YouVersion Logo
Search Icon

1 DIKETSAHALO 3

3
Bara ba Davida
(2 Sam. 3:2-5; 5:14-16; 1 Dik. 14:3-7)
1Bana ke bara bao Davida a ileng a ba tswala ha a le Heborone. Mora wa hae wa matsibolo ke Amanone, ya tswetsweng ke Ahinoame wa Mojesereele; wa bobedi ke Daniele, ya tswetsweng ke Abikaele wa Mokaramele; 2wa boraro ya eba Abosalome, mora wa Maaka, moradi wa Talamai, kgosi ya Gesure; wa bone ya eba Adoniya, mora wa Hagite; 3wa bohlano ya eba Shefatiya, mora wa Abitale; wa botshelela ya eba Jitereame, wa mosadi wa hae ya bitswang Egela. 4Bana ba tsheletseng ba ile ba tswallwa Heborone, moo Davida a ileng a busa a le hona teng ka dilemo tse supileng le dikgwedi tse tsheletseng. A busa ka dilemo tse mashome a mararo a metso e meraro a le Jerusalema. 5Bana ba ile ba tswalwa ha a se a le Jerusalema: Shima, le Shobabe, le Nathane, le Solomone. Bana ba bane ba ile ba tswalwa ke Batesheba, moradi wa Amiele. 6Ba bang e ne e le bo-Jibehare, le Eleshua, le Elipelete, 7le Noga, le Nefege, le Jafia, 8le Eleshama, le Eleada, le Elefelede, mme bona ba le robong. 9Bana kaofela e ne e le bara ba Davida, kantle ho bara bao a ba tswaletsweng ke basadi ba hae ba mafielo. Kgaitsedi ya bona e ne e le Tamare.
Ditloholo tsa kgosi Solomone
10Mora wa Solomone e ne e le Rehoboame. Rehoboame a tswala Abiya, Abiya a tswala Asa, Asa a tswala Jehoshafate, 11Jehoshafate a tswala Jehorame, Jehorame a tswala Akasiya, Akasiya, a tswala Jowashe, 12Jowashe a tswala Amasiya, Amasiya a tswala Asariya, Asariya a tswala Jotame, 13Jotame a tswala Akase, Akase a tswala Hesekiya, Hesekiya a tswala Manase, 14Manase a tswala Amona, Amona a tswala Josiya. 15Bara ba Josiya ke: Johanane, letsibolo la hae, wa bobedi ya eba Jehoyakime, wa boraro ya eba Sedekiya, wa bone ya eba Shalome. 16Bara ba Jehoyakime e ne e le Jekoneya le Sedekiya.
Leloko la kgosi Jekoneya
17Bara ba Jekoneya, ya ileng a thopuwa, a iswa Babilona, e ne e le Shealetiele, 18le Malakirame, le Pedaya, le Shenasara, le Jekameya, le Hoshama, le Nedabiya. 19Bara ba Pedaya ke Serubabele, le Shimei. Bara ba Serubabele ke Meshulame, le Hananiya; kgaitsedi ya bona ke Shelomite. 20Bara ba bang ba hae ba bahlano ke Hashuba, le Ohele, le Berekiya, le Hasadiya, le Jushabe-Heseda. 21Bara ba Hananiya ke Pelatiya, le Jeshaya. Jeshaya a tswala Refaya, Refaya a tswala Arenane, Arenane a tswala Obadiya, Obadiya a tswala Shekaniya, 22Shekaniya a tswala Shemaya, le Hatushe, le Jigale, le Baria, le Neareya, le Shafate. Kaofela ba ne ba tsheletse. 23Bara ba Neareya ke Eleunai, le Hesekiya, le Asarikama. Ba ne ba le bararo. 24Bara ba Eleunai ba ne ba supile, e le Hodafiya, le Eleashibe, le Pelaya, le Akube, le Johanane, le Delaya, le Anani.

Currently Selected:

1 DIKETSAHALO 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy