YouVersion Logo
Search Icon

1 DIKETSAHALO 16

16
1Baiseraele ba tla le areka ya Modimo, ba e bea bohareng ba tente eo Davida a e hlometseng yona. Ba etsetsa Modimo dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho. 2Ha Davida a qetile ho etsa dinyehelo tsa setjheso le dinyehelo tsa teboho, a hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la Morena. 3Yaba o abela monna e mong le e mong, le mosadi e mong le e mong wa Moiseraele senkgwa sa bohobe, le leqahadi la nama, le diphaphatha tsa mangangajane a morara.
4Davida a kgetha ba bang ba Balevi ho sebeletsa kapele ho areka ya Morena, ho ipiletsa ho Morena, le ho leboha, le ho boka Morena Modimo wa Iseraele. 5Asafo ya eba yena hlooho, a hlahlangwa ke Sekariya. Bo-Jeiele, le Shemiramote, le Jehiele, le Matiteya, le Eliabe, le Benaya, le Obede-Edomo, le Jeiele, bona ba ne ba letsa dikatara, le diharepa, athe Asafo yena o ne a letsa matlheretlhere. 6Baprista, bo-Benaya le Jahasiele, bona ba ne ba letsa diterompeta ka nako tsohle, kapele ho areka ya selekane sa Modimo.
Sefela sa Davida sa teboho
(Pes. 96:1-13; 105:1-15; 106:47,48)
7Ka lona letsatsi leo, Davida a laela Asafo le bana babo, mme e le kgetlo la pele, hore ba boke Morena ka sefela sena:
8Lebohang Morena,
le ipiletse ho yena,
phatlalatsang ketso tsa hae
hara ditjhaba.
9Mmineleng, mmineleng difela,
le boledise
mesebetsi ya hae yohle e hlollang.
10Ithoriseng ka lebitso
le halalelang la hae:
Pelo tsa bohle ba batlang Morena
di nyakalle.
11Ipatleleng Morena le matla a hae,
le ipatlele yena le sa kgaotse.
12Hopolang mesebetsi e hlollang
eo a e entseng,
dimakatso tsa hae
le kahlolo tsa hae,
13lona bana ba Iseraele,
mohlanka wa hae,
lona bana ba Jakobo,
mokgethwa wa hae.
14Ke yena Morena Modimo wa rona,
ke yena ya ahlolang lefatshe lohle.
15Kamehla o hopola selekane sa hae,
lentswe leo a le laetseng
meloko e sekete;
16selekane seo a se entseng,
a se etsa le Aborahama,
kano eo a e etseditseng Isaka,
17a ba a tiisetsa Jakobo
hore ke molao,
ke selekane sa hae le Iseraele
sa mehla yohle.
18A re: “Ke tla o nea
naha ya Kanana,
e be lefa leo o le abetsweng.”
19Ha ba ne ba sa le mmalwana,
e le baditjhaba naheng eo;
20ha ba ntse ba lelera
hara ditjhaba,
ba tloha mmusong o mong
ba eya ho o mong,
21Modimo ha a a ka a dumella motho
hore a ba tube,
mme ka baka la bona
a kgalemela dikgosi.
22A re: “Le se ke
la ama batlotsuwa ba ka,
le se ke
la etsa baporofeta ba ka hampe.”
23Lona ba lefatshe lohle
le ke le binele Morena,
ka letsatsi le letsatsi
le phatlalatse tsa ho pholosa ha hae.
24Bolelang tsa tlotla ya hae
hara ditjhaba,
le makatso tsa hae
hara merabe yohle.
25Morena o moholo,
o lokelwa ke thoriso e kgolo,
o tshabeha ho feta medimo yohle.
26Medimo yohle ya ditjhaba
ke ya bohata,
athe Morena yena o entse,
o entse mahodimo.
27Tlotla le hlompho di teng ho yena,
matla le kganya
di Sehalalelong sa hae.
28Thoholetsang Morena,
lona ditjhaba tsa mefutafuta,
thoholetsang tlotla
le matla a Morena.
29Thoholetsang tlotla
e lokelang lebitso la Morena,
tloong kapele ho yena
le mo nyehelleng,
kgumamelang Morena
le kgabile ka tse halalelang.
30Lefatshe lohle le thothomele
kapele ho yena!
O tiisitse lefatshe,
le ke ke la sisinyeha.
31Mahodimo a thabe,
fatshe le nyakalle,
hara matjhaba ho thwe:
“Morena ke yena kgosi!”
32Lewatle le hwase,
le tsohle tse ka ho lona,
naha e nyakalle,
le tsohle tse ho yona.
33Jwale difate, merung, di tla bina,
di binela Morena ho tla,
ha a etla ho ahlola lefatshe.
34Bokang Morena, hobane o molemo,
mohau wa hae
ke wa kamehla yohle.
35E reng:
“Modimo, mopholosi wa rona,
ako re pholose;
ako re phuthe,
ho baditjhaba o re namolele,
re tle re lebohe
lebitso le halalelang la hao,
ho boka wena
e be motlotlo wa rona.
36Ho bokwe Morena
Modimo wa Iseraele,
a bokwe jwale, le kamehla yohle.”
Setjhaba sohle sa re: “A ho ke ho be jwalo! Bokang Morena!”
37Yaba Davida o bea Asafo le bana babo kapele ho areka ya selekane sa Morena, hore ba nne ba sebeletse teng, ho ya kamoo mosebetsi wa letsatsi ka leng o leng kateng. 38A bea Obede-Edomo le bana babo ba mashome a tsheletseng a metso e robedi hore ba ba thuse. Bo-Obede-Edomo, mora wa Jedutune, le Hosa ya eba balebedi ba monyako.
39Kapele ho Tente ya Morena, pela aletare e sebakeng sa borapedi se Gibeone, Davida a bea moprista Sadoke le baprista ba bang ba habo hona teng, 40hore ba nne ba etsetse Morena dinyehelo tsa setjheso hodima aletare ya nyehelo ya setjheso hoseng le mantsiboya; ba etse tsohle tse ngotsweng Molaong wa Morena, oo a neng a o laele Baiserale. 41Ba ne ba ena le Hemane le Jedutune, le bohle ba neng ba kgethwe, ba bolelwa ka mabitso, hore ba boke Morena, “hobane mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” 42Bo-Hemane le Jedutune e ne e le bona ba okametseng baletsi ba diterompeta, le ba matlheretlhere, le ba diletsa tse ding, tse neng di letsetswa ho binela Modimo difela. Bara ba Jedutune e ne e le balebedi ba monyako.
43Setjhaba sohle sa qhalana, motho ka mong a ikela lapeng ha hae. Davida le yena a tsamaya ho ya hlohonolofatsa ba lelapa la hae.

Currently Selected:

1 DIKETSAHALO 16: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy