YouVersion Logo
Search Icon

1 DIKETSAHALO 24

24
Dihlopha tsa baprista
1Dihlopha tsa bara ba Arone ke tsena: Bara ba Arone e ne e le Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Itamare. 2Empa bo-Nadabe le Abihu ba ile ba shwa pele ho ntata bona, ba se na bara; kahoo Eleasare le Itamare ya eba bona baprista. 3Davida a ba arola dihlopha, ho ya ka mosebetsi oo ba neng ba o abetswe. Ha a ba arola o ne a thusitswe ke Sadoke, setloholo sa Eleasare, le Ahimeleke, setloholo sa Itamare. 4Bara ba Eleasare, bao e neng e le dihlooho, ba ne ba le bangata ho feta bara ba Itamare, mme ba arolwa jwalo. Hara bara ba Eleasare, bao e neng e le dihlooho tsa malapa abo bona, ba ne ba le leshome le metso e tsheletseng, mme hara bara ba Itamare bao e neng e le dihlooho tsa malapa abo bona ba ne ba le robedi. 5Ha ho kgethwa baprista ba Sehalalelo le baprista ba Tempele ya Modimo hara ditloholo tsa Eleasare le Itamare, ba arolwa ka lotho, ho se leeme.
6Mongodi ya bitswang Shemaya, mora wa Netanele, e leng e mong wa Balevi, a ngola mabitso a bona bukeng, moo kgosi, le mahosana, le moprista Sadoke, le Ahimeleke, mora wa Abiatare, le dihlooho tsa malapa a baprista le a Balevi, ba leng teng. Ho ne ho ye ho ngolwe lelapa le le leng la Eleasare, ho ngolwe le le leng la Itamare, jwalojwalo.
7Lotho la pele la ntsha Jehoyaribe, la bobedi la ntsha Jedaya, 8la boraro la ntsha Harime, la bone la ntsha Seorime, 9la bohlano la ntsha Malakiya, la botshelela la ntsha Miamine, 10la bosupa la ntsha Hakose, la borobedi la ntsha Abiya, 11la borobong la ntsha Jeshua, la leshome la ntsha Shekaniya, 12la leshome le motso o mong la ntsha Eleashibe, la leshome le metso e mmedi la ntsha Jakime, 13la leshome le metso e meraro la ntsha Hupa, la leshome le metso e mene la ntsha Jeshebabe, 14la leshome le metso e mehlano la ntsha Bilega, la leshome le metso e tsheletseng la ntsha Imere, 15la leshome le metso e supileng la ntsha Hesire, la leshome le metso e robedi la ntsha Hapisese, 16la leshome le metso e robong la ntsha Petahiya, la mashome a mabedi la ntsha Jehesekele, 17la mashome a mabedi a motso o mong la ntsha Jakine, la mashome a mabedi a metso e mmedi la ntsha Gamule, 18la mashome a mabedi a metso e meraro la ntsha Delaya, la mashome a mabedi a metso e mene la ntsha Maasiya.
19Ba ne ba sebeletsa ka Tempeleng ya Morena ka tlhatlhamano yona ena, ho latela melao eo ba neng ba e laetswe ke Arone, moholoholo wa bona, jwalokaha Morena Modimo wa Iseraele, a ne a ile a mo laela.
Balevi ba bang
20Bara ba bang ba Levi e ne e le bana: Shubaele e ne e le e mong wa bara ba Amorame; Jehedeya e le e mong wa bara ba Shubaele. 21Hara bara ba Rehabeya, Jishiya e ne e le letsibolo; 22ho ba Isihare, e mong e ne e le Shelomote; hara bara ba Shelomote e mong e le Jahate. 23Ho bara ba Heborone letsibolo e ne e le Jeriya, wa bobedi e le Amariya, wa boraro e le Jahasiele, wa bone e le Jekameame.
24Ho bara ba Usiele e ne e le Mmika; ho bara ba Mmika e le Shamire. 25Ngwanabo Mmika e ne e le Jishiya; ho bara ba Jishiya e le Sekariya.
26Bara ba Merari e ne e le Mahele le Mushi; mora wa Jaasiya e le Beno.
27Ditloholo tsa Merari tse tswetsweng ke Jaasiya e ne e le Beno, le Shohame, le Sakure, le Ibiri. 28Mahele a tswala Eleasare ya sa kang a ba le bara.
29Mora wa Kishe e ne e le Jerahemeele.
30Bara ba Mushi e ne e le Mahele, le Edere, le Jerimote. Bana e ne e le bona Balevi ho ya ka malapa abo bona. 31Jwalokaha bana babo bona, e leng ditloholo tsa Arone, ba ile ba etsa lotho, le bona ba le etsa moo Davida, le Sadoke, le Ahimeleke, le dihlooho tsa malapa a baprista le a Balevi, ba leng teng. Malapa a matsibolo le a dikgorula a ne a etswa ka ho tshwana.

Currently Selected:

1 DIKETSAHALO 24: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy