YouVersion Logo
Search Icon

1 DIKETSAHALO 21

21
Davida o bala setjhaba
(2 Sam. 24:1-25)
1Satane a tsohela Baiseraele matla, mme a hlohleletsa Davida hore a bale Baiseraele. 2Davida a re ho Joabe le ho balaodi ba mabotho: “Tsamayang, le yo bala Baiseraele ho tloha Beeresheba, ho ya fihla Dane; le ntlisetse palo ya bona, ke tle ke e tsebe.”
3Joabe a re: “Morena a ke a atise palo ya setjhaba sa hae halekgolo! Feela, monga ka, kgosi ya ka, ha ke re Baiseraele bohle ke bahlanka ba monga ka? Jwale ke ka lebaka lang ha monga ka a lakatsa ho etsa ntho ee? Ke ka lebaka lang ha monga ka a etsa Baiseraele ba tle ba sitwe?”
4Leha ho le jwalo, yaba le se le dumme; Joabe a tsamaya le naha yohle ya Iseraele, mme qetellong a kgutlela Jerusalema.
5Joabe a fihla a bolella kgosi Davida palo ya setjhaba. Baiseraele bohle, bao e neng e le matsholathebe, ba ne ba le mileone le dikete tse lekgolo. Ba morabe wa Juda ba ne ba le dikete tse makgolo a mane le mashome a supileng. 6Empa Joabe o ne a sa ka a balella ba morabe wa Levi le ba morabe wa Benjamine, hobane o ne a hanyetsa taelo ya kgosi.
7Ketso ena ya Davida ya se ke ya kgahla Modimo, mme ka baka leo, a otla Baiseraele.
8Yaba Davida o re ho Modimo: “Ke entse sebe se seholo ka ho etsa ntho ena. Empa jwale ke a o rapela: Ako hlakole bokgopo bona ba mohlanka wa hao, hobane ke sebeditse ka bothoto bo boholo.”
9Morena a bua ho Gade, senohe sa Davida, a re ho yena: 10“Eya ho Davida, o fihle o re ho yena: ‘Morena o bua tjena: Dintho ke tsena tse tharo: Ikgethele e le nngwe ya tsona, eo ke tla o otla ka yona.’ ”
11Yaba Gade o fihla ho Davida, o re ho yena: “Morena o bua tjena: ‘Ikgethele! 12Ho be le sekoboto ka dilemo tse tharo; kapa ka nako ya kgwedi tse tharo o balehe dira tsa hao ha di ntse di o manakisa ka disabole; kapa, ho seng jwalo, ka matsatsi a mararo Morena a o futuhele ka sabole ya hae, e leng hore a dihele naha ee sewa, lengeloi la Morena le tsamaye hohle kahare ho naha ya Iseraele, le ntse le timetsa tsohle?’ Ka baka leo, inahanele karabo eo ke tla e isetsa ya nthomileng.”
13Davida a re ho Gade: “Ke tlaletswe haholo! Ho ena le ho wela diatleng tsa motho, nka mpa ka wela diatleng tsa Morena, hobane mohau wa hae o moholo haholo.”
14Jwale Morena a romela sewa naheng ya Iseraele, mme ha eshwa batho ba dikete tse mashome a supileng. 15Modimo a romela lengeloi Jerusalema ho ya e timetsa, empa yare ha le ntse le e timetsa, Morena a bona, mme a hauha ha a nahana koduwa eo, a re ho lengeloi le neng le ntse le timetsa batho: “Ho lekane! Kgaotsa!” Lengeloi la Morena le ne le eme seotlong sa Orenane wa Mojebuse.
16Ha Davida a re mahlo tloha! a bona lengeloi la Morena le eme sepakapakeng, le tshwere sabole, le e kokoseditse hodima Jerusalema. Bo-Davida le baholo ba setjhaba, ba neng ba apere diaparo tse mahwashe, ba obamela fatshe ka difahleho.
17Davida a re ho Modimo: “Ha ke re ke nna ya laetseng hore ho balwe setjhaba? Ke nna ya entseng sebe; ruri ke nna ya entseng bokgopo. Jwale dinku tsee tsona di entseng? Oho, Morena Modimo wa ka, ke a o rapela: Mpe o otle nna le ba lelapa leso, o se ke wa otla setjhaba sa hao.”
18Yaba lengeloi la Morena le laela Gade hore a bolelle Davida a nyolohe, a yo hahela Morena aletare seotlong sa Orenane wa Mojebuse. 19Davida a nyoloha ho ya ka polelo eo Gade a ileng a e bolela ka lebitso la Morena.
20Orenane o ne a ntse a pola koro. Ha a hetla, a bona lengeloi, empa bara ba hae ba bane bona ba ipata. 21Ha Davida a ntse a atamela ho Orenane, Orenane a mmona, a tloha seotlong, a isa hlompho ho Davida ka ho obama.
22Davida a re ho yena: “Nnee seotlo sena ke tle ke hahele Morena aletare ho sona, e le hore sewa se tle se kgaotse setjhabeng. O nthekisetse sona ka theko ya sona.”
23Orenane a re ho Davida: “Se nke feela, monga ka, kgosi ya ka, o etse ka sona kamoo o ratang kateng. Ke bile ke o fa le dipholo tsena hore o etse nyehelo ya setjheso ka tsona; ke o fa le selei sena se polang hore o etse patsi ka sona, le koro hore o etse nyehelo ya dijo ka yona. Tsena tsohle ke o fa tsona.”
24Empa kgosi Davida a re ho Orenane: “Tjhe, ke tla di reka ka theko ya tsona, hobane nke ke ka nka dintho tsa hao ke di nkela Morena, empa ke sa di reka; leha e le nyehelo ya setjheso nke ke ka e etsa ka tseo ke sa di rekang.”
25Yaba Davida o reka seotlo seo ka ditjhelete tsa kgauta tse ka bang boima ba dikilo tse supileng. 26Davida a hahela Morena aletare hona moo, a etsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho. A rapela Morena, mme Morena a mo arabela ka ho theola mollo o tswang lehodimong, a o theolela hodima aletare ya nyehelo ya setjheso.
27Jwale Morena a laela lengeloi, mme la busetsa sabole ya lona selateng sa yona.
28Ka yona nako eo, ha Davida a elellwa hore Morena o mo arabetse a le seotlong sa Orenane wa Mojebuse, yaba o se a ntse a etsetsa mahlabelo hona moo seotlong sa Orenane wa Mojebuse. 29Leaho la Morena, leo Moshe a neng a le etse ha a le nahathothe, le aletare ya nyehelo ya setjheso, di ne di ntse di le sebakeng sa borapedi se Gibeone. 30Empa Davida o ne a ke ke a ya teng ho ya botsa Morena, hobane o ne a tshaba sabole ya lengeloi la Morena.

Currently Selected:

1 DIKETSAHALO 21: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy