara ba Oteniele ke Hatate le Meonotai. 14Meonotai a tswala Ofera. Seraya a tswala Joabe. Joabe a thea motse o bitswang Kgohlo ya Ditsebi, hobane baahi ba wona e ne e le ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho.
15Bana ke bara ba Kalebe, mora wa Jefune: Iru, le Ela, le Naame. Mora wa Ela ke Kenase. 16Bana ke bara ba Jehalelele: Sife, le Sifa, le Tiriya, le Asarele. 17Bana ke bara ba Esera: Jetere, le Merede, le Efere, le Jalone, Merede a nyala Bitiya, moradi wa Faro, mme a mo tswalla moradi ya bitswang Meriama, le bara ba babedi, Shamai le Jisheba. Jisheba ke yena mothei wa Eshetemoa. 18Mosadi wa hae wa Mojuda a tswala Jerede ya ileng a thea Gedore, le Hebere ya ileng a thea Soko, le Jekutiele ya ileng a thea Sanowa. 19Bara ba mosadi wa hae Hodiya, kgaitsedi ya Nahama, ke Keila wa Mogarimi, le Eshetemoa wa Maaka. 20Bara ba Shimone ke Amanone, le Rina, le Bene-Hanane, le Tilone. Bara ba Ishi ke Sohete, le Bene-Sohete.
Leloko la Shela
21Bana ke bara ba Shela, mora wa Juda: Ere ya ileng a thea Leka, le Lada ya ileng a thea Maresha, le ba merabe ya ba neng ba etsa masela a lene, mane Bete-Ashebea, 22le Jokime, le baahi ba Koseba, le Jowashe, le Sarafa, e leng ba neng ba busa Moabe le Jashobi-Leheme. Tsena di tswa dingodilweng tsa boholoholo. 23Bana e ne e le dibopi tse neng di ahile Netaime le Kedera, di sebeletsa kgosi.
Leloko la Simeone
24Bana ke bara ba Simeone: Nemuele, le Jamine, le Jaribe, le Sera, le Shaule. 25Shaule a tswala Shalome, Shalome a tswala Mibesame, Mibesame a tswala Mishema. 26Bara ba Mishema ke Hamuele, Hamuele a tswala Sakure, Sakure a tswala Shimei.
27Shimei o ne a ena le bara ba leshome le metso e tsheletseng, le baradi ba tsheletseng, empa bana babo ba ne ba se na bana; ka lebaka lena morabe wa bona wa se ke wa ata jwaloka morabe wa Juda.
28Ba ne ba ahile Beeresheba le Molada, le Hasere-Shuale, 29le Bileha, le Eseme, le Tolada, 30le Bethuele, le Horema, le Sikelage, 31le Bete-Marakabote, le Hasere-Susime, le Bete-Biri, le Shaaraime. Ena e bile metse ya bona ho fihlela pusong ya Davida. 32Metsana e ba potapotileng e ne e le Etame, le Aine, le Rimone, le Tokene, le Ashane, e ne e le metsana e mehlano, 33le metsana yohle e neng e potapotile metse eo, ho ya fihla Baalate. Ena ke yona metse eo ba neng ba phela ho yona.
34Lenane la tlhatlhamano ya bona ke lena: Meshobabe, le Jameleke, le Josha, mora wa Amasiya, 35le Joele, le Jehu, mora wa Joshibiya, setloholo sa Seraya, setloholwana sa Asiele; 36le Eleunai, le Jaakoba, le Jeshohaya, le Asaya, le Adiele, le Jesimiele, le Benaya, 37le Sisa, mora wa Shifi, setloholo sa Alone, ya tswetsweng ke Jedaya, Jedaya yha tswetsweng ke Shimeri, Shimeri ya tswetsweng ke Shemaya.
38Banna bana ba boletsweng kahodimo e ne e le mahosana a merabe yabo bona. Malapa abo bona a ata. 39Ba nna ba tsamaya ho ya fihla kantle ho meedi ya Gedore, le ho ya fihla botjhabela ho kgohlo, ba ntse ba batlela mehlape ya bona makgulo. 40Ba fumana makgulo a matle, a nonneng, le naha e namileng, e nang le kgotso, e kgutsitseng. Baahi ba yona ba pele e ne e le Bahame.
41Banna bana ba boletsweng ka mabitso ba ne ba fihle mehleng ya Hesekiya, kgosi ya Juda. Ba futuhela diahelo tsa Bahame le tsa Bameune ba neng ba ahile moo, ba ba ripitla ho hang, jwalokaha ho ntse ho bonahala le kajeno-ya-bokajeno. Jwale ba aha naheng eo ya bona, hobane mehlape ya bona e ne e fumane makgulo. 42Banna ba ka bang makgolo a mahlano, ba morabe ona wa Simeone, ba futuhela Thaba ya Seire ba eteletswe pele ke Pelatiya, le Neareya, le Refaya, le Usiele, bara ba Ishi. 43Ba bolaya masalla a Baamaleke a ileng a phonyoha, mme ba aha naheng eo ya bona ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.

Currently Selected:

1 DIKETSAHALO 4: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy